Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • fy leq. 192
  • Lekunutu la Thabo ea Lelapa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Lekunutu la Thabo ea Lelapa
fy leq. 192

Lekunutu la Thabo ea Lelapa

LELAPA ke tokisetso ea batho ea khale ka ho fetisisa e tsejoang, empa kajeno le maqakabetsing. Ho ata ho tšosang ha tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le boitšoaro bo bobe har’a bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20, seoa sa kajeno sa tlhalo le pefo ka malapeng, keketseho e tsoileng taolong ea palo ea malapa a motsoali a le mong le mathata a mang a tebileng li etsa hore ba bang ba ipotse hore na bophelo ba lelapa bo tla ’ne bo tsoele pele.

Na ho sa ntse ho ka khoneha hore lelapa e be tikoloho e tsitsitseng, e fanang ka tlhokomelo ho litho tsa eona? E, haeba litho tsa lelapa li tseba lekunutu la sebele la thabo ea lelapa. Lekunutu lena ha lea patoa. Le ’nile la sebelisoa ’me la pakoa hore lea atleha ka makholo-kholo a lilemo. Ke lefe? Buka ena, Lekunutu la Thabo ea Lelapa, e fana ka karabo. E boetse e fana ka mehlala e sebetsang ea kamoo “lekunutu” lena le ka thusang ho lokisa maemo a mangata a lelapa ao e leng pharela. Na ho na le motho leha e le ofe kajeno ea sa hlokeng boitsebiso bo joalo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela