Naletsana
a Joalokaha re bala ho Liketso 20:29, 30, Pauluse o ile a re ka phuthehong ea Bokreste ho ne “ho tla hlaha batho ’me ba bue lintho tse sothehileng hore ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.” Histori e netefatsa hore ha nako e ntse e ea, phapang pakeng tsa baruti le balumeli ba bang e ile ea bonahala. Lekholong la boraro la lilemo C.E., “motho ea sa eeng ka molao” o ile a totobala, a hlahella e le sehlopha sa baruti ba Bokreste-’mōtoana.—Sheba Molula-Qhooa oa February 1, 1990, leqepheng la 10-14.