Naletsana
a Ka Labobeli la 4 April 2023, batho ba bangata lefatšeng lohle ba tla be ba ikhopotsa lefu la Kreste. Batho ba bang ba tla be ba qala ho ea Sehopotsong. Ba bang ba ileng ba tlohela ho sebeletsa Jehova le ho ea Sehopotsong ka lilemo tse ngata le bona ba tla be ba le teng. Maemo a batho ba bang a etsa hore ho be thata hore ba ee Sehopotsong, ho ntse ho le joalo ba khona ho ba teng. Ho sa tsotellehe hore na maemo a hao ke afe, u ka kholiseha hore Jehova o tla thabisoa ke hore u ba teng Sehopotsong.