Labohlano, la 29 August
Ke ba tsebisitse lebitso la hao.—Joh. 17:26.
Jesu o ile a ruta batho hore lebitso la Molimo ke Jehova empa ha aa ka a fella moo. Bajuda bao a neng a ba ruta ba ne ba se ba ntse ba tseba lebitso la Molimo. Empa Jesu o ile a etella pele ho ‘hlalosa hore na Molimo ke mang.’ (Joh. 1:17, 18) Ka mohlala, Mangolo a Seheberu a re Jehova o mohau ebile o na le kutloelo-bohloko. (Ex. 34:5-7) Jesu o ile a hlalosa taba ena ka ho pharaletseng ha a ne a etsa papiso ea mora ea lehlasoa le ntate oa hae. Ha re bala ka ntate enoa ’me re utloa hore o ile a bona mora oa hae ea bakileng “a sa le hole,” a mo mathela, a mo haka a ba a mo tšoarela ho tsoa pelong, re bona ka ho hlakileng hore na Jehova o na le kutloelo-bohloko le mohau hakae. (Luka 15:11-32) Jesu o thusitse batho hore ba utloisise hore na hantle-ntle Ntate oa hae ke Molimo ea joang. w24.02 10 ¶8-9
Moqebelo, la 30 August
Ka matšeliso a tsoang ho [Molimo] re ka khona ho tšelisa ba bang.—2 Bakor. 1:4.
Jehova o khatholla le ho tšelisa ba imetsoeng, feela joalokaha metsi a hloekileng a seliba a khatholla ba nyoriloeng. Re ka etsisa Jehova joang ka ho utloela batho bohloko le ho ba tšelisa? Tsela e ’ngoe ke ka hore re loanele ho ba le makhabane a tla re thusa hore re utloele batho ba bang bohloko le ho ba tšelisa. Makhabane ao ke afe? Ke eng e tla re thusa hore re lule re ratana e le hore ‘re ’ne re tšelisane’ letsatsi le letsatsi? (1 Bathes. 4:18) Re lokela ho ba le makhabane a kang kutloelo-bohloko, lerato le mosa. (Bakol. 3:12; 1 Pet. 3:8) Makhabane aa a tla re thusa joang? Ha re utloela bana ba bo rona bohloko ebile re ba tsotella e le kannete, re tla ba le takatso e matla ea ho ba tšelisa ha ba e-na le mathata. Joalokaha Jesu a ile a cho, “motho o bua ntho e tletseng ka pelong ea hae. Motho ea lokileng o bua lintho tse ntle hobane ho tletse tsona ka pelong ea hae.” (Mat. 12:34, 35) Ho tšelisa bana ba bo rona ha ba e-na le mathata ke tsela ea bohlokoa ea ho bontša hore rea ba rata. w23.11 10 ¶10-11
Sontaha, la 31 August
Ba bohlale ke bona ba tla li utloisisa.—Dan. 12:10.
Re lokela ho kopa thuso haeba re batla ho utloisisa boprofeta ba Bibele. Nahana ka mohlala ona. A re re u etetse sebaka seo u sa se tsebeng empa motsoalle oa hao eo u tsamaeang le eena o se tseba hantle. O tseba hantle hore na le hokae le hore tsela e ’ngoe le e ’ngoe e ea hokae. U ne u tla thaba hore ebe motsoalle oa hao o lumetse ho tsamaea le uena. Ka tsela e tšoanang, Jehova o tšoana le motsoalle eo ’me o tseba bokamoso ba rona hantle. Kahoo, e le hore re utloisise boprofeta ba Bibele, re lokela ho ikokobetsa ’me re kope thuso ho Jehova. (Dan. 2:28; 2 Pet. 1:19, 20) Jehova o joaloka motsoali ea molemo, o batla hore re thabele bophelo nakong e tlang. (Jer. 29:11) Ha a tšoane le batho hobane ke motsoali ea khonang ho re bolella hantle hore na ho tl’o etsahala’ng nakong e tlang ebile o lula a nepile. Jehova o khethile batho hore ba ngole boprofeta ka Lentsoeng la hae e le hore re ka tseba ka liketsahalo tsa bohlokoa pele li etsahala.—Esa. 46:10. w23.08 8 ¶3-4