Naletsana
a Joaloka thapelo eo Jesu a ileng a e ruta, thapelo ea batho ba hlahetsoeng ke lefu e bitsoang Kaddish le eona e re lebitso la Molimo le halaletsoe. Le hoja ho e-na le phehisano mabapi le hore na Kaddish ke ea mehleng ea Kreste kapa pele ho moo, ha rea lokela ho makala ha re bona ho tšoana ho itseng pakeng tsa eona le thapelo ea Jesu. Morero oa thapelo ea Jesu e ne e se ho qapa ntho e ncha kapa e sa tloaelehang. Ntho ka ’ngoe e kōptjoang ho eona e ne e thehiloe Mangolong ao Bajuda bohle ba neng ba e-na le ’ona ka nako eo. Jesu o ne a khothalletsa Bajuda ba habo hore ba rapelle lintho tseo e lokelang ebe ba ’nile ba li rapella ho tloha khale.