Naletsana
b Ho romella melaetsa, lifoto kapa livideo tse ka etsang hore motho a batle ho etsa thobalano ho fosahetse. Ha Mokreste a etsa lintho tsena ho ka hlokahala hore komiti ea boahloli e sebetse taba ena ea hae. Libakeng tse ling ho etsa lintho tsena ke tlolo ea molao. Ha u batla ho tseba haholoanyane ka taba ena kena ho jw.org/st u batle sehlooho se reng “Ke Eng eo ke Lokelang ho e Tseba ka ho Romela Litšoantšo Tse Litšila ka Selefouno?” (Kena ho LITHUTO TSA BIBELE > BACHA.) U ka boela oa bala sehlooho se reng: “Kamoo U ka Buisanang le Ngoana oa Hao ka ho Romela Litšoantšo Tse Litšila ka Selefouno” se hlahang ho Tsoha! ea November 2013 leqepheng la 4 ho ea ho la 5.