Naletsana
a Ha monna a nyala, e ba hlooho ea lelapa. Sehloohong sena re tl’o bua ka hore na bohlooho ke eng, hobane’ng ha Jehova a entse hore bo be teng le hore na banna ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Jehova le Jesu ntlheng ena. Sehloohong sa bobeli re tla ithuta hore na monna le mosali ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Jesu le ho batho ba bang ba hlahang ka Bibeleng. Sehlooho sa boraro sona se tla tšetšetha taba ea bohlooho ka phuthehong.