Naletsana
a Na re tla lula re tšepahalla Jehova kapa re tla lumella Satane hore a re sitise? Karabo ea potso ena ha ea itšetleha ka hore na re hlaheloa ke mathata a boima hakae, empa e itšetlehile ka hore na re sireletsa lipelo tsa rona joang. Empa ha re bua ka “pelo” re bolela’ng? Hona Satane o leka ho silafatsa lipelo tsa rona joang? Rona re ka etsa’ng e le hore re li sireletse? Sehloohong sena re tl’o fumana likarabo tsa lipotso tsena.