Naletsana
a Mehleng ena batho ba limilione ba akarelletsang banna, basali le bana, ba bolela molaetsa oa Bibele ka mafolo-folo. Na le uena u e mong oa bona? Haeba ho joalo, u sebetsa u tataisoa ke Morena oa rona Jesu Kreste. Sehloohong sena re tl’o hlahloba bopaki bo bontšang hore Jesu ke eena ea tataisang mosebetsi ona mehleng ena. Ho nahanisisa ka bopaki boo ho tla re thusa hore re ikemisetse ho tsoela pele re sebeletsa Jehova re tataisoa ke Kreste.