Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Mohlomong Lekhetlong Lena o Tla Fetoha”
    Tsoha!—2001 | November 8
    • “Mohlomong Lekhetlong Lena o Tla Fetoha”

      ROXANAa ke ’mè ea mafolofolo, ea bohehang oa bana ba bane, ea nyetsoeng ke ngaka e buoang e hlomphuoang haholo Amerika Boroa. O re: “Monna oa ka o khahla basali, banna bona ba mo rata haholo.” Empa molekane enoa oa Roxana o na le mokhoa o mobe oo esita le metsoalle ea hae e haufi e sa o boneng. “Lapeng ke tau. O boulela ka tsela e utloisang bohloko.”

      Sefahleho sa Roxana se bonahala se tšoenyehile ha a ntse a pheta pale ena ea hae. “Bothata bo ile ba qala libeke tse seng kae ka mor’a hore re nyalane. Re ne re etetsoe ke ’Mè le likhaitseli tsa ka, ’me ho ne ho le monate re qoqa, re tšeha. Empa ha ba tsamaea, monna oa ka o ile a ntšutumelletsa sofeng, a halefile ka tsela e tsoileng taolong. Ke ne ke sa kholoe se etsahalang.”

      Ka masoabi, seo e bile qaleho ea tšotleho ea Roxana kaha lilemo tsena tsohle, o ’nile a tlhalieloa ka thupa ka makhetlo. Ho bonahala tlhekefetso ena e le e tsitsitseng. Monna oa Roxana oa mo otla, ebe o kōpa tšoarelo haholo ’me a mo tšepise hore a ke ke a hlola a mo otla hape. Boitšoaro ba hae boa ntlafala—bonyane nakoana e itseng. Joale matšoenyeho a qala hape. Roxana o re: “Ke lula ke nahana hore mohlomong lekhetlong lena o tla fetoha. Esita leha ke balehile, ke boetse ke khutlela ho eena.”

      Roxana o tšaba hore ka letsatsi le leng, pefo ea monna oa hae e tla hloa mekoalaba. O re: “O ntšosa ka hore o tla mpolaea, a bolaee bana ba rōna a be a ipolaee. Ka lekhetlo le leng o ile a beha sekere qoqothong ea ka. Ka le leng a ntšosa ka sethunya, a se beha tsebeng ’me a se khoephetsa! Ka lehlohonolo, ho ne ho se na kulo ka hare, empa ke ile ka batla ke shoa ke letsoalo.”

      Mokhoa o Tloaelehileng oa ho Thōla

      Joaloka Roxana, basali ba limilione lefatšeng ka bophara ba sotloa ke banna ba bona ka mabifi.b Ba bangata ba bona baa thōla ka tšotleho ena ea bona. Ba beha lebaka la hore ho tlaleha taba ena ha ho na ho ba tsoela molemo oa letho. Etsoe banna ba bangata ba hlekefetsang basali ba ’nile ba hana liqoso tse joalo habonolo feela ka lipolelo tse kang, “Mosali oa ka o nkeha maikutlo kapele” kapa, “O rata ho feteletsa lintho.”

      Ho utloisa bohloko hore ebe basali ba bangata ba phela tlas’a tšabo ea ho hlaseloa sebakeng seo ha e le hantle ba neng ba tlameha ho ikutloa ba sireletsehile ka ho fetisisa ho sona—malapeng a bona. Leha ho le joalo, ka masoabi kutloelo-bohloko hangata e bontšoa bahlaseli ho e-na le bahlaseluoa. Ka sebele, ba bang ba sitoa ho lumela hore monna ea bonahalang e le moahi ea hlomphehang o ne a ka otla molekane oa hae. Nahana ka se ileng sa hlahela Anita ha a bua ka ho hlekefetsoa ke monna oa hae ea neng a hlomphuoa haholo. “E mong oa metsoalle ea rōna o ile a re ho ’na: ‘Ke hobane’ng ha u bua ntho e tjee ka monna ea hlomphehang hakaale?’ E mong eena o ile a re e tlameha e le ’na ea mo halefisang! Esita le ka mor’a hore monna oa ka a hlahatsoe, e meng ea metsoalle ea ka e ile ea qala ho nkoekoetla. Ba nka hore ke ne ke tlameha ho mamella hobane ke ‘tsela eo banna ba leng ka eona.’”

      Joalokaha phihlelo ea Anita e bontša, ba bangata ba thatafalloa ke ho utloisisa ’nete e bohloko ea ho hlekefetsoa ha molekane e mong. Ke eng e etsang hore monna a be sehlōhō hakaalo ho mosali eo a reng oa mo rata? Bahlaseluoa ba pefo ba ka thusoa joang?

  • Ke Hobane’ng ha Banna ba Shapa Basali?
    Tsoha!—2001 | November 8
    • Ke Hobane’ng ha Banna ba Shapa Basali?

      LITSEBI tse ling li re basali ba pepesehetse ho bolaoa ke balekane ba bona ho feta ho bolaoa ke bahlokofatsi ba mefuta eohle ba le hammoho. Boitekong ba ho thibela tloaelo ena ea ho hlekefetsa basali, ho entsoe lipatlisiso tse ’maloa. Ke monna oa mofuta ofe ea shapang mosali oa hae? Khōlo ea hae e bile joang? Na o ne a le mabifi nakong ea lefereho? Monna ea shapang mosali o arabela joang ha a phekoloa?

      Ntho eo litsebi li e fumaneng ke hore banna ba shapang basali ba fapane. Mofuta o mong oa monna ea shapang mosali ke oa ea bang mabifi seoelo. Ha a sebelise sebetsa ebile ha a na histori ea ho hlekefetsa molekane oa hae. Hase motho ea tloaetseng ho ba mabifi ’me ho bonahala a susumetsoa ke maemo a itseng. Ka lehlakoreng le leng ke monna ea ileng a itloaetsa ho lula a shapa mosali. Tlhekefetso ea hae ke e sa khaotseng ebile ho bonahala e mo soabisa hanyenyane, haeba a fela a soaba.

      Leha ho le joalo, taba ea hore ho na le mefuta e fapaneng ea banna ba shapang basali ha e bolele hore mefuta e meng ea ho shapa basali ha e kotsi. Ka sebele, mofuta leha e le ofe o hlekefetsang ’mele o ka hlahisa kotsi—esita le lefu. Ka hona, taba ea hore mabifi a monna e mong hase a kamehla kapa a ka tlaasana ho a e mong ha ho a lokafatse. Ho hang ha ho na ntho e bitsoang chapo e “amohelehang.” Leha ho le joalo, ke lintho life tse ka etsang hore monna a hlekefetse mosali eo a ileng a ikana hore o tla mo baballa bophelo bohle ba hae?

      Tšusumetso ea Lelapa

      Ha ho makatse hore bongata ba banna ba hlekefetsang basali ba hōletse malapeng a joalo. Michael Groetsch ea qetileng lilemo tse fetang mashome a mabeli a etsa lipatlisiso ka tlhekefetso ea balekane oa ngola: “Boholo ba banna ba shapang basali ba hōletse lapeng la ‘lintoa.’ Ha e sa le masea le ha e se e le bana ba hōla-hōlileng, ba hōletse tikolohong eo ho eona pefo e amang kelello le ’mele e neng e le ‘ntho e tloaelehileng.’” Ho latela setsebi se seng, monna ea hōletseng tikolohong e joalo “a ka amohela mokhoa oa ntat’ae oa ho nyatsa basali a sa le monyenyane. Moshanyana o ithuta hore monna o tlameha hore kamehla a laole basali, ’me hore a ba laole, o tlameha ho ba tšosa, ho ba utloisa bohloko le ho ba nyenyefatsa. Ka nako e tšoanang, o ithuta hore tsela feela eo a ka amoheloang ke ntat’ae ke ha a itšoara ka tsela e tšoanang le ea ntat’ae.”

      Bibele e hlakisa hore boitšoaro ba batsoali bo ka ba le tšusumetso e khōlō ho ngoana, ebang e ntle kapa e mpe. (Liproverbia 22:6; Bakolose 3:21) Ke ’nete hore tikoloho ea lelapa ha e lokafatse ketso ea banna ea ho shapa basali, empa e ka ’na ea thusa ho hlalosa hore na peō ena ea botho bo mabifi e jalehile hokae.

      Tšusumetso ea Setso

      Linaheng tse ling, ho shapa basali hoa amoheleha, ho bile ho tloaelehile. Tlaleho ea Machaba a Kopaneng e re: “Lichaba tse ling li sa ntsane li lumela ka matla hore monna o na le tokelo ea ho shapa kapa ho tšosa mosali.”

      Esita le linaheng tseo tlhekefetso e joalo e sa amoheloeng, batho ba bangata ba itšoara ka tsela e mabifi. Monahano o sa utloahaleng oa banna ba bang tabeng ena oa tšosa. Ho latela Weekly Mail and Guardian ea Afrika Boroa, patlisiso e entsoeng Hlohleng ea Kapa e fumane hore boholo ba banna ba ipolelang ba sa hlekefetse balekane ba bona ba nka hore ho shapa mosali hoa amoheleha le hore boitšoaro bo joalo ha bo bolele hore motho o mabifi.

      Ka ho hlakileng, hangata maikutlo a fosahetseng joalo a qala bongoaneng. Ka mohlala, patlisiso e ’ngoe Brithani e bontšitse hore karolo ea 75 lekholong ea bashanyana ba lipakeng tsa 11 le 12 ba nka hore hoa amoheleha hore monna a otle mosali haeba a halefisoa.

      Ho Shapa Basali ho ke ke ha Lokafatsoa

      Mabaka a ka holimo a ka ’na a thusa ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha balekane ba bang ba hlekefetsoa, empa ha a lokafatse ketso eo. Ka ho toba, ho shapa molekane ke sebe se tebileng ho Molimo. Lentsoeng la hae, Bibele, rea bala: “Banna ba tšoanela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona. Ea ratang mosali oa hae oa ithata, kaha ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae; empa oa e fepa le ho e baballa, joalokaha Kreste le eena a etsa phutheho.”—Baefese 5:28, 29.

      Ke khale Bibele e ne e bolele hore “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena ea lintho, ba bangata e ne e tla ba “ba hlekefetsang,” ba “se nang lerato la tlhaho,” le “ba bohale bo tšosang.” (2 Timothea 3:1-3; The New English Bible) Ho ata ha tlhekefetso ea balekane lenyalong ke pontšo e ’ngoe ea hore re phela hantle nakong e boletsoeng ke boprofeta bona. Empa ho ka etsoa eng ho thusa batho ba hlekefetsoang ’meleng? Na ho na le tšepo ea hore banna ba shapang basali ba ka fetola boitšoaro ba bona?

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

      “Monna ea shapang mosali oa hae ka mabifi ha ho moo a fapaneng teng le senokoane se tetekang motho eo se sa mo tsebeng.”—When Men Batter Women

      [Lebokose le leqepheng la 6]

      Pefo Ea Ka Lapeng Bothata ba Lefatše Lohle

      Lefatše lohle le talimane le bothata ba banna ba ikhohomosang, ba hlekefetsang basali ba bona, joalokaha litlaleho tse latelang li bontša:

      Egepeta: Phuputso ea likhoeli tse tharo Alexandria e bontšitse hore pefo ea lapeng ke sona sesosa se seholo sa likotsi tse hlahelang basali. Ke eona e etsang hore basali ba ka etsang karolo ea 27,9 lekholong ba etele litsing tsa batho ba sithabetseng.—Résumé 5 of the Fourth World Conference on Women.

      Thailand: Motseng o moholo ho feta e meng Bangkok, karolo ea 50 lekholong ea basali ba nyetsoeng e phela ka thupa.—Pacific Institute for Women’s Health.

      Hong Kong: “Palo ea basali ba reng ba otloa ke balekane ba bona e phahame ka karolo e fetang 40 lekholong selemong sena se fetileng.”—South China Morning Post, ea la 21 July, 2000.

      Japane: Palo ea basali ba balehelang setsing sa tšireletso e phahame ho tloha ho ba 4 843 ka 1995 ho ea ho ba 6 340 ka 1998. “Hoo e ka bang a le mong ho ba bararo o re o balehile tšoaro e mabifi ea monna oa hae.”—The Japan Times, ea la 10 September, 2000.

      Brithani: “Brithani, metsotsoaneng e meng le e meng e tšeletseng, ho na le motho ea betoang, ea otloang kapa ea hlabuoang ka thipa lelapeng le leng.” Ho latela tlaleho ea Lefapha la Mafokisi London, “letsatsi le leng le le leng mapolesa a fumana mehala e 1 300 e tsoang ho bahlaseluoa ba pefo ea lapeng—mehala e fetang 570 000 ka selemo. Karolo ea 81 lekholong ke bahlaseluoa ba basali ba hlaseloang ke banna.”—The Times, ea la 25 October, 2000.

      Peru: Karolo ea 70 lekholong ea litlōlo tsohle tsa molao tse tlalehoang sepoleseng li amana le basali ba otloang ke banna ba bona.—Pacific Institute for Women’s Health.

      Russia: “Ka selemo se le seng, basali ba Marussia ba 14 500 ba ile ba bolaoa ke banna ba bona, ’me ba eketsehileng ba 56 400 ba holofatsoa kapa ba ntšoa likotsi tse mpe ka ho hlaseloa lapeng.”—The Guardian.

      Chaena: Moprofesa Chen Yiyun, mookameli oa Setsi sa Malapa sa Jinglun o re: “Bona ke bothata bo bocha. Bo eketseha ka potlako, haholo-holo metseng ea litoropo. Baahelani ha ba sa na matla a maholo ho thibeleng pefo ea ka lapeng.”—The Guardian.

      Nicaragua: “Pefo khahlanong le basali ea eketseha Nicaragua. Patlisiso e ’ngoe e boletse hore selemong se fetileng feela, karolo ea 52 lekholong ea basali ba Nicaragua e ile ea sotloa ka mabifi lapeng ke banna ba bona.”—Litaba tsa BBC.

      [Lebokose le leqepheng la 7]

      Matšoao a Behang Motho Kotsing

      Ho latela phuputso e neng e eteletsoe pele ke Richard J. Gelles Univesithing ea Rhode Island, U.S.A., matšoao a latelang ke a behang motho kotsing ea ho hlekefetsoa ’meleng le maikutlong ka lapeng.

      1. Monna o se a kile a ameha pefong ea ka lapeng.

      2. Ha a sebetse.

      3. O sebelisa lithethefatsi tse seng molaong bonyane hanngoe ka selemo.

      4. Ha a ne a sa le habo, o ne a bona ntat’ae a otla ’m’ae.

      5. Ke batho ba sa nyalanang; ba lulang hammoho feela.

      6. Haeba a sebetsa, o amohela chelete e nyenyane.

      7. Ha aa qeta sekolong se phahameng.

      8. O pakeng tsa lilemo tse 18 ho ea ho tse 30.

      9. Motsoali a le mong kapa ka bobeli ba mabifi ho bana.

      10. Chelete e kenang e fokola haholo.

      11. Semelo sa monna le sa mosali se fapane.

      [Setšoantšo se leqepheng la 7]

      Pefo ea lapeng e ka ama bana ka ho teba

  • Thuso Bakeng sa Basali ba Shapuoang
    Tsoha!—2001 | November 8
    • Thuso Bakeng sa Basali ba Shapuoang

      HO KA etsoa eng ho thusa basali ba hlekefetsoang ka mabifi? Pele ho tsohle, motho o lokela ho utloisisa boemo boo ba leng ho bona. Hangata banna ba shapang basali ha ba ba lematse ’meleng feela. Litšokelo tsa mantsoe le litšoso hangata lia kenella e le ho etsa hore mohlaseluoa a ikutloe e se oa bohlokoa a bile a se na thuso.

      Nahana ka Roxana eo pale ea hae e boletsoeng sehloohong se qalang. Ka linako tse ling monna oa hae o mo hlaba ka mantsoe. Roxana o re: “O mpitsa ka mabitso a nyenyefatsang. O re: ‘U hlotsoe le ke ho qeta sekolo. U nahana hore u ka hlokomela bana ntle le thuso ea ka? U sekhoba sa mosali, u tseketseke. U nahana hore molao u ka u lumella hore u nke bana haeba u ntlohela?’”

      Monna oa Roxana o mo hatella le ho feta ka ho koala letsoho licheleteng. Ha a mo lumelle hore a sebelise koloi, ’me o lula a founa letšehare lohle ho tseba hore na o ntse a etsa eng. Ha a bolela hore na eena o rata eng haholo, monna oa hae o mo jajabetsa ka bohale. Ka lebaka leo, Roxana o se a ithutile hore le ka mohla a se ntše maikutlo a hae.

      Joalokaha re bona, tlhekefetso ea molekane oa lenyalo ke taba e rarahaneng. E le hore u ka thusa, mamela ka kutloelo-bohloko. Hopola, hangata ho thata hore mohlaseluoa a bue ka se mo etsahallang. Sepheo sa hao e lokela ho ba ho matlafatsa mohlaseluoa ha a ntse a sebetsana le boemo ba hae ka matla ao a nang le ’ona.

      Basali ba bang ba shapuoang ba ka ’na ba batla thuso molaong. Ka linako tse ling, mohato o tebileng—o kang ho namola ha mapolesa—ho ka etsa hore monna oa mohlekefetsi a bone ho teba ha liketso tsa hae. Leha ho le joalo, bonneteng ntho leha e le efe e mo susumelitseng hore a fetohe hangata ea fela ka mor’a hore bothata bo fete.

      Na mosali ea shapuoang o tlameha ho tlohela monna oa hae? Bibele ha e nke taba ea karohano ea banyalani habobebe. Leha ho le joalo, ha e tlame mosali ea shapuoang hore a lule le monna ea behang bophelo ba hae kotsing. Moapostola oa Mokreste Pauluse o ngotse: “Haeba ka sebele a ka tloha, a lule a sa nyaloa kapa ho seng joalo a boelane le monna oa hae.” (1 Bakorinthe 7:10-16) Kaha Bibele ha e hanele karohano maemong a feteletseng, qeto e etsoang ke mosali tabeng ena ke ea botho. (Bagalata 6:5) Ha ho ea lokelang ho susumelletsa mosali hore a tlohele monna oa hae, le teng ha ho ea lokelang ho hatella mosali ea shapuoang hore a lule le monna ea mo hlokofatsang haeba bophelo ba hae le bomoea ba hae li le kotsing.

      Na ho na le Tšepo Bakeng sa Banna ba Shapang Basali?

      Ho hlekefetsa molekane oa lenyalo ke tlōlo e tebileng ea molao-motheo oa Bibele. Ho Baefese 4:29, 31, rea bala: “Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lōna . . . Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe bohle.”

      Ha ho monna ea ipolelang e le molateli oa Kreste eo ka sebele a ka reng o rata mosali oa hae haeba a mo hlekefetsa. Haeba a ne a ka sotla mosali oa hae, mesebetsi e meng eohle ea hae e metle e ne e ka ba le molemo ofe? Motho “ea shapang” ha a tšoanelehe bakeng sa ho fuoa litokelo tse khethehileng ka phuthehong ea Bokreste. (1 Timothea 3:3; 1 Bakorinthe 13:1-3) Ka sebele, Mokreste leha e le ofe eo ka makhetlo le ka ho se bake a itumellang ho tlakoloha ka bohale a ka khaoloa phuthehong ea Bokreste.—Bagalata 5:19-21; 2 Johanne 9,10.

      Na banna ba mabifi ba ka fetola boitšoaro ba bona? Ba bang ba ho entse. Leha ho le joalo, hangata monna ea shapang mosali a ke ke a fetoha ntle le hore (1) a lumele hore boitšoaro ba hae bo fosahetse, (2) a batle ho fetola mokhoa oo oa hae (3) le hore a batle thuso. Lipaki tsa Jehova li fumane hore Bibele e ka ba le tšusumetso e matla hore a fetohe. Ba bangata ba thahasellang ba ithutileng Bibele le tsona ba hlaoletse takatso e matla ea ho thabisa Molimo. Mabapi le Jehova Molimo, liithuti tsena tse ncha tsa Bibele li ithutile hore “ka sebele moea oa Hae o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.” (Pesaleme ea 11:5) Ka ho hlakileng, ho hlokahala ho fetang ho khaotsa ho shapa mosali hore monna a fetole boitšoaro ba hae. Ho boetse ho akarelletsa ho ba le boikutlo bo bocha ka mosali oa hae.

      Ha monna a fumana tsebo ea Molimo, o ithuta ho nka mosali oa hae joaloka “mothusi,” e seng joaloka lekhoba, ho mo nka e le ea tšoaneloang ke “tlhompho,” e seng ho khelloa fatše. (Genese 2:18; 1 Petrose 3:7) O boetse o ithuta ho ba le qenehelo le ho mamela maikutlo a mosali oa hae. (Genese 21:12; Moeklesia 4:1) Lenaneo la thuto ea Bibele leo Lipaki tsa Jehova li fanang ka lona le thusitse banyalani ba bangata. Ha ho ea tšoanetseng ho ba ’mampoli, mokhahlapetsi kapa mohatelli lelapeng la Bokreste.—Baefese 5:25, 28, 29.

      “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.” (Baheberu 4:12) Ka hona, bohlale bo ka Bibeleng bo ka thusa banyalani hore ba hlahlobisise mathata a bona le ho ba fa matla a hore ba a rarolle. Ho feta moo, Bibele e fupere tšepiso e tiileng le e khothatsang ea ho bona lefatše le se nang pefo ha Morena oa leholimo oa Jehova a busa moloko oohle o mamelang oa batho. Bibele e re: “O tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong.”—Pesaleme ea 72:12, 14.

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

      Ha ho ea tšoanetseng ho ba ’mampoli, mokhahlapetsi kapa mohatelli lelapeng la Bokreste

      [Lebokose le leqepheng la 8]

      Ho Lokisa Likhopolo Tse Fosahetseng

      • Basali ba shapuoang ke bona ba qholotsang banna hore ba ba shape.

      Banna ba bangata ba shapang basali ba hana ho ipona molato liketsong tsa bona, ba bolela hore ba qaliloe ke basali ba bona. Esita le metsoalle ea lelapa e ka ’na ea lumela polelo ea hore mosali eo oa sokolisa, hase feela monna oa hae a mo halefelang nako le nako. Empa sena se tšoana le ho beha mohlaseluoa molato le ho lokafatsa liketso tsa mohlaseli. Bonneteng, basali ba shapuoang hangata ba etsa boiteko bo fetang bo tloaelehileng hore ba khahlise banna ba bona. Ho feta moo, tlas’a boemo leha e le bofe, ha ho moo ho shapa molekane ho nkoang ho utloahala. Buka ea The Batterer—A Psychological Profile e re: “Banna ba romeloang ke lekhotla hore ba e’o phekoleloa ho hlekefetsa basali ke ba lemaletseng pefo. Ba e sebelisa hore e fokotse bohale le ho nyahama, ba e nka e le tsela ea ho laola le ho rarolla likhang le ho fokotsa khatello ea kelello. . . . Hangata, ha ba bile ha ba ipone ba le molato kapa hona ho nka bothata boo e le bo tebileng.”

      • Tahi e etsa hore monna a otle mosali oa hae.

      Bonneteng, banna ba bang ba ba mabifi haholoanyane ha ba noele. Empa na hoa utloahala ho beha joala molato? K. J. Wilson ha a ngola bukeng ea hae ea When Violence Begins at Home, o ile a re: “Ho tahoa ho fa monna ea shapang mosali ntho eo a ka itšoarellang ka eona bakeng sa boitšoaro ba hae ho e-na le hore a ipone molato.” O tsoela pele: “Ho bonahala sechabeng sa rōna pefo ea lapeng e utloisisoa haholoanyane haeba e entsoe ke motho ea tahiloeng. Mosali ea hlekefetsoang a ka ’na a qoba ho nka molekane oa hae e le mohlekefetsi, ho e-na le hoo, a mo nka e le ea noang haholo kapa e le lekhoba la tahi.” Wilson o bontša hore monahano o joalo o ka fa mosali tšepo e fosahetseng ea hore “haeba monna a ne a ka tlohela ho noa, pefo e ne e tla khaotsa.”

      Hajoale, babatlisisi ba nka hore bothata ba ho noa le ba ho shapa basali ke lintho tse peli tse fapaneng. Etsoe boholo ba banna ba sebelisang lintho tse ka ba susumelletsang hore ba hlekefetse, ha ba otle balekane ba bona. Bangoli ba When Men Batter Women, ba re: “Ha e le hantle, ho shapa ho tsoela pele ka lebaka la hobane ho etsa hore monna a atlehe ho laola, ho tšosa le ho busa mosali ea shapuoang. . . . Tšebeliso e mpe ea tahi le lithethefatsi ke karolo ea bophelo ba monna ea shapang mosali. Empa e ka ba phoso ho nahana hore ho sebelisa lithethefatsi ke hona ho etsang hore motho a be mabifi.”

      • Banna ba shapang basali ba mabifi ho motho e mong le e mong.

      Hangata monna ea joalo o khona ho ba motsoalle ea thabileng ho ba bang. O khona ho apara lekoko la nku. Ke ka hona metsoalle ea lelapa e ka sitoang ho lumela taba ea hore o mabifi. Leha ho le joalo, ’nete ke hore monna ea shapang mosali o khetha ho sebelisa mabifi hore a hatelle mosali oa hae.

      • Basali ha ba khahlanong le ho sotloa.

      Mohlomong khopolo ena e hlahisoa ke ho se utloisise boemo ba tsieleho ba mosali eo ho seng moo a ka balehelang teng. Mosali ea shapuoang a ka ’na a ba le metsoalle eo a ka balehelang ho eona ho lula beke kapa tse peli, empa ka mor’a moo o tla ea kae? Khopolo ea hore o tla tlameha ho batla mosebetsi le ho lefa rente, ha ka lehlakoreng le leng a ntse a hlokomela bana, ea mo tšosa. Hape molao o ka ’na oa mo hanela ho baleha le bana. Ba bang ba ’nile ba leka ho tsamaea empa ba batloa le ho khutlisetsoa lapeng, ebang ke ka likhoka kapa ka ho ba eka. Metsoalle e sa utloisiseng e ka ’na ea nahana ka phoso hore basali ba joalo ha ba khahlanong le ho sotloa.

  • “Ka Linako Tse Ling ke ee ke Nahane Hore Kea Lora!”
    Tsoha!—2001 | November 8
    • “Ka Linako Tse Ling ke ee ke Nahane Hore Kea Lora!”

      Lourdes o sheba motse ka fensetere a le foleteng ea hae, menoana ea hae e koahetse molomo o thothomelang. Ke mosali oa Latin America ea ileng a sotloa ke monna oa hae ea mabifi, Alfredo, lilemo tse fetang 20. Alfredo o ile a susumelletsoa hore a fetohe. Empa ho ntse ho le thata hore Lourdes a bue ka bohloko ba ’mele le ba maikutlo boo a ileng a bo mamella.

      Lourdes o re ka lentsoe le tlaase: “Ho ile ha qala libeke tse peli feela ka mor’a lechato la rōna. Ka nako e ’ngoe, o ile a nkhenola meno a mabeli. Ka lekhetlo le leng ke ile ka fola ’me a bjaratsa oteropo ka feisi. Empa ha e le ho ntlhapaola ke hona ho neng ho nkutloisa bohloko le ho feta. O ne a mpitsa ‘sebolu se se nang thuso’ ’me o ne a ntšoara joalo ka sethoto. Ke ne ke batla ho tsamaea, empa ke ne ke tla etsa hoo joang ke e-na le bana ba bararo?”

      Alfredo o tšoara mahetla a Lourdes ka bonolo. O re: “Ke setsebi se maemong a holimo. Ke ile ka tlotloloha ha ke fuoa taelo ea lekhotla ea hore ke khaotse ho hlekefetsa mosali. Ke ile ka leka ho fetoha, empa ka potlako ke ne ke khutlela mokhoeng oo oa ka.”

      Ke eng e ileng ea fetola lintho? Lourdes eo hona joale a bonahalang a phutholohile o re: “Mofumahali oa lebenkele le k’honeng ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ile a ithaopela ho nthusa ho utloisisa Bibele. Ke ile ka ithuta hore Jehova Molimo o nka basali e le ba bohlokoa. Ke ile ka qala ho ea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova, le hoja qalong seo se ile sa halefisa Alfredo haholo. E ne e le ntho e ncha ho ’na ho qeta nako e itseng le metsoalle Holong ea ’Muso. Ke ile ka hlolloa ha ke hlokomela hore ke khona ho ba le tumelo ea ka, ho e bolela ke lokolohile esita le ho e ruta ba bang. Ke ile ka hlokomela hore ke oa bohlokoa ho Molimo. Sena se ile sa mpha sebete.

      “Ho ile ha ba le phetoho eo nke keng ka hlola ke e lebala. Alfredo o ne a ntse a e-ea ’Miseng Sontaha se seng le se seng Kerekeng e K’hatholike, ’me o ne a hanyetsa ho kopanela ha ka le Lipaki tsa Jehova. Ke ile ka mo sheba ka har’a lithaka tsa mahlo ’me ke sa etse lerata ka re ka sebete: ‘Alfredo, seo o se nahanang ha se seo ’na ke se nahanang.’ Empa ha aa ka a nkotla! Kapele ka mor’a moo, ke ile ka kolobetsoa, ’me ha a e-s’o ka a nkotla hape lilemo tse hlano tse fetileng.”

      Empa e ne e le hona liphetoho tse khōloanyane li tlang. Alfredo oa hlalosa: “Lilemo tse tharo ka mor’a hore Lourdes a kolobetsoe, mosebetsi-’moho le ’na eo e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a ’memela ha hae, ’me o ile a ntlhalosetsa lintho tse hlollang tse tsoang ka Bibeleng. Ke sa bolelle mosali oa ka, ke ile ka qala ho ithuta Bibele le eena. Ka potlako ke ile ka qala ho ea le Lourdes libokeng. Lipuo tse ngata tseo ke neng ke li mamela moo li ne li bua ka bophelo ba lelapa, ’me hangata sena se ne se ntšoabisa.”

      Alfredo o ile a khahloa ha a bona litho tsa phutheho, ho akarelletsa le banna, li fiela ka mor’a liboka. Ha a etetse malapeng a tsona, o ile a bona banna ba thusa basali ba bona ho hlatsoa lijana. Liketso tsena tse fokolang li ile tsa bontša Alfredo hore na lerato la ’nete le bonahatsoa joang.

      Kapele ka mor’a moo, Alfredo o ile a kolobetsoa, ’me hona joale eena le mosali oa hae ke basebeletsi ba nako e tletseng. Lourdes o re: “Hangata o nthusa ho hleka lijana tafoleng ka mor’a lijo le ho nthusa ho alola bethe. Oa mpabatsa ha ke phehile, ebile o ntumella hore ke iketsetse khetho—linthong tse kang ’mino oo ke batlang ho o mamela kapa hore na re reke lintho life bakeng sa ntlo. Tsena ke lintho tseo Alfredo a neng a ke ke a li etsa le khale! Haufinyane o sa tsoa nthekela sehlopha sa lipalesa ka lekhetlo la pele. Ka linako tse ling ke ee ke nahane hore kea lora!”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela