Naletsana
b SETŠOANTŠO: Haesale morali’abo rona a rapela Jehova ho tloha a sa le monyane. Batsoali ba hae ba ile ba mo ruta ho rapela e sa le ngoana. O ile a qala ho ba pula-maliboho e sa le mocha ’me o ne a lula a kopa Jehova hore a hlohonolofatse tšebeletso ea hae. Ka mor’a lilemo tse ngata, monna oa hae o ile a kula haholo ’me o ile a kopa Jehova ka tieo hore a mo fe matla ao a a hlokang ho mamella bothata bona. Hona joale ke mohlolohali ’me o ntse a tsoela pele ho rapela Jehova a kholisehile hore o tla arabela lithapelo tsa hae feela joalokaha a ile a li araba linakong tse fetileng.