Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Bontša Lerato le Tlhompho Joaloka Monna
    Molula-Qhooa—1989 | May 15
    • Ho Bontša Lerato le Tlhompho Joaloka Monna

      “Leha ho le joalo, e mong le e mong ho lōna a fele a rate mosali oa hae joale ka ha a ithata.”—BA-EFESE 5:33.

      1, 2. (a) Tlhalo ke bothata ho isa hokae lefatšeng kajeno? (b) Ha ho bapisoa, ke boemo bofe hape bo teng?

      BOHARENG ba bo-1980, Psychology Today e ile ea tlaleha: “Hona joale balekane ba fetang millione ka selemo [U.S.A.] ba felisa litebello tsa bona tsa thabo e khaphatsehang ka tlhalo; ka karolelano bolelele ba lenyalo United States ke lilemo tse 9,4. . . . Ka sebele, ka linako tse ling ho bonahala eka ha ho ea thabileng moo lenyalong.” (June 1985) Ho nahana ka batho ba baholo le bana, bao bonyane ba ka bang 3 000 000 ka selemo ba angoa ke ho qhalana ha lenyalo naheng e le ’ngoe feela. Empa tlhalo ke bothata ba lefatše lohle, ho bontšang hore lerato le tlhompho lia haella manyalong a limillione.

      2 Ka lehlakoreng le leng, ho na le “sehlopha se seng [seo] se sekametseng ho hlokomolohuoa: balekane bao ka tsela e ’ngoe ba khonang ho lula hammoho, ba sa lumelleng letho haese lefu ka bolona hore le ba qhale.” (Psychology Today) Kahoo, ho boetse ho na le banyalani ba limillione ba sebetsang ka thata ho boloka lenyalo la bona le le hammoho.

      3. Ke lipotso life tseo re ka ’nang ra ipotsa tsona?

      3 Lenyalo la hao le joang? Na ho na le boikutlo bo mofuthu ba lerato le tlhompho pakeng tsa monna le mosali? Na lerato le joalo le teng pakeng tsa batsoali le bana ka lapeng la hao? Kapa ka linako tse ling u ee u iphumane u tsamaea tseleng e kotsi ea ho koetla lehloeo le ho se tšepane? Kaha ha ho le ea mong oa rōna ea phethahetseng, maemo a thata a ka ’na a hlaha lapeng lefe kapa lefe, esita le moo bohle ba lekang ho ba Bakreste, hobane “bohle ba sitiloe, ’me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo.”—Ba-Roma 3:23.

      4. Pauluse le Petrose ba bontša joang hore na ke mang ea nang le mosebetsi o ka sehloohong lelapeng le thabileng?

      4 Ka lebaka la ’nete ea hore mathata a ka hlaha lapeng lefe kapa lefe, ke mang ea nang le mosebetsi o ka sehloohong oa ho boloka lelapa le le tseleng ea khotso le ea kutloano? Baapostola Pauluse le Petrose ba fana ka karabelo ka keletso e tobileng e fumanoang mangolong a bona. Pauluse o ngotse: “Empa ke rata ha le ka tseba hoba hloho ea monna e mong le e mong ke Kreste, ’me hloho ea mosali ke monna, ’me hloho ea Kreste ke Molimo.” O boetse a re: “Ikokobetseng e mong ho e mong, le ntse le tšaba Kreste. Lōna basali, le ikokobetse ka tlas’a banna ba lōna, joale ka ha le ikokobetsa ho Morena; hobane Monna ke hloho ea mosali, joale ka ha Kreste le eena e le hloho ea Kereke.” (1 Ba-Korinthe 11:3; Ba-Efese 5:21-23) Ka tsela e tšoanang, Petrose o ngotse: “Ka mokhoa o tšoanang [ho latela mohlala oa Kreste], lōna basali, le ikokobeletse banna ba lōna.”—1 Petrose 2:21–3:1, NW.

      Kreste—Mohlala o Khathollang

      5, 6. Jesu Kreste ke mohlala joang bakeng sa ho sebelisa bohlooho?

      5 Tumellanong le keletso e boletsoeng ka holimo, monna ke hlooho ea Mangolo ea lelapa. Empa ke hlooho ka kutloisiso efe? Bohlooho bo lokela ho sebelisoa joang? Banna ba bang ba ka ’na ba nolofalloa ke ho batla tlhompho ka ho tsitlallela hore ke bona ‘lihlooho tsa malapa, le hore Bibele e rialo.’ Empa hoo ho tšoana le mohlala oa Kreste joang? Na ka boikhohomoso Kreste o ile a batla hore balateli ba hae ba mo hlomphe? Na ho na le moo re ka fumanang ka boikakaso a itseng: “Mora oa Molimo ke mang moo? Le lokela ho ntlhompha!” Ho fapana le hoo, Jesu o ile a ikhapela tlhompho. Joang? Ka mohlala oa hae o motle boitšoarong, puong le ho tšoara ba bang ka kutloelo bohloko.—Mareka 6:30-34.

      6 Kahoo senotlolo sa ho sebelisa bohlooho ka nepo joaloka monna le ntate ke ho latela mohlala oa Jesu Kreste. Le hoja ho se mohla Jesu a kileng a ba lenyalong, tsela eo a ileng a tšoara barutuoa ba hae ka eona ke mohlala ho banna. Ka sebele hoo ho hlahisa phephetso ho monna ofe kapa ofe, hobane Jesu ke mohlala o phethahetseng. (Ba-Heberu 4:15; 12:1-3) Leha ho le joalo, ha monna a e-ba haufi le mohlala oa Kreste, lerato le tlhompho tseo a li bontšang li tla teba haholoanyane. Kahoo, a re boneng haufi-ufi hore na Jesu e ne e le motho oa mofuta ofe.—Ba-Efese 5:25-29; 1 Petrose 2:21, 22.

      7. Jesu o ile a fa balateli ba hae eng, ’me e tsoa mohloling ofe?

      7 Ka nako e ’ngoe, Jesu o ile a re ho bongata: “Tlong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ’me ke tla le imolla [“khatholla,” NW]! Inkeleng joko ea ka, ’me le ithute ho ’na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ’me le tla fumanela meea ea lōna phomolo [“khatholoho,” NW]. Hobane joko ea ka e chatsi, le phahlo ea ka ha e na boima.” Joale, Jesu o ile a fa bamameli ba hae eng? Khatholoho ea moea! Empa khatholoho eo e ne e tla tsoa mohloling ofe? O ne a sa tsoa re: “Ha ho ea tsebang Ntate, ha e se Mora, le eo Mora a ratang ho mo koahollela eena.” Hona ho bontša hore Jesu o ne a tla fana ka khatholoho ea moea ka ho senolela balateli ba hae ba ’nete Ntate oa hae. Empa litlhaloso tsa Jesu li boetse li fana ka maikutlo a hore khatholoho e ne e tla ba teng ka ho kopanela le eena, kaha o ne a le “mosa le pelo e nolo.”—Mattheu 11:25-30.

      Mokhoa oa ho ba Banna le Bo-ntate ba Khathollang

      8. Ke ka litsela life monna le ntate a lokelang ho ba ea khathollang?

      8 Mantsoe a Jesu a re thusa ho bona hore monna oa Mokreste o lokela ho ba ea khathollang ho lelapa la hae litseleng tsa moea le tsa botho. Ka mohlala oa hae oa ho ba mosa le ho ruta ha hae, o lokela e be ea thusang lelapa la hae hore le tsebe Ntate oa leholimo hamolemo. Boitšoaro ba hae bo lokela ho bontša khopolo le liketso tsa Mor’a Molimo. (Johanne 15:8-10; 1 Ba-Korinthe 2:16) Hoa khatholla hore lelapa lohle le kopane le monna ea joalo hobane ke monna ea lerato, ntate ea lerato le motsoalle ea lerato. O tlameha ho atameleha ’me ho se be mohla a tšoarehileng haholo hore a ka bonoa. Ka sebele, o tlameha ho tseba mokhoa oa ho mamela, e seng feela ho utloa.—Jakobo 1:19.

      9. Ke bothata bofe bo amang baholo ka phuthehong ka linako tse ling?

      9 Hona ho hopotsa ka bothata boo ka linako tse ling bo amang baholo ba phutheho le malapa a bona. Hangata moholo o bolokoa a tšoarehile a shebile litlhoko tsa moea tsa phutheho. O lokela ho bea mohlala o motle mabapi le liboka tsa Bokreste, tšebeletso, le mosebetsi oa bolisa. (Ba-Heberu 13:7, 17) Leha ho le joalo, ha e le hantle, baholo ba bang ba etsa boikhathatso bo boholo haholo bakeng sa phutheho. Ha ba ntse ba etsa joalo ba hlokomoloha malapa a bona, ka linako tse ling ka liphello tse bohloko. Tabeng e ’ngoe moholo o ne a tšoarehile haholo hore a ka ithuta le mora oa hae. O ile a lokisetsa e mong hore a ho etse!

      10. Baholo ba ka leka-lekana joang ha ba sebelisa bohlooho ka phuthehong le lapeng?

      10 Mohlala oo o hatisa eng? Hore hoa hlokahala hore monna a boloke ho leka-lekana pakeng tsa boikarabelo ba phutheho le ho mosali oa hae le lelapa la hae. Ka mohlala, kamor’a liboka hangata baholo ba tšoareha ka mathata le lipuisano. Haeba ho khoneha hape ho sebetsa, na e ne e ke ke ea e-ba ho khathollang hore moholo ea joalo a etse litokisetso tsa hore motho e mong a ise mosali oa hae le bana hae, ho e-na le hore ba mo emele lihora-hora Holong ea ’Muso? Tumellanong le se hlokoang ke Bibele, ho ka thoe ‘bolisa bo qala lapeng.’ Haeba moholo a hlokomoloha lelapa la hae, a ka bea ho khethoa ha hae kotsing. Ka lebaka leo, baholo, nahanelang ’me le hopole litlhoko tsa maikutlo, tsa moea, le tse ling tsa malapa a lōna.—1 Timothea 3:4, 5; Tite 1:5, 6.

      11, 12. Monna oa Mokreste a ka fumana tšehetso ea lelapa la hae joang, ’me ke lipotso life tseo monna e mong le e mong a ka ’nang a ipotsa tsona?

      11 Monna oa Mokreste ea khathollang hape e ke ke ea e-ba ea sebelisang matla hampe kapa ea hatellang, a etsa liqeto ntle le ho bonana le lelapa la hae. Mohlomong qeto e lokela ho etsoa mabapi le ho fetola mosebetsi kapa moo lelapa le leng teng kapa esita le ntho e bonolo joaloka boikhathollo ba lelapa. Kaha litho tsohle tsa lelapa li tla ameha, na e ne e ke ke ea e-ba bohlale le ho ba mosa ho bonana le tsona kaofela pele? Maikutlo a tsona a ka ’na a mo thusa ho fihlela qeto e bohlale, le e nahanelang haholoanyane. Joale bohle ka lapeng ba tla nolofalloa ke ho mo tšehetsa.—Bapisa le Liproverbia 15:22.

      12 Ho latela se ka holimo, ho totobetse hore monna le ntate oa Mokreste hase feela setšoantšo se laeang ka lapeng. Hape e tlameha e be e le ea khathollang. Banna le bo-ntate, na le tšoana le Kreste? Na lea khatholla malapeng a lōna?—Ba-Efese 6:4; Ba-Kolosse 3:21.

      Ho Lula ho Ea ka Tsebo

      13. Petrose o fana ka keletso efe e ntle ho banna?

      13 Joalokaha ho se ho hlokometsoe, Petrose le Pauluse ba fa balekane ba lenyalong keletso e ntle. E le monna ea nyetseng, Petrose o ne a e-na le menyetla e ’meli keletsong ea hae—phihlelo le tataiso ea moea o halalelang. (Mattheu 8:14) O ile a lebisa keletso e tobileng ho banna bohle, a re: “Lōna banna, tsoelang pele le phelisana le bona ka mokhoa o joalo ho ea ka tsebo, le ba nehe hlompho kaha basali ke pitsa e fokolang.” Phetolelo e hlalositsoeng ea J. W. C. Wand e baleha tjena: “Banna ka tsela e tšoanang ba tlameha ho sebelisa melao-motheo ea Bokreste ka bohlale kamanong ea bona le basali ba bona.”—1 Petrose 3:7.

      14. Joale ho hlaha lipotso life?

      14 Joale, ho bolela eng ho lula le mosali “ho ea ka tsebo” kapa ho “sebelisa melao-motheo ea Bokreste ka bohlale”? Monna a ka neha mosali oa hae tlhompho joang? Hantle, monna oa Mokreste o lokela ho utloisisa keletso ea Petrose joang?

      15. (a) Ke hobane’ng ha manyalo a mang a hlōleha? (b) Phephetso ea sebele ke efe lenyalong?

      15 Manyalo a mangata a theiloe feela holim’a litšobotsi tsa ’mele le khoheli ea botona le botšehali. Empa, lenyalo le tšoarellang le ke ke la tiisoa motheong oa ponahalo e ntle feela, hobane tsena hase tsa nako e telele. Moriri o moputsoa le masoebe li qetella li tšoara bao e leng khale ba nyalane lilemo tse ngata. Empa hopola hore lenyalo ke ho kopanya likelello tse peli, batho ba babeli, limelo tse peli le litekanyetso tsa moea tsa ba babeli, le maleme a mabeli. Hona ho hlahisa phephetso e khōlō! Empa, ho utloisisa sena ke habohlokoa lenyalong le thabileng.—Liproverbia 17:1; 21:9.

      16. ‘Ho lula le eena ho ea ka tsebo’ ho akarelletsa eng?

      16 Har’a lintho tse ling, hore monna oa Mokreste a lule le mosali oa hae “ho ea ka tsebo” ho bolela hore o hlile o lokela ho utloisisa seo a se hlokang. Tsena hase lintho tseo a li hlokang nameng feela empa, habohlokoahali, litlhoko tsa hae tsa maikutlo, tsa kelello, le tsa moea. Haeba a ‘lula le eena ho ea ka tsebo,’ o tla utloisisa mosebetsi oo a o filoeng ke Molimo. Hape ho tla bolela hore o hlompha seriti sa hae sa bosali. Sena ke se khahlanong haholo le pono e neng e khomaretsoe ke Magnostic a mang a mehleng ea Petrose, e ’ngoe ea tsona ke hore “basali ba ne ba nyelisoa e le libōpuoa tse tlaasana, tsa nama, le tse litšila.” (The Anchor Bible) Phetolelo ea kajeno ea Sepanishe e ngola mantsoe a Petrose tjena: “Mabapi le banna: e bang le bohlale bophelong boo le bo arolelanang, le bontša ho nahanela mosali, ka baka la ho ba oa sebōpeho se tetemang.” (Nueva Biblia Española) Ena ke ntlha ea bohlokoa eo banna ka linako tse ling ba e lebalang.

      17. (a) Har’a litšobotsi tse ling, ho akarelletsa eng ‘sebōpehong se tetemang’ sa ‘mosali pitsa e fokolang’? (b) Ke tsela efe e ’ngoe eo monna a ka bontšang ho hlompha seriti sa mosali oa hae ka eona?

      17 Ke hobane’ng ha mosali e le “oa sebōpeho se tetemang”? Har’a lintho tse ling, ka baka la mpho ea hae ea ho etsa bana. Bophelo ba hae ba ho etsa bana bo itšetlehile ka ho potoloha ha linako tsa khoeli le khoeli hoo ho akarelletsang nako ea matsatsi a ’maloa ao a ka ’nang a ikutloa a batla a nyahame kapa a le tlas’a khatello. Haeba monna a hlōlela ho hopola sena ’me a batla litšoanelo ho mosali oa hae letsatsi le leng le le leng la khoeli, o tla hlōleha ho hlompha seriti sa hae. Ka tsela eo o tla be a bontša hore o phela le eena ho ea ka ho hloka tsebo ha boikhabi, ho e-na le ka tsebo.—Levitike 18:19; 1 Ba-Korinthe 7:5.

      Ho Neha Mosali Tlhompho Joaloka Pitsa

      18. (a) Banyalani ba bang ba oela tloaelong efe e fosahetseng? (b) Monna oa Mokreste o lokela ho itšoara joang?

      18 Tsela e ’ngoe eo ka eona monna a ka bontšang lerato le tlhompho ho mosali oa hae ke ka ho bontša le ho bolela kananelo ka eena le bakeng sa litšoaneleho tsa hae. Monna a ka ’na a tloaela ho etsa lipolelo tse nyelisang ka mosali oa hae kapa a ka ’na a soasoa ka eena. Mohlomong monna ea joalo o nahana hore hona ho thusa ho mo hlahisa hantle. Leha ho le joalo, ha e le hantle, phello e fapane le hoo, hobane haeba a sa khaotse ho etsa hore mosali oa hae a bonahale e le sethoto, potso e hlakileng ke hore: Ke hobane’ng ha a ile a nyala mosali ea sethoto hakaalo? Ka sebele, ho ka bonahala eka ke monna ea sa sireletsehang feela ea tla retelehela ho maqheka a joalo. Monna ea lerato o hlompha mosali oa hae.—Liproverbia 12:18; 1 Ba-Korinthe 13:4-8.

      19. Ke hobane’ng ha e ke ke ea e-ba ho loketseng hore monna a nyenyefatse mosali oa hae?

      19 Linaheng tse ling, banna ba bile ba na le tloaelo ea ho nyenyefatsa basali ba bona e le mokhoa o bonahalang eka ke boikokobetso. Ka mohlala, Monna oa Lejapane o tla tsebisa batho mosali oa hae ka lentsoe “Gusai,” le bolelang ‘mosali oa leoatla kapa ea sethoto.’ Sepheo sa hona ke hore motho e mong o lokela ho leka-lekanya boemo ka polelo e tlatsetsang ka se molemo ka mosali eo. Haeba monna oa Mokreste a etsa pontšo ea mofuta ona, na ka sebele o ‘neha mosali oa hae tlhompho’ joalokaha Petrose a elelitse? Ha ho talingoa litaba ka lehlakoreng le leng, na ka sebele o bua ’nete ho moahelani oa hae? Na ka ’nete o lumela hore mosali oa hae ke sethoto?—Ba-Efese 4:15, 25, NW; 5:28, 29.

      20. (a) Ke boemo bofe bo hanyetsanang bo ka ’nang ba hlaha pakeng tsa monna le mosali? (b) Bo ka qojoa joang?

      20 Ka linako tse ling monna o tla bontša ho haelloa ke lerato le tlhompho ka hore a lebale hape hore mosali oa hae ke khaitseli ea hae ea Mokreste, e seng feela Holong ea ’Muso empa le lapeng le ka nako tsohle. Ho bonolo hakaakang ho ba mosa le ho ba le mekhoa e metle holong ’me hae u be ea mantsoe a hlabang le ea bohale bo sa laoleheng! Kahoo keletso ea Pauluse ke e loketseng hakaakang! O ngotse: “A re ke re batleng ke hona litaba tse hlahisang khotso, le tseo re ka hahisanang hammoho ka tsona.” “Motho ka mong ho rōna a khahlise ngoan’abo [“moahelani,” NW] ka ho ’matlela se molemo ho eena, se ka mo hahisang.” (Ba-Roma 14:19; 15:2) Ha ho moahelani ea haufi-ufi ho feta monna kapa mosali.

      21. Banna ba ka etsa eng ho khothatsa basali ba bona?

      21 Kahoo, monna ea lerato oa Mokreste o tla bontša kananelo ho mosali oa hae ka mantsoe le ka liketso. Joalokaha seroki se seng se sa tsejoeng se boletse tjena:

      “Har’a matšoenyeho a ntoa ea lenyalong

      Ho sa tsotellehe ho sebetsa ka thata le bophelo ba khoebo

      Haeba u nka mosali oa hao ea ratehang e le oa bohlokoa—

      ’Molelle joalo! . . . 

      U oa hae ’me u oa hae a le mong;

      Ua tseba hore ke oa hao feela;

      U se emele ho ngola seo lejoeng—

      ’Molelle joalo!”

      Maikutlo ana ka ho hlakileng a tšehetsoa ke ’mè oa Morena Lemuele oa boholo-holo. Hanyenyane, o hlalosa mosali ea khabane ka mantsoe ana: “Bara ba hae ka ho lumellana ba ’mitsa ea thabileng; le monna oa hae, ’me o ’minela lithoriso: ‘Basali ba bangata ba bontša kamoo ba leng khabane ka teng; empa u ba feta bohle.’” (Liproverbia 31:1, 28, 29, The New English Bible) Banna, na ka mehla le rorisa basali ba lōna, kapa hoo e ne e mpa e le feela bakeng sa lefereho?

      22, 23. Lenyalo le atlehileng le theoa holim’a eng?

      22 Tlhahlobong ena e khutšoanyane, ho totobetse hore bakeng sa hore monna a bontše lerato le tlhompho lenyalong la hae, ha hoa lekana ho tlisa moputso lapeng feela. Lenyalo le atlehileng le theiloe kamanong e lerato, ea botšepehi, le ea ho nahanela. (1 Petrose 3:8, 9, NW) Ha lilemo li ntse li feta, kamano ena e lokela ho teba ha monna le mosali ba ananela e mong melemo ea e mong le matla a hae le ho ithuta ho hlokomoloha le ho tšoarelana mefokolo ea e mong ho e mong.—Ba-Efese 4:32; Ba-Kolosse 3:12-14.

      23 Haeba monna a etella pele ho bontša lerato le tlhompho, lelapa lohle le tla hlohonolofatsoa. Empa mosali oa Mokreste o lokela ho phetha mosebetsi ofe lelapeng le thabileng? Sehlooho se latelang se tla e tšohla le lipotso tse amanang le eona.

  • Ho Bontša Lerato le Tlhompho Joaloka Mosali
    Molula-Qhooa—1989 | May 15
    • Ho Bontša Lerato le Tlhompho Joaloka Mosali

      “Mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.”—BA-EFESE 5:33, “NW.”

      1. Ho hlaha lipotso life mabapi le boemo ba kajeno ba lenyalo?

      MEHLENG ena ea kajeno ea ho ipusa le “tokoloho,” tsela e tloaelehileng eo lenyalo le talingoang ka eona e nonyetsehile habohloko. Malapa a limillione a lokela ho sebetsa a haelloa ke ntate kapa ’mè. Ho phela hammoho ntle ho molemo oa lenyalo la molao ho fetohile tloaelo ea ba bangata. Empa na hoo ho lebisitse moo mosali le ’mè a sireletsehileng haholoanyane? Na ho fane ka botsitso bakeng sa bana? Hape na ho qhalana hoo ha litekanyetso ho lebisitse tlhomphong e khōloanyane ka hare ho tokisetso ea lelapa? Ho fapana le moo, Lentsoe la Molimo le buella eng?

      2. Ke hobane’ng ha ho ne ho se molemo hore Adama a ’ne a be mong?

      2 Ha Molimo o bolela sepheo sa oona sa ho bōpa mosali oa pele, o itse: “Ha ho molemo hoba motho [“monna,” NW] a lule a ’notši.” ’Me ka mor’a ho bona malapa a liphoofolo—tse tona le tse tšehali le malinyane a tsona—boikutlo ba Adama bo tlameha bo ile ba lumellana le polelo eo. Le hoja a ne a phethahetse ’me a le paradeiseng e khotsofatsang, Adama o ne a haelloa ke botsoalle ba motho e mong ea kang eena. O ne a filoe bohlale le puo, empa ho ne ho se sebōpuoa se seng sa mofuta oa hae seo a neng a ka arolelana le sona limpho tseo. Empa, haufinyane boemo bo ne bo tla fetoha, hobane Molimo o ile oa re: “Ke tla mo etsetsa mothusi, e le motlatsi oa hae.”—Genese 2:18-20, NW.

      3. (a) Eva e ne e le oa “mofuta” oa Adama joang? (b) Ho bolela eng ho monna hore a ‘khomarele’ mosali oa hae?

      3 Jehova o ile a bōpa mosali Eva ka ho sebelisa e ’ngoe ea likhopo tsa Adama e le motheo. Kahoo, Eva e ne e le oa “mofuta” o tšoanang le Adama. E ne e se phoofolo e tlaasana empa e ne e le “lesapo la masapo a [hae], ke nama ea nama ea [hae].” Tumellanong le hoo, tlaleho e bululetsoeng e re: “Ka baka lena, monna o tla tlohela ntat’ae le ’m’ae, o tla khomarela mosali oa hae, ’me e tla ba nama e le ’ngoe feela.” (Genese 2:23, 24) Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “khomarela” ha e le hantle le bolela “ho momahana, ho namathela, haholo-holo ka tieo, joalokaha eka ke ka boka.” (Hebrew and Chaldee Lexicon to the Old Testament Scriptures ea Gesenius) Hona ka sebele ho fetisa khopolo ea hore monna le mosali ke metsoalle e ke keng ea aroloa. Seithuti se seng se bolela hore “ho bolela ho fetang kopano ea botona le botšehali ea monna le mosali ’me ho atolohela kamanong eohle.” Kahoo, lenyalo hase monate o inahaneloang o fetang. Ke kamano ea nako e telele. ’Me moo ho nang le tlhomphano le seriti, bonngoe boo, le hoja mohlomong ka linako tse ling bo utloa bohloko, e lokela ho ba bo ke keng ba khaoha.—Mattheu 19:3-9.

      4. Ke ka kutloisiso efe mosali e neng e le mothusi le motlatsi oa monna?

      4 Molimo o itse mosali e ne e tla ba mothusi oa monna le motlatsi oa hae. Kaha ba entsoe ka setšoantšo sa Molimo, o ne o tla ba lebella hore ba bontše litšoaneleho tsa hae—toka, lerato, bohlale, le matla—kamanong ea bona e mong ho e mong. Kahoo, Eva e ne e tla ba “motlatsi,” e seng ea hlōlisanang le e mong. Lelapa le ne le ke ke la tšoana le sekepe se nang le baqhobi ba babeli ba hlōlisanang, empa bohlooho bo ne bo tla sebelisoa ke Adama.—1 Ba-Korinthe 11:3; Ba-Efese 5:22-24; 1 Timothea 2:12, 13.

      5. Banna ba bangata ba tšoere basali joang, hona na hoo ho amoheloa ke Molimo?

      5 Leha ho le joalo, bofetoheli le sebe tsa batho ba babeli ba pele khahlanong le bohlooho ba Molimo bo lerato li ile tsa fetisa tlhophiso e fapaneng bakeng sa ho thea lelapa la bona le malapa ’ohle a tlang. Ka ho tseba esale pele liphello tsa sebe sa bona le phello ea sona holim’a batho, Jehova o ile a re ho Eva: “Litakatso tsa hao li tla ba ho monna oa hao, ’me u tla busoa ke eena.” (Genese 3:16) Ka bomalimabe, ka makholo a lilemo banna ba bangata ba ’nile ba busa basali ba bona ka mokhoa o hatellang. Basali ba ’nile ba ’me ba ntse ba tlotlolloa le ho nyelisoa ka litsela tse ngata lefatšeng lohle. Empa, joalokaha re bone sehloohong se fetileng, ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ha ho fane ka motheo oa hore ba batona e be ba hatellang. Ka lehlakoreng le leng, e hatisa bohlokoa ba tlhompho e tebileng.

      Tlhompho e Tebileng—Phephetso

      6, 7. (a) Banna ba sa lumelang ba ka hapeloa ’neteng joang? (b) Ho ka etsahala joang hore e be mosali o hlōleha ho bontša “tlhompho e tebileng” ho monna oa hae ea sa lumelang?

      6 Moapostola Petrose o ile a qaqisa mohlala oa Kreste boitšoarong ’me a hlalosa hore Jesu o re sietse ‘mohlala oa hore re hate moo a hatileng teng.’ Eaba Petrose oa bolela: “Ka mokhoa o tšoanang, lōna basali, le ikokobeletse banna ba lōna, e le hore, haeba bafe kapa bafe ba sa utloe lentsoe, ba mpe ba hapuoe ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona, ka hobane e bile lipaki tse boneng ka mahlo boitšoaro ba lōna bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng.” (1 Petrose 2:21–3:2, NW) Basali ba Bakreste ba ka bontša “tlhompho e tebileng” ee joang?

      7 Ba bangata ba bo-khaitseli ba rōna ba Bakreste ba na le banna ba sa lumelang le bao ka linako tse ling ba hanyetsang. Na joale maemo aa a bolela hore keletso ea Petrose ha e-na thuso, ke lefeela? Che, boikokobetso le tlhompho lia hlokahala esita le haeba “bafe kapa bafe ba sa utloe lentsoe.” Kahoo, na e ne e tla ba pontšo ea tlhompho e tebileng haeba mosali oa Mokreste ea nang le monna ea hanyetsang a ea Holong ea ’Muso ’me a bua ka eena, a phetela bo-khaitseli ba bangata ka phuthehong kamoo monna oa hae a mo tšoereng hampe ka teng? Haeba a ne a ka etsa joalo ka moena kapa khaitseli ka phuthehong, ho ne ho tla bitsoa eng? Ho bua ka motho e mong hampe, kapa mohlomong esita le ho seba. Kahoo, hase bopaki ba tlhompho e tebileng hore mosali a bue ka monna oa hae ea sa lumelang hampe. (1 Timothea 3:11, TLP; 5:13, TLP) Empa, ho lokela ho hlokomeloa hore bo-khaitseli ba bang ba hanyetsoang ba na le bothata bo tebileng. Tharollo ea Bokreste ke efe? Ba ka ea ho baholo ’me ba batla thuso ea bona le keletso ea bona.—Ba-Heberu 13:17.

      8. Monna ea hanyetsang e ka ’na eaba o nahana eng?

      8 Baholo ba ka sebelisana ka bohlale le monna ea hanyetsang joang? Pele ho tsohle, ba ka leka ho sheba boemo ka tsela eo a bo talimang ka eona. Ho befa ha hae ka mantsoe le ka ho otla ho ka hlohlelletsoa ke boitšoaro bo bakoang ke lintho tse tharo tse amanang le ho hloka tsebo ho tlisang tšabo ’me joale sena se etsa hore a itšoare ka mokhoa o mabifi. Hoo ho etsahala hobane’ng? Ka linako tse ling monna o tseba hanyenyane kapa ha a tsebe letho ka Lipaki tsa Jehova ntle le seo a se utloang ho basebetsi ’moho le eena ba nang le leeme. Oa tseba hore pele mosali oa hae a qala ho ithuta Bibele e ka ’na eaba o ne a amehile ka ho felletseng ka eena le bana ba bona. Le hoja e ka ’na eaba hona joale ke mosali le ’mè ea molemo haholoanyane, boikutlo ba monna ke ho re: ‘Ka beke o ntahla ka makhetlo a mararo ho ea libokeng tseno. Ha ke tsebe hore na ho etsahalang libokeng tseno, empa ho na le banna ba bang ba shebahalang hantle holong mono, ’me . . . ’ E, ho hloka tsebo ha hae ho ka ’na ha etsa hore a boulele ’me a be le tšabo. E be ho tla bohato ba ho itšireletsa. Moo ho lemohuoang maikutlo ana, baholo ba ka thusa joang?—Liproverbia 14:30; 27:4, NW.

      9. Ke katamelo efe e bohlale e ka ’nang ea sebelisoa ho banna ba bang ba sa lumelang, ’me hoo ho ka ’na ha e-ba le phello efe?

      9 Mohlomong e mong oa baholo a ka etsa hore a tsebe monna eo ka ho mo tloaela. (1 Ba-Korinthe 9:19-23) Monna eo e ka ’na eaba o na le tsebo ea metlakase, ke ’metli oa mapolanka, kapa ke ea pentang. A ka ’na a utloisisa ho sebelisa tsebo eo ho thusa bothateng bo teng Holong ea ’Muso. Ka tsela eo o tla khona ho bona ka hare ho Holo ea ’Muso a sa ikutloe a tlamehile ka tsela leha e le efe ho ea sebokeng. Ha a ntse a tloaela baena, boikutlo ba hae ho mosali oa hae le ’nete bo ka ’na ba nolofala. Ka ho bona lerato le moea oa tšebelisano ka phuthehong, a ka ba a ’na a qala ho tlisa mosali oa hae libokeng. Joale, joalokaha ntho e ’ngoe e isa ho e ’ngoe, a ka ’na a kena ka holong nakong ea seboka ho tla mamela ka nakoana. Ka pele, a ka kōpa thuto ea Bibele. Sena sohle se ka finyelloa ’me ka linako tse ling se ’nile sa finyelloa. Ho na le banna ba lumelang ba likete kajeno, re leboha lerato le joalo le bohlale le “tlhompho e tebileng” ea mosali.—Ba-Efese 5:33, NW.

      O Lebela Ntlo ea Hae

      10, 11. Ke litšobotsi life tse sa tšoaneng tsa mosali ea khabane tse hlalosoang ke Morena Lemuele? (Li hlahlojoe ka ho arohana.)

      10 Morena Lemuele o ile a fumana keletso e ntle ho ’m’ae ka litšoaneleho tsa mosali ea khabane. (Liproverbia 31:1) Tlhaloso ea hae ho Liproverbia 31:10-31 ea mosali le ’mè ea sebetsang ka thata e tšoanela hore e baloe ka hloko. Ka ho hlakileng o ne a e-na le phihlelo ea ho sebelisa melao-motheo e lokileng ea Molimo le ho bontša tlhompho e tebileng.

      11 Lemuele o ngola hore “mosali ea khabane” ke ea ka tšepjoang, ea tšepahalang, le ea nang le boitelo. (Litemana 10-12) O sebetsa ka thata ho fepa le ho hlokomela monna oa hae le bana. (Litemana 13-19, 21, 24) O mosa hape oa fana ho ba hlokang ka ’nete. (Temana 20) Ka ho hlompha ha hae le boitšoaro ba hae bo botle, o phaella botumong ba monna oa hae bo botle. (Temana 23) Hase ea lulang a bua ka batho kapa ea senyang ka ho nyatsa-nyatsa. Ho fapana le hoo, ka leleme la hae oa haha hape oa folisa. (Temana 26) Kaha ha a botsoa, o na le ntlo e hloekileng, e laolehileng. (Temana 27) (Ha e le hantle, ntlo ea Mokreste e lokela ho ba e ’ngoe ea a hloekileng ka ho fetisisa tikolohong eo.) Monna oa hae le bana ba bontša teboho ’me ba mo rorisa. Ba ka ntle ho lelapa le bona ba ananela litšoaneleho tsa hae. (Litemana 28, 29, 31) Botle ba hae hase ba letlalo; ke botle ba mosali ea tšabang Molimo ea nang le botho ba bomolimo.—Temana 30.

      Moea o Mosa le o Bonolo

      12. Ke eng ‘ntho ea bohlokoa mahlong a Molimo,’ ’me maele a Sepanishe a totobatsa ntlha ee joang?

      12 Ntlha ena ea ho qetela e phetoa ke Petrose ha a eletsa mosali oa Mokreste hore a se ke a ela hloko ka ho fetisisa ponahalo ea hae ea ka ntle. Oa phehella: “Le hlophise motho ea ka sephiring, e leng oa pelo, ka khabo e sa senyeheng ea moea o mosa, o bonolo; hlopheho eo hase le ho rateha [“ke ntho ea bohlokoa mahlong,” NW] ho Molimo.” (1 Petrose 3:3, 4) Hlokomela ntlha ea hore ‘moea o mosa, o bonolo ke ntho ea bohlokoa mahlong a Molimo.’ Kahoo, mosali le ’mè oa Mokreste ea nang le moea o joalo ha a thabise monna oa hae feela empa, habohlokoahali, o thabisa Molimo, joalokaha ho entse basali ba tšepahalang ba mehleng ea boholo-holo. Botle bona ba kahare bo boetse bo bontšoa maeleng a Sepanishe: “Mosali ea motle o thabisa mahlo; mosali ea molemo o thabisa pelo. Haeba oa pele ke lehakoe, oa ho qetela ke letlotlo.”

      13. Ke phello efe e khathollang eo mosali a ka bang le eona ho bana ba hae?

      13 Mosali oa Mokreste e ka ba ea khathollang ho bohle ba lelapa la hae. (Bapisa Mattheu 11:28-30.) Ha bana ba hlokomela hore o hlompha monna oa hae, ba tla bontša tlhompho eo ha ba sebelisana le batsoali ba bona le ba kantle ho lelapa. Ka baka leo, bana ba Bakreste ba tla ba mosa le ho nahanela. ’Me ke ho khathollang hakaakang ha bana ba ithaopela ho etsa mesebetsi ea lelapa ho e-na le ho qobelloa hore ba e etse! Ho hloka boithati ha bona ho tlatsetsa thabong ea lelapa, ’me ho bososela ha ’mè a amohela ke moputso o moholo.

      14. Ho hlokahala ha taeo ho ka ’na ha isa phephetsong efe?

      14 Empa ho thoe’ng ka linako tse ling ha taeo e hlokahala? Joaloka batsoali ba bona, bana ba etsa liphoso. Ka linako tse ling ha ba utloe. ’Mè oa Mokreste o tla itšoara joang haeba ntate a le sieo? Na o tla tsoela pele ho hlompha seriti sa bana ba bona? Kapa o tla ba halefela le ho ba kharumela a leka hore ba mo utloe? Na ngoana o ithuta ka ho phahama ha lentsoe? Kapa lentsoe le bonolo, la ho beelana mabaka le na le phello e kholoanyane?—Ba-Efese 4:31, 32.

      15. Bafuputsi ba fumane eng ka bana ba utloang?

      15 Ha o hlalosa ka kutlo ea bana, makasine oa Psychology Today o itse: “Ho latela thuto ea haufinyane tjena, ha u bolella bana hore ba se ke ba etsa ntho e itseng ka lentsoe le phahameng, ke ha joale ba tla reteleha ’me ba etse sona seo u sa rateng ha ba se etsa.” Ka lehlakoreng le leng, bafuputsi ba fumane hore ha batho ba baholo ba bua ka bonolo, bana ba sekamela ho utloa ntle le hore ba tsila-tsile haholo. Ha e le hantle, ke habohlokoa haholo ho behelana mabaka le ngoana ho e-na le ho mo khopisa ka litaelo tse sa feleng tsa thuto.—Ba-Efese 6:4; 1 Petrose 4:8.

      Tlhompho Kamanong ea Nama

      16. Mosali a ka bontša ho nahanela litlhoko tsa monna oa hae tsa maikutlo joang, ’me e le ka molemo ofe?

      16 Feela joalokaha monna a lokela ho bontša ho nahanela mosali oa hae ka baka la hobane e le oa sebōpeho se tetemang haholoanyane, le mosali o lokela ho hlokomela seo monna oa hae a se hlokang maikutlong le likamanong tsa botona le botšehali. Bibele e bontša hore monna le mosali oa hae ba lokela ho thabelana le ho khotsofatsana. Hoo ho hloka ho ela hloko seo e mong a se hlokang le maikutlo a hae. Ho khotsofatsana hona ho tla boetse ho thusa ho tiisa hore ha ho molekane eo leihlo la hae le lelerang leo le ka isang hore le ’mele le oona o lelere.—Liproverbia 5:15-20.

      17. Monna le mosali ba lokela ho talima ho fana ka litokelo tsa lenyalo joang?

      17 Ka sebele, moo ho hlomphana ho leng teng, ha ho molekane ea tla sebelisa litlhoko tsa botona le botšehali e le sebetsa kelellong. E mong le e mong o lokela ho neha e mong litokelo tsa lenyalo, ’me haeba ho e-na le ho timana ka nakoana, e lokela e be ka tumellano. (1 Ba-Korinthe 7:1-5) Ka mohlala, ka linako tse ling monna a ka ’na a ba sieo ka mosebetsi oa nakoana oa kaho ofising ea lekala ea sebaka ka seng ea Mokhatlo oa Watch Tower kapa ka morero o mong oa puso ea Molimo. Tabeng eo o lokela ho tiisa hore mosali oa hae o lumetse ka pelo eohle. Karohano e joalo le eona e ka tlisa mahlohonolo a moea lapeng leo, ke hore, ka sebōpeho sa liphihlelo tse khothatsang tse phetiloeng ke monna ka mor’a hore a khutlele hae.

      Mosebetsi oa Bohlokoa oa Bo-khaitseli

      18. Ke hobane’ng ha mosali oa moholo a e-na le boikarabelo bo boholoanyane?

      18 Moo monna oa mosali oa Mokreste e leng moholo, mosali o na le boikarabelo bo boholoanyane. Pele, ho batloa ho hongata ho monna. O ikarabella ho Jehova bakeng sa boemo ba moea ba phutheho. (Ba-Heberu 13:17) Empa joaloka mosali oa moholo ’me mohlomong a bile a le moholo ka boeena, mohlala oa hae oa ho hlompha le oona ke oa bohlokoa. (Bapisa 1 Timothea 5:9, 10; Tite 2:3-5.) ’Me ke mohlala o motle hakaakang oo basali ba bangata ba baholo ba o behang ho tšehetsa banna ba bona! Hangata monna o lokela ho ba sieo a shebane le litaba tsa phutheho, ’me mohlomong taba-tabelo ea mosali e-ea phahama. Leha ho le joalo, ka botšepehi mosali oa bomolimo ha a phenya-phenye litaba tsa phutheho joaloka ea itšunyakang litabeng tsa ba bang.—1 Petrose 4:15, TLP.

      19. ‘Ho busa ntlo’ ho ka ’na ha akarelletsa eng bakeng sa moholo?

      19 Leha ho le joalo, moholo a ka ’na a lokela ho eletsa mosali oa hae haeba a bontša maikutlo a sa haheng kapa haeba a sa behele bo-khaitseli ba bang mohlala o motle. ‘Ho busa ntlo hantle’ ha ho akarelletse bana feela empa le mosali. Ho sebelisa tekanyetso ena ea Mangolo ho ka ’na ha leka boikokobetso ba basali ba bang.—1 Timothea 3:4, 5, 11; Ba-Heberu 12:11.

      20. Bolela mehlala e meng e metle ea bo-khaitseli ba lenyalong le ba sa nyaloang mehleng ea boholo-holo le kajeno. (Bona “Life Stories of Jehovah’s Witnesses” ho Watch Tower Publications Index 1930-1985.)

      20 Bo-khaitseli ba sa nyaloang le bona ba ka nahana ka mosebetsi o hlomphehang oa basali ka phuthehong. Ho na le mehlala e metle e mengata haholo ea bo-khaitseli ba molemo le ba tšepahalang, ka Mangolong le ka liphuthehong kajeno! Dorkase, mohlomong e le khaitseli oa lesooa, o ne a babatsoa haholo bakeng sa ‘mesebetsi ea hae e metle.’ (Liketso 9:36-42) Priscilla le Foibe le bona ba ne ba chesehela ’nete. (Ba-Roma 16:1-4) Ka ho tšoanang le kajeno, ba bangata ba likhaitseli tsa rōna, ba le lenyalong kapa e le masooa, ke baromuoa, bo-pula-maliboho, le bahoeletsi ba ikhethang. Ka nako e tšoanang, basali ba joalo ba bomolimo ba boloka mahae a hloekile, a laolehile ’me ha ho mohla ba hlokomolohang malapa a bona. Ka lebaka la palo ea bona le maemo a bona, hangata ba etsa karolo e khōloanyane ea mosebetsi oa ho bolela.—Pesaleme ea 68:11.

      21. Bo-khaitseli ba tšepahalang ke khothatso joang ho baena ba bona ba Bakreste?

      21 Bo-khaitseli ba tšepahalang ka phuthehong ba phetha mosebetsi o moholo oa bohlokoa o hahang. Cheseho ea bona le mohlala oa bona ke khothatso ho baena le ho phutheho ea Bokreste ka kakaretso. Ka sebele ke batlatsi le bathusi. (Bapisa Genese 2:18, NW.) Ba lokeloa ke lerato le tlhompho tsa sebele hakaakang! ’Me ho balekane ba lenyalo ba Bakreste, keletso ea Pauluse ke e loketseng ka sebele: “E mong le e mong ho lōna ka bomong a fele a rate mosali oa hae joalokaha a etsa ho eena; ka lehlakoreng le leng, mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.”—Ba-Efese 5:33, NW.

      Na U sa Hopola?

      ◻ Mosebetsi oa pele oa Molimo bakeng sa monna le mosali ba phethahetseng e ne e le ofe?

      ◻ Banna ba sa lumelang ba ka ’na ba hapeloa ’neteng joang?

      ◻ Litšoaneleho tse ikhethang ke life tsa mosali ea khabane?

      ◻ Mosali oa Mokreste a ka bontša ‘moea o mosa le o bonolo’ joang?

      ◻ Ke ho leka-lekana hofe ho hlokahalang kamanong ea nama pakeng tsa banyalani?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela