Naletsana
a Jehova ke Ntate ea lerato, ea bohlale le ea nang le mamello. Re khona ho bona makhabane ao tseleng eo a bopileng lintho tsohle ka eona le tšepisong eo a faneng ka eona ea ho tsosa bafu. Sehloohong sena, re tl’o araba tse ling tsa lipotso tseo re ka ’nang ra ipotsa tsona ka tsoho hape se tla boela se re thuse ho ananela lerato la Jehova, bohlale ba hae le mamello tseo a nang le tsona.