Naletsana
a Batho ba kileng ba hlekefetsoa ka motabo ha e sa le bana, ba ka ’na ba tlameha ho mamella mathata a itseng ha lilemo li ntse li e-ea. Sehloohong sena re tl’o thusoa ho bona hore na ke hobane’ng ha ho le joalo. Re tla boela re bone hore na ke bo-mang ba ka ba tšelisang maemong ao. Re tla qetella ka ho hlahloba lintho tseo re ka li etsang ho ba tšelisa.