Naletsana
a Ho bua ’nete, ha ho na motho ea ka khonang ho iketsetsa liqeto a le mong empa ho ntse ho e-na le tsela eo a ka susumetsoang ka eona. Ho sa tsotellehe hore na motho o etsa qeto e kholo kapa e nyane, o e etsa a susumelitsoe ke batho ba bang ebang oa hlokomela kapa ha a hlokomele. Ho se ho le ho rona ho khetha hore na re batla ho susumetsoa ke mang.