Naletsana
a Na u kile oa utloa motho ea sebelelitseng Jehova ka nako e telele a re: ‘Ke ne ke sa nahana hore ke tla tsofala ke be mokana re ntse re phela lefatšeng lena le khopo’? Kaofela ha rona re batla hore Jehova a felise lefatše lena le khopo haholo nakong ena e thata. Leha ho le joalo, re lokela ho ithuta hore re be le mamello. Sehloohong sena re tl’o bona melao-motheo ea Bibele e tla re thusa hore re emele Jehova. Re tla boela re bue ka maemo a mabeli ao ho ’ona re lokelang ho emela Jehova ka mamello. Qetellong re bue ka lintho tse molemo tseo Jehova a li tšepisang batho ba ikemiselitseng ho mo letela ka mamello.