Naletsana
c Tlaleho ena e fana ka mehlala e ’meli e bontšang ho se hlomphe. Taba ea pele, Molao o ne o boletse hore na ke likarolo life tsa nama ea sehlabelo tse lokelang ho jeoa ke baprista. (Deuteronoma 18:3) Empa baprista bao ba khopo bona ba ne ba etsa se fapaneng tabernakeleng. Ba ne ba re bahlanka ba bona ba kenye fereko e khōlō ka har’a pitsa e phehileng nama, ba nke nama leha e le efe e ntle e tlang e e hlabile! Taba ea bobeli, ha batho ba ne ba tlisa mahlabelo hore a tl’o chesetsoa aletareng, baprista bao ba khopo ba ne etsa hore bahlanka ba bona ba khahlapetse motho ea tlisitseng nyehelo, ba nke nama e tala le pele mafura a sehlabelo a ka nyeheloa ho Jehova.—Levitike 3:3-5; 1 Samuele 2:13-17.