Naletsana
b Ha e le hantle sehalalelo e ne e le tente e khōlō e koahetseng foreimi ea lehong e likhutlo li ’nè. Leha ho le joalo, se ne se entsoe ka thepa ea boemo bo phahameng—matlalo a liqibi, masela a matle a khabisitsoeng le lehong le theko e boima le koahetsoeng ka silevera le khauta. Sehalalelo se ne se le ka har’a lebala le likhutlo li ’nè le neng le e-na le aletare e khōlō eo ho etsetsoang mahlabelo ho eona. Ha nako e ntse e e-ea, ho bonahala ho ile ha etsoa le liphaposi tse ling ka mahlakoreng a tabernakele tse tla sebelisoa ke baprista. Ho bonahala Samuele a ne a robala ho e ’ngoe ea liphaposi tseo.