Naletsana
c Lentsoe la Seheberu bakeng sa “tlhapi” le ile la fetoleloa ka Segerike e le “sebatahali se tšabehang sa leoatleng” kapa “tlhapi ea tonanahali.” Le hoja re se na mokhoa oa ho tseba hantle hore na phoofolo ena ea leoatleng e ne e le ea mofuta ofe, ho ’nile ha hlokomeloa hore Leoatleng la Mediterranean ho na le lishaka tse khōlō hoo li ka koenyang motho a ntse a feletse. Libakeng tse ling ho na le lishaka tse khōlō le ho feta; mofuta o mong oa shaka o ka ba bolelele ba limithara tse 15—esita le ho feta moo!