Naletsana
a Kaha ha rea phethahala, re ka bua kapa ra etsa lintho tse ka utloisang Bakreste-’moho le rona bohloko. Re tlameha ho etsa’ng ha re le boemong boo? Na re ikemiselitse ho bopa khotso le bara le barali ba bo rona? Na re potlakela ho kopa tšoarelo? Na re itjoetsa hore haeba ba utloile bohloko, ke tabeng ea bona ha se ea rona? Kapa na re potlakela ho koatisoa ke lintho tseo batho ba li buang le ho li etsa? Na re ipehela mabaka a hore re ka tsela eo ebe re hana ho fetoha? Kapa na rea utloisisa hore re lokela ho etsa liphetoho?