Naletsana
a Lengolo la Tšenolo le sebelisa lintho tsa tšoantšetso ho re bolella hore na lira tsa Molimo ke bo-mang. Lengolo la Daniele lona le re thusa ho utloisisa hore na lintho tseo li bolela eng. Sehloohong sena re tl’o bapisa boprofeta bo bong ba Daniele le bo bong bo tšoanang le bona bo hlahang ho Tšenolo. Seo se tla re thusa ho tseba lira tsa Molimo. Ka mor’a moo, re tla hlahloba hore na ho tla etsahala eng ka tsona.