Naletsana
a Kaofela ha rona re na le mathata. Kaha ha re khone ho rarolla mathata a rona hona joale, re lokela ho a mamella. Empa ha rea mamella re le bang. Jehova le eena o mamelletse lintho tse ngata. Sehloohong sena re tl’o bua ka lintho tse robong tseo a li mamelletseng. Re tla boela re bone hore na Jehova o finyelletse’ng ka ho ba le mamello le hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae.