Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA

Naletsana

a Pele Mabolshevik a fetohela puso ka October 1917, Russia e ne e sebelisa almanaka ea khale ea Julius, empa linaha tse ngata li ne li sebelisa almanaka ea Gregory. Ka 1917 almanaka ea Julius e ne e le morao ho ea Gregory ka matsatsi a 13. Ka mor’a phetohelo, Masoviet a ile a sebelisa almanaka ea Gregory, ’me ho tloha ka nako eo Russia e ile ea sebelisa almanaka e tšoanang le e sebelisoang lefatšeng ka bophara. Leha ho le joalo, Kereke ea Orthodox e ile ea ’na ea boloka almanaka ea Julius bakeng sa mekete ea eona, e e bitsa almanaka ea “Boholo-holo.” U ka ’na ua utloa ho thoe Keresemese e ketekiloe ka la 7 January Russia. Leha ho le joalo, u hopole hore la 7 January almanakeng ea Gregory, ke la 25 December almanakeng ea Julius. Kahoo, Marussia a mangata a keteka matsatsi a latelang a phomolo: La 25 December ke Keresemese ea Linaha Tsa Bophirimela; la 1 January ke Letsatsi la Selemo se Secha leo e seng la bolumeli; la 7 January ke Keresemese ea Orthodox; la 14 January ke Letsatsi la Selemo se Secha la Boholo-holo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela