Naletsana
a Ho hlabela moeti konyana e ne e le ho bontša ho mo amohela. Empa ho utsoa konyana e ne e le tlōlo ea molao ’me kotlo ea teng e ne e le ho buseletsa ka tse ’nè. (Exoda 22:1) Ho latela Davida, monna oa morui o ile a bontša hore ha a na mohau ka hore a nke konyana ea mofutsana. Kahoo o ile a nka phoofolo ea monna oa mofutsana e neng e ka hlokomela lelapa la hae ka ho fana ka lebese, boea kapa ho mo qalla mohlape oa linku.