Naletsana
a Litsebi tse ling tsa Bibele li lumela hore e ka ’na eaba poleloana e reng “letlalo bakeng sa letlalo” e fana ka maikutlo a hore ka boithati Jobo o ne a tla lumella liphoofolo tsa hae le bana ba hae hore ba lahleheloe ke matlalo a bona kapa bophelo, hafeela eena a ne a ka boloka letlalo la hae kapa bophelo. Tse ling li lumela hore poleloana ena e hatisa hore motho o ne a tla ikemisetsa ho lahleheloa ke karolo e ’ngoe ea letlalo hafeela a ne a ka pholosa bophelo ba hae. Ka mohlala, motho a ka ’na a thiba ka letsoho e le hore a se ke a otloa hloohong, ebe ka tsela eo o lahleheloa ke karolo e ’ngoe ea letlalo e le hore a pholose letlalo la hae. Ho sa tsotellehe hore na maele ao a ne a bolela’ng, ho hlakile hore a fana ka maikutlo a hore Jobo o ne a tla tela ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka pelo e tšoeu hafeela a ne a ka pholosa bophelo ba hae.