Naletsana
a E ka ba ntho e ntle ho hopola lintho tse re etsahalletseng nakong e fetileng. Empa haeba re ka nahana ka thata haholo ka tsona, re ka khaotsa ho sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle hona joale kapa ra lebala lintho tse ntle tse larileng ka pel’a rona. Sehlooho sena se tl’o bua ka lintho tse tharo tseo re lokelang ho li qoba tse ka etsang hore re nahane haholo ka lintho tse etsahetseng. Re tla tšohla tse ling tsa likeletso tse ka Bibeleng le mehlala ea Bakreste ba mehleng ena e ka re thusang ho li qoba.