Naletsana
e LITŠOANTŠO: Mor’abo rona John o ntse a sebetsa ka mor’a lihora tsa mosebetsi. Ha a batle ho phoqa mong’a hae. Oa lumela kamehla ha mong’a hae a mo kopa hore a sebetse bosiu. Mor’abo rona Tom eo e leng mohlanka ea sebeletsang, o leetong la bolisa le moholo e mong hona mantsiboeeng ao. Tom o ile a hlalosetsa mong’a hae hore ka matsatsi a mang a ke ke a khona ho sebetsa mantsiboea hobane o batla ho sebelisa nako eo ho sebeletsa Jehova.