Naletsana
a Ka linako tse ling, bara le barali babo rona ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba ka ’na ba lokela ho khaotsa tšebeletso ea bona kapa ba fuoa kabelo e ncha. Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na ke mathata afe ao ba thulanang le ’ona le hore na ke lintho life tseo ba ka li etsang e le hore ba thabele likabelo tsa bona tse ncha. Re tla boela re bone hore na re ka ba khothatsa joang le ho ba tšehetsa, hape re tla hlokomela melao-motheo e ka re thusang kaofela ha ho e-ba le liphetoho maphelong a rona.