Naletsana
a Sehloohong se fetileng re hlahlobile mabaka a mane ao ka ’ona batho ba mehleng ea Jesu ba neng ba sa mo amohele le hore na ke hobane’ng ha balateli ba hae ba hanyetsoa mehleng ena. Sehloohong sena re tl’o bua ka mabaka a mang a mane. Re tla boela re bone hore na ke hobane’ng ha batho ba ratang Jehova ba sa lumelle eng kapa eng ho ba khopisa.