Naletsana
b U ka fumana lintlha tseo tlas’a karolo ea “Banyalani le Batsoali” le tlas’a karolo ea “Bacha” ho jw.org/st. Mehlala ea lihlooho tse ka thusang banyalani ke tse latelang: “Kamoo U ka Bontšang Tlhompho” le “Tsela ea ho Bontša Kananelo.” Tse ka thusang batsoali ke tse reng “Kamoo U ka Buisanang le Bana ba Hao ka Joala Kateng” le “Tsela ea ho Buisana le Bana ba Lilemong Tsa Bocha.” Tse ka thusang bacha ke tse reng, “Kamoo U ka Hanelang Khatello ea Lithaka” le “Seo U ka se Etsang ha U Jeoa ke Bolutu.”