Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ha Pefo e Hlasela Lelapa
    Tsoha!—1993 | February 8
    • Ha Pefo e Hlasela Lelapa

      “Pefo e etsoang ke batho—ho sa tsotellehe hore na ke tlelapa kapa ho sutumetsana, ho hlabana ka lithipa kapa ho thunyana—e etsahala hangata tikolohong ea lelapa ho feta kae le kae sechabeng sa rōna.”—Behind Closed Doors.

      TSAMAEA ho theosa le seterata sefe kapa sefe sa Amerika. Lelapeng le le leng ho a mang le a mang a mabeli, ho tla ba le pefo ea mofuta o itseng e etsahalang bonyane hang selemong sena. ’Me lelapeng le le leng ho a mang le a mang a mane, pefo e tla etsahala khafetsa. Ka puo e sa tobang, ba bangata ba tšabang ho tsamaea literateng bosiu ba kotsing e khōloanyane lapeng.

      Empa pefo ea lelapa ha e etsahale Amerika feela. E etsahala lefatšeng lohle. Ka mohlala, Denmark lipolao tse peli ho tse tharo li etsahala ka lapeng. Lipatlisiso tse etsoang Afrika li bontša hore karolo ea 22 ho isa ho ea 63 lekholong ea lipolao tsohle tse etsahalang li etsahala ka lapeng, ho latela naha ka ’ngoe. ’Me Latin America batho ba bangata, haholo-holo basali, baa nyelisoa, baa shapuoa, kapa hona ho bolaoa ke linatla tsa banna.

      Canada basali ba ka bang lekholo ba bolaoa ke banna ba bona kapa balekane bao ba lulang le bona bao molao oa sebaka seo o ba nkang e le banna ba bona. United States, moo palo ea baahi e menang ea Canada haleshome, selemo le selemo basali ba ka bang 4 000 ba bolaoa ke banna ba bona ba ba hlekefetsang kapa linyatsi. Ho feta moo, selemo se seng le se seng bana ba ka bang 2 000 ba bolaoa ke batsoali ba bona, ’me batsoali bao palo ea bona e lekanang le eona eo ba bolaoa ke bana ba bona.

      Kahoo, lefatšeng lohle, banna ba shapa basali ba bona, basali ba shapa banna ba bona, batsoali ba shapa bana ba bona, bana ba hlasela batsoali, ’me bana baa befelana. Buka When Families Fight ea tiisa: “Ho halefa le pefo e ngata ka ho fetisisa eo batho ba baholo ba tobanang le eona bophelong ba bona e tsoa ho motho eo ba amanang ka mali kapa e lebisoa ho eena, ’me khalefo eo e matla haholo ho feta eo ba tobanang le eona kamanong leha e le efe e ’ngoe.”

      Litho tsa Lelapa Lia Loana

      Tlhekefetso ea molekane: Ke hangata haholo banna ba talimang lengolo la tumello ea ho nyala joaloka tumello ea ho shapa basali ba bona. Le hoja basali ba shapa banna, hase hangata kotsi e bang khōlō joaloka e etsoang ke banna ha ba shapa balekane ba bona. Makasine oa Parents oa tlaleha: “Karolo e ka holimo ho 95 lekholong ea liketsahalo tsa tlhekefetso e [mabifi] ea balekane e amana le ho shapuoa ha mosali ke monna.”

      ’Muelli oa molao oa seterekeng sa New York oa bontša: “Pefo khahlanong le basali ke seoa sechabeng sa Amerika. FBI e hakantse hore . . . basali ba ka bang limillione tse 6 baa shapuoa selemo le selemo.” Le hoja lenane la liketsahalo tsena le fapana naheng ka ’ngoe, litlaleho li bontša hore ho shapuoa ha batho ba batšehali ke ba batona ke seoa linaheng tse ngata haeba e se ho tse eketsehileng.

      Ho hakanngoa hore United States “mosali a le mong ho ba 10 o tla hlaseloa (a otloe, a rahuoe, a shapuoe kapa a hlaseloe ka tsela e mpe ho feta moo) ke monna oa hae ka matla neng-neng nakong ea lenyalo la hae.” Ha maemo a sa tebang hakaalo a kenella, makasine oa Family Relations o bontša hore “mosali a le mong ho ba babeli United States o tobana le pefo ea lelapa.”

      Ha e le hantle, ’muelli oa molao oa seterekeng sa New York o bolela hore ho fumanoe hore “ho shapuoa ha basali ho ba ntša likotsi tse ngata tse batlang phekolo ho feta tseo ba li bakeloang ke liketsahalo tsohle tsa ho betoa, litlhaselo le likotsi tsa makoloi li kopane.”

      Dr. Lois G. Livezey oa bontša: “Ho hlakile hore pefo e etsoang khahlanong le basali le pefo e ka har’a malapa ke ntho e tloaelehileng, le hore baetsi ba eona . . . ke batho feela ba tloaelehileng. . . . Ke bothata bo tebileng har’a mefuta le merabe eohle ea batho.”

      Ka linako tse ling bahlaseluoa ba ipeha molato bakeng sa tlhekefetso, ho fellang ka hore ba ikhalale. Makasine oa Parents oa hlalosa: “Mosali ea sa itšepeng ’me a ikhalala o ipepesetsa tlhekefetso. . . . Mosali ea hlekefetsoang o tšaba ho rera le ho etsa lintho ka tsela e tla mo tsoela molemo.”

      Pefo ea lenyalo le eona e na le liphello tse kotsi ho bana. Ba ithuta hore pefo e ka sebelisoa bakeng sa ho tlatlapa batho ba bang e le hore ba ka finyella morero o itseng. Bo-’mè ba bang ba bile ba tlaleha hore bana ba bona ba sebelisa litšoso khahlanong le bona, tse kang, “Ke tla susumetsa Ntate hore a u shape,” e le hore ba ka fumana seo ba se batlang.

      Tlhekefetso ea bana: Selemo le selemo bana ba limillione ba tobana le khalemelo e ka ba ntšang likotsi tse tebileng, ea ba holofatsa kapa ea ba bolaea. Ho hakanngoa hore tlhekefetsong e ’ngoe le e ’ngoe e tlalehiloeng, tse 200 ha lia tlalehoa. Buka Sociology of Marriage and the Family ea bolela: “Ho bana, hangata lelapa ke sebaka se kotsi ka ho fetisisa hore motho a ka ba ho sona.”

      Moprofesa oa univesithi John E. Bates o bolela hore tlhekefetso ke tšusumetso e matla ka ho fetisisa ea lelapa e amanang le hore na ngoana o itšoara joang hamorao bophelong. Dr. Susan Forward o re: “Ke fumane hore ha ho ketsahalo e ’ngoe ea bophelo e sokelang boitlhompho ba batho kapa e etsang hore ba sekamele ho beng le mathata a maholo a maikutlo nakong eo ka eona e bang batho ba baholo.” Matšoao a ho itšoara ka tsela e mabifi maemong a thata a ka hlokomeloa esita le ho bana ba lipakeng tsa lilemo tse ’nè le tse hlano. Ha ba ntse ba hōla, bana ba joalo ba kenella haholoanyane tšebelisong e mpe ea lithethefatsi, bokhobeng ba tahi, tlōlong ea molao, ho ferekana kelellong le ho lieha ho hōla.

      Hoa utloahala hore bana ba bangata ba hlekefetsoang ba koetlela motsoali ea ba hlekefetsang bohale, empa hangata ba halefela le motsoali ea sa ba hlekefetseng ka baka la ho lumella pefo hore e tsoele pele. Ka kelellong ea ngoana, motsoali ea bonang hore baa hlekefetsoa empa a sa etse letho ho thibela sena a ka ’na a talingoa e le ea sebelisanang le ea mo hlekefetsang.

      Tlhekefetso ea batho ba hōlileng: Ho hakanngoa hore karolo ea 15 lekholong ea batho ba hōlileng ba Canada ba hlekefetsoa ’meleng le kelellong ke bana ba bona ba baholo. Ngaka e ’ngoe e ile ea bolela esale pele hore “boemo bona bo ka mpefala ha baahi ba bangata ba hōla, ’me meroalo ea bana ba bona ea litšenyehelo tsa chelete le ea maikutlo e hōla.” Tšabo e tšoanang e teng lefatšeng lohle.

      Hangata, batho ba hōlileng ba lesisitheho ho tlaleha tlhekefetso. Mohlomong ba phelisoa ke motho ea ba hlekefetsang ka hona ba khetha ho tsoela pele ba phela tlas’a maemo a tšosang. “Nakong e tlang” ke karabo eo mosali e mong ea hōlileng a neng a fana ka eona ka linako tsohle ha a botsoa hore na o tla tlaleha mora oa hae le ngoetsi ea hae ho ba boholong neng. Ba ne ba mo shapile haholo hoo a ileng a qeta khoeli sepetlele.

      Ho hlekefetsana ha bana ba motho: Ona ke mofuta o leng teng oa pefo ea lelapa. Ba bang ba etsa hore e be ntho e tloaelehileng ha ba re: “Ena ke tsela e tloaelehileng eo batho ba batona ba itšoarang ka eona.” Leha ho le joalo, phuputso e ’ngoe e senotse hore palo e ka holimo ho halofo ea bana ba motho e entse lintho tse tebileng ka ho lekaneng hore motho ea li entseng a ka ahloloa joaloka motlōli oa molao haeba lintho tse joalo li ne li entsoe ho motho e mong ea ka ntle ho lelapa.

      Ba bangata ba na le maikutlo a hore ho hlekefetsana ha bana ba motho ho ba ruta tsela eo lintho li etsoang ka eona ho fihlela e e-ba batho ba baholo. Ho ba bang ho ka etsahala hore e be tšusumetso e khōlō bophelong ba bona ba nako e tlang lenyalong ho feta pefo eo ba kileng ba e hlokomela pakeng tsa batsoali ba bona.

      Lebala la Ntoa le Kotsi

      Mofuputsi litabeng tsa molao o kile a hakanya hore mapolesa a bitsetsoa ho sebetsana le liphapang tsa malapa hangata ho feta liketsahalo tsohle tsa tlōlo ea molao li kopane. Hape o ile a bolela hore mapolesa a mangata a ile a bolaoa ha a ne a arabela likōpo tsa ho ea lokisa bothata bo itseng ka lapeng ho feta ha a arabela kōpo ea mofuta ofe le ofe. Lepolesa le leng le itse: “Bonyane tabeng ea masholu a hlometseng, ua tseba hore u lokela ho lebella eng. Empa ha u kena ka tlung ea motho e mong . . . Ha u tsebe se ka tlohang sa etsahala.”

      Ka mor’a phuputso e pharaletseng ea pefo ea lelapa, sehlopha se seng sa bafuputsi sa Amerika se ile sa etsa qeto ea hore, ka ntle ho masole nakong ea ntoa, lelapa ke karolo ea sechaba e mabifi ka ho fetisisa e leng teng.

      Ke’ng se bakang pefo ea lelapa? Na e tla ke e fele? Na le ka mohla e ka lokafatsoa? Sehlooho se latelang se tla hlahloba lipotso tsena ka ho teba.

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

      “Pefo khahlanong le basali ke seoa Sechabeng sa Amerika.”—’Muelli oa molao oa setereke

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

      “Ho bana, lapeng ke sebaka se kotsi ka ho fetisisa seo motho a ka bang ho sona.”—Sociology of Marriage and the Family

  • Ke’ng se Bakang Pefo ea Lelapa?
    Tsoha!—1993 | February 8
    • Ke’ng se Bakang Pefo ea Lelapa?

      “Ho e-na le ho ba setšabelo khatellong ea methapo, bohloko, bathong ba ka ntle ho lelapa ba se nang kahlolo e molemo, ho bonahala lelapa le lumella mathata ana hore a kene ka ho lona kapa le bile lea a hōlisa.”—The Intimate Environment—Exploring Marriage and the Family.

      PHUPUTSO e etsoang mabapi le taba ea pefo ea lelapa ha ho bapisoa ke ntho e ncha. Liphuputso tse pharaletseng li ile tsa etsoa mashomeng a lilemo a morao tjena. Mohlomong liphello tsa liphuputso tse joalo hase ka mehla li tšoanang, empa mabaka a mang a motheo a kolekelang pefong ea lelapa a fumanoe. Ha re ke re hlokomeleng a mang a ’ona.

      Semelo sa Lelapa se Phetha Karolo Efe?

      Bafuputsi ba bangata ha ba bua ka seo ba se fumaneng ba re: “Pefo ea balekane bao re buisaneng le bona ha e phahame ka tekanyo e itseng, le bana ba bona ba befelana le ho befela batsoali ba bona ka tekanyo e tšoanang.”

      Ho ba feela paki e boneng pefo ea lelapa ka mahlo ho na le phello e khōlō ho mocha. Ngaka e sa phekoleng ka meriana John Bradshaw oa hlokomela: “Ngoana ea bonang ha ’mè oa hae a shapuoa o tšoana le ngoana ea shapuoang.” Mocha e mong ea bitsoang Ed o ne a sa batle ho bona ha ntate oa hae a shapa ’mè oa hae. Leha ho le joalo, le hoja e ka ’na eaba haa ho hlokomela, o ne a rutoa ho lumela hore banna ba tlameha ho laola basali ’me e le hore ba ka etsa sena, banna ba lokela ho ba tšosa, ho ba ntša kotsi le ho ba nyenyefatsa. Ha e e-ba motho e moholo, Ed a sebelisa mekhoa ena ea tlhekefetso le mabifi ho mosali oa hae.

      Batsoali ba bang ba seli ho hanela bana ba bona ho shebella pefo thelevisheneng, ’me sena se molemo. Empa batsoali ba lokela hore ba be seli haholoanyane ha ho tluoa tabeng ea ho laola boitšoaro ba bona joaloka mehlala ea bana ba bona ba khahloang habonolo.

      Khatello ea Methapo e Phetha Karolo efe?

      Ho ima, ho hloka mosebetsi, lefu la motsoali, ho falla, ho kula le mathata a chelete li tlisa khatello ea methapo, joalokaha mathata a mang a etsa. Batho ba bangata ba sebetsana le khatello ea methapo ka ntle le ho sebelisa pefo. Leha ho le joalo, ho ba bang khatello ea methapo e ka ba selelekela sa pefo, haholo-holo ha e kopane le lintho tse ling. Ka mohlala, ho hlokomela motsoali ea hōlileng—haholo-holo ha motsoali a kula—hangata ho ’nile ha isa tlhekefetsong ha mohlokomeli a imetsoe haholo ke boikarabelo bo bong ba lelapa.

      Ho hōlisa bana ho baka khatello ea methapo. Ka baka leo, monyetla oa hore ngoana a hlekefetsoe o ka eketseha ho latela boholo ba lelapa. Bana le bona ba ka tlisa keketseho ea tlhekefetso ea molekane, Behind Closed Doors ea tlaleha: “Hobane ho qabana ka litaba tsa bana ho ka ’na ha etsa hore balekane ba qale ho loana.”

      Pono e Fosahetseng ka Batho ba Batona le ba Batšehali

      Dan Bajorek, ea eteletseng sehlopha sa baeletsi pele Canada, o bontša hore banna ba hlekefetsang ba na le pono e fosahetseng ka basali o re: “Ho sa tsotellehe hore na ba tsoa mekhoeng efe, ba hōlisitsoe ka tsela eo ka eona ba lumelang hore banna ke Batho ba Bohlokoa Haholo.” Hamish Sinclair, eo e leng mookameli oa lenaneo le sebetsanang le banna ba hlekefetsang, o bolela hore banna ba koetliselitsoe ho lumela hore ba phahametse basali le hore ba na le tokelo ea “ho ba khalemela, ho ba laea kapa ho ba tšosa.”

      Linaheng tse ngata ho lumeloa hore monna o na le tokelo ea ho tšoara mosali oa hae joaloka ntho feela tje, joaloka karolo e ’ngoe ea thepa ea hae. Ho laola le ho hatella mosali oa hae ho nkoa e le tekanyo ea bonna ba hae le tlhompho. Hangata basali ba shapuoa hampe ho seng joalo baa hlekefetsoa, ’me litsamaiso tsa molao ha li etse letho ka hona hobane seo se tšehetsoa ke molao oa linaha tse joalo. Monna o phahame, ’me mosali o tlaase; o tlameha ho ikokobeletsa eena ka ho feletseng ho sa tsotellehe hore na ha a hlomphehe, o mabifi, o khopo, kapa ke moithati hakae.

      Motlalehi oa litaba tsa thelevishene ea CBS Morley Safer ha a tlaleha ka naha e ’ngoe ea Amerika Boroa o re: “Ha ho kae kapa kae Latin America moo mokhoa oa boikhantšo ba bonna o bonahalang ka ho totobetseng . . . O tletse hohle sechabeng, ho kopanyeletsa le lekhotleng la molao moo ha a sireletsa ho hlompheha ha hae monna a ka etsang seo a se ratang a sa tšabe kahlolo, haholo-holo haeba mohlaseluoa e le mosali oa hae kapa nyatsi ea hae.” O ile a tiisa hore “lefatšeng ha ho sebaka se theolang boemo ba basali” joalokaha naha eo e etsa. Empa ho hatella hoo banna ba ho etsang le ho nyenyefatsoa ha basali ke kobo-anela. Hase taba ea naha e le ’ngoe feela ho sa tsotellehe hore na ho matla hakae sebakeng seo.

      Minna Schulman, mookameli oa lekala la New York la sepolesa kapa la ’muso le ikarabellang bakeng sa ho tiisa hore batho ha ba tlōle melao, o boletse hore pefo ke sesebelisoa seo banna ba se sebelisang ho boloka taolo le ho bonahatsa matla le bolaoli holim’a basali. A phaella: “Re bona pefo ea lelapa e le tšebeliso e mpe ea matla le taolo.”

      Batho ba bang ba shapang basali ba na le boikutlo ba ho ikhalala, e leng boikutlo boo ba batlang ho bo kenya ho bahlaseluoa ba bona. Haeba ba etsa seo, joale boikutlo ba bona ba ho inka e le batho ba bohlokoa bo tla be bo khotsofalitsoe, ’me ba tla ikutloa ba na le tekanyo e itseng ea bophahamo le taolo holim’a motho e mong. Ba ikutloa hore ba bonahatsa bonna ba bona ka tsela ena. Empa na ho joalo? Kaha ba sebelisa pefo ea bona ho basali ba fokolang ’meleng, na sena se bontša hore ruri ke banna ba matla, kapa ho e-na le hoo se bontša hore ha ba na kahlolo e molemo? Na ruri ke bonna hore monna ea matla haholoanyane a shape motho ea fokolang, e motšehali ea sitoang ho itšireletsa? Monna ea matla boitšoarong a ka bonahatsa ho nahanela le mohau bakeng sa batho ba fokolang le ba sitoang ho itšireletsa, a se ke a sebelisana le bona ka leeme molemong oa hae.

      Pontšo e ’ngoe ea ho se be le kahlolo e molemo ka lehlakoreng la motho ea hlekefetsang ke ’nete ea hore hangata o beha mosali oa hae molato bakeng sa ho mo susumeletsa ho mo shapa. A ka ’na a bonahatsa sena ka mokhoa o sa tobang, kapa a ba a mo bolella lintho tse kang tsena: ‘Ha ua etsa sena ka tsela e nepahetseng. Ke ka baka leo ke u shapang.’ Kapa: ‘Lijo tsa mantsiboea li liehile, kahoo u fumana se u loketseng.’ Kelellong ea motho ea hlekefetsang, ke molato oa mosali. Leha ho le joalo, ha ho mefokolo leha e le efe ea molekane e mong e lokafatsang ho shapa.

      Na Tahi e Etsa Phapang?

      Kaha tahi e fokotsa taolo e bile e eketsa monyetla oa ho etsa lintho tlas’a tšusumetso e itseng, ha ho makatse hore ebe batho ba bang ba lumela hore e ka susumetsa tlhekefetso. Hangata motho o khona ho laola maikutlo a befileng ha a sa tahoa, empa ka mor’a ho noa tekanyo e itseng ea joala o ba mabifi. Tahi e thotofalitse matla a kelello ea hae le ho fokotsa matla a hae a ho laola bohale ba hae.

      Leha ho le joalo, ba bang ba bolela hore bothata bona bo metse ka metso khatellong ea methapo ho feta tahing ka boeona. Ba bolela hore motho ea sebelisang tahi bakeng sa ho sebetsana le khatello ea methapo o tšoana le motho ea ka ’nang a sebelisa pefo bakeng sa morero oona oo. Sena se bolela hore motho ea noang leha a sa tahoa a ka hlekefetsa joalokaha a tahiloe. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na mabaka a sena ke afe, ka sebele tahi ha e khothaletse motho ho laola maikutlo a hae empa ka mehla e tla etsa se fapaneng.

      Kamoo Mecha ea Litaba e Susumetsang Liketso tsa Batho

      Ba bang ba bolela hore thelevishene, hammoho le baesekopo li khothaletsa boikhohomoso ba bonna ho ba batona ’me e ruta hore pefo ke tsela e nepahetseng ea ho sebetsana le liqabang le khalefo. Moeletsi e mong oa malapa oa lumela: “Ke ne ke hloletsoe ke karabelo ea ka e matla baesekopong ea Rambo. Le hoja menahano ea ka [e ka hare] joaloka motho ea hōlileng le boikutlo li ne li tšositsoe ke lipolao tse ngata tseo Rambo a neng a li etsa, boikutlo ba ka [bo ka hare] ba bongoana bo ne bo mo thoholetsa hore a tsoele pele ho bolaea.”

      Kaha bana ba bangata ba shebella mananeo a thelevishene ka lihora tse likete a bontšang liketso tse se nang palo tsa pefo, ho beta, le ho nyelisoa ha batho ba bang, haholo-holo basali, ha ho makatse hore ebe ba bangata ba hōla ba na le litšobotsi tse kotsi tseo ba li bonahatsang ho ba bang. Hase bana feela ba amehang empa le batho ba baholo baa ameha.

      Hape, haholo-holo lilemong tsa morao tjena, tekanyo ea litšoantšo tse bontšang pefo, boitšoaro bo bobe, le ho nyenyefatsoa ha basali joalokaha li bontšoa thelevisheneng le libaesekopong e eketsehile haholo. Ho hlakile hore sena se tlameha ho mpefatsa ponahalo ea pefo ea lelapa. Joalokaha sehlopha sa bafuputsi se hlokometse, ho na le “kamano e hlakileng . . . pakeng tsa ho shebella pefo thelevisheneng le libaesekopong le boitšoaro bo mabifi.”

      Phello ea ho Itšehla Thajana

      Bophelo ba kajeno bo etsa hore batho ba se ke ba kopana ba be ba tšoaroe ke bolutu. Mabenkele a manyenyane ao baahisani ba neng ba ba le botsoalle ho ’ona a nketsoe sebaka ke mabenkele a maholo le mabenkele a rekisang lintho ka theko e tlaase. Ho tlosoa ha matlo a khale toropong a nkeloa sebaka ke a macha, mathata a moruo, le ho hloka mosebetsi li qobella malapa hore a fetohe ntho ea nako e khutšoanyane. Tekanyo e phahameng ea pefo ea lelapa e fumanoa har’a batho ba se nang likamano tse matla le batho ba bang.

      James C. Coleman, bukeng ea hae Intimate Relationships, Marriage, and the Family, o hlalosa lebaka la hore a nahane hore ho joalo. O nahana hore ho ba motho ea itšehlileng thajana ho fokotsa moqoqo o molemo ’me ho etsa hore ho be thata bakeng sa motho ea hlekefetsang hore a bone boemo ba hae ka tsela e molemo le ho batla thuso ho motsoalle eo a mo tšepang. Ho se be le metsoalle le beng ka motho ba haufi ba ka sebetsang litaba ka matla a nolofatsang ho etsa hore motho a khone ho sebetsa tumellanong le boithati ba hae habonolo haholoanyane, kaha ha ho batho ba haufi le eena ba hanyetsang monahano oa hae o fosahetseng ka mehla. Ho joalokaha Liproverbia 18:1 e re: “Motho ea ikhethang ho ba bang o batla ho ikhahlisa eena a ’notši; khalefong ea hae o soma tsohle tsa bohlale.”

      Thuso Bakeng sa Lelapa le Mabifi

      Re buile feela ka karolo ea litlhaloso tse fanoang bakeng sa pefo ea lelapa. Ho na le tse ling. Kaha re se re hlokometse lisosa tse ling, joale ho hlokahala hore re hlahlobe litharollo. Haeba motho a le lelapeng le mabifi, tlhekefetso e ka khaotsoa joang? Pono ea Bibele ke efe? Na pefo ea lelapa e sa tla ke e fele? Sehlooho se ho leqephe 10 se tla arabela lipotso tsena.

      [Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]

      Pefo ea Maikutlo—E Hlasela ka Matla ka Mantsoe

      TLHEKEFETSONG ea ’mele tlhaselo e etsoa ka lifeisi; ’me tlhekefetsong ea maikutlo tlhaselo e etsoa ka mantsoe. Phapang feela ke khetho ea libetsa. Ho joalokaha Liproverbia 12:18 e re: “E mong ha a bebera, puo tsa hae li hlaba joale ka tsenene; empa molomo oa ea bohlale oa thoba.”

      Pefo ea maikutlo e kotsi hakae, ho akareletsa le ho “hlaba joale ka tsenene”? Dr. Susan Forward oa ngola: “Phello e tšoana [le ea tlhekefetso ea ’meleng]. U tšoha ka tsela e tšoanang hantle, u ikutloa u se na thuso ka tsela e tšoanang, ’me u utloa bohloko bo lekanang,” maikutlong.

      Pefo ea maikutlo ho molekane: Mohlaseluoa e mong oa nako e telele o itse: “Pefo e etsoang ke banyalani hase feela e amang ’mele. Mohlomong karolo e khōlō ea eona esita le e khōlō ka ho fetisisa, ke ea puisano le ea maikutlo.” Tlhekefetso e ka akareletsa le ho rohakana, ho tlerola, ho ntša ba bang liphoso ka linako tsohle, mahlapa a nyenyefatsang le litšokelo tsa ho sebelisa pefo ea ’meleng.

      Lipuo tse sa thabiseng tse nyenyefatsang, tse nyelisang kapa tse tšosang li ka baka kotsi e tebileng. Joaloka metsi a rothelang lefikeng, lipuo tse nyelisang li ka bonahala li se kotsi qalong. Empa kapele ho itlhompha hoa fela. Mosali e mong o itse: “Haeba ke ne nka ikhethela pakeng tsa ho hlekefetsoa ’meleng le ho hlekefetsoa ka lipuo, ke ne nka khetha ho shapuoa ka nako efe le efe.” O ile a hlalosa: “U ka bona mengoapo, kahoo bonyane batho ba ka u utloela bohloko. Tlhekefetso ea lipuo, e etsa feela hore u nyahame haholo. Maqeba a eona ha a bonahale. Ha ho motho ea tsotellang.”

      Tlhekefetso ea maikutlo ho ngoana: Sena se ka akareletsa ho mo tšoaea liphoso ka linako tsohle le ho nyenyefatsa ponahalo ea hae, bohlale, le matla a ho etsa lintho kapa bohlokoa ba hae joaloka motho. Ka ho khethehileng puo e hlabang e kotsi. Bana ba atisa ho nka lipuo tse hlabang kamoo li leng ka teng, ba sa khetholle pakeng tsa se buuoang ka tieo le se buuoang ka “bosoasoi.” Ngaka e sebetsanang le ntlafatso ea malapa Sean Hogan-Downey ea hlokomela: “Ngoana o utloa bohloko, empa e mong le e mong oa tšeha, kahoo o ithuta ho se tšepe maikutlo a hae.”

      Kahoo, maemong a mangata, ho na le ’nete ho seo rahistori le mongoli oa lipale Thomas Carlyle oa Scotland a kileng a se bua ha a re: “Hona joale ke hlokomela hore lipuo tse hlabang ka kakaretso ke, puo ea Diabolose; ka baka leo ha e le hantle khale ke e tlohetse.”

      Joy Byers, eo e leng setsebi tabeng ea tlhekefetso ea bana, o re: “Tlhekefetso ea ’meleng e ka ’na ea bolaea ngoana, empa u ka ’na ua bolaea le litšobotsi tse itseng le botho ba ngoana, ’me seo ke se ka etsoang ke lipuo tse fosahetseng tse etsoang ke batsoali ka linako tsohle.” Makasine oa FLEducator oa hlalosa: “Ho fapana le leqeba le ka bonoang la ba la fola, tlhekefetso ea maikutlo e baka liphetoho tse sa bonahaleng kelellong ea ngoana le bothong tse fetolang seo a hlileng a leng sona le kamano ea hae le ba bang ka ho sa feleng.”

      [Setšoantšo se leqepheng la 7]

      Ho pepesetsehela pefo ho na le tšusumetso e matla boitšoarong ba ngoana ba nako e tlang

  • Ho Fela ha Pefo ea Lelapa
    Tsoha!—1993 | February 8
    • Ho Fela ha Pefo ea Lelapa

      “Ho thibeloa ha pefo ka lapeng le ho fokotsoa ha pefo ea lelapa ho akaretsa liphetoho tse khōlō tsa motheo bakeng sa sechaba le lelapa.”—Behind Closed Doors.

      POLAO ea pele historing ea batho e ne e ama bana ba motho. (Genese 4:8) Ho theosa le likete tsa lilemo ho tloha ka nako eo, motho o ’nile a hlaseloa ke mefuta eohle ea pefo ea lelapa. Litharollo tse ngata li ’nile tsa hlahisoa, empa tse ngata li na le mathata.

      Ka mohlala, ho sokolla motho mekhoeng e mebe ho atleha ho batlōli ba elelloang bothata ba bona. Monna e mong ea hlaphoheloang bothateng ba ho hlekefetsa mosali oa hae o ile a ikoahlaea: “Ho e mong le e mong oa rōna [ea sokolloang mekhoeng e mebe], ho na le banna ba bararo ka ntle ba reng: ‘U lokela ho laola mosali.’” Kahoo ho hlokahala hore motho ea hlekefetsang a ithute ho sebetsana le boemo ba hae. Ke hobane’ng ha a fetohile ea hlekefetsang? Ka ho fumana thuso bakeng sa ho lokisa liphoso tsa hae, ho ka etsahala hore qetellong a hlōle bothata bona.

      Empa mananeo a sechaba a na le basebetsi ba fokolang haholo. Kahoo, ho hakanngoa hore karolo ea 90 lekholong ea linyeoe tsa bana ba bolaoang United States le maemo a thata a lelapa li ile tsa tlalehoa pele polao e etsahala. Kahoo, mananeo a sechaba le mekhatlo ea mapolesa li ka etsa se lekanyelitsoeng feela. Ho na le se seng hape se hlokahalang ka matla.

      “Botho bo Bocha”

      Sehlopha se seng sa bafuputsi se re: “Ho hlokahala se fetang ho lokisa likamano pakeng tsa litho tsa lelapa.” Pefo ea lelapa hase feela bothata ba tlhekefetso ea ’meleng haholo-holo; ke bothata ba kelello. Mohloli oa eona ke tsela eo litho tsa lelapa—molekane, ngoana, motsoali, ngoan’abo motho—ba talimanang ka eona. Ho lokisa likamano tsena ho bolela ho apara seo Bibele e se bitsang “botho bo bocha.”—Ba-Efese 4:22-24, NW; Ba-Kolosse 3:8-10.

      Ha re ke re hlahlobeng melao metheo e meng ea Bibele e amanang le lelapa e re thusang hore re apare botho bo bocha ba Bokreste bo ka sebeletsang kamano e molemonyana pakeng tsa litho tsa lelapa.—Bona Mattheu 11:28-30.

      Pono ka bana: Ho ba motsoali ho akareletsa ho hongata ho feta ho beleha ngoana. Leha ho le joalo, ka masoabi ba bangata kajeno ba talima bana ba bona joaloka moroalo kahoo ha ba ikitlaetse karolong ea bona ea botsoali. Ho ka etsahala hore bana e be ba hlekefetsang.

      Bibele e re bana ke “lefa le tsoang ho Jehova” le “moputso.” (Pesaleme ea 127:3, NW) Batsoali ba ikarabella ho ’Mōpi bakeng sa ho hlokomela lefa leo. Ba talimang bana joaloka tšitiso ho hlokahala hore ba hlaolele botho bo bocha tabeng ena.a

      Litebello tsa sebele tsa bana: Phuputso e ’ngoe e ile ea senola hore bo-’mè ba bangata ba hlekefetsang bana ba lebella hore bana ba tsebe ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng ha ba na le selemo ba hlahile. Karolo ea boraro ea bona eo ho ileng ha buisanoa le eona e ile ea bontša hore ke ha ngoana a le likhoeli tse tšeletseng.

      Bibele e bontša hore motho e mong le e mong o hlahile a sa phethahala. (Pesaleme ea 51:5; Ba-Roma 5:12) Ha e bolele hore kutloisiso e fumanoa ho tloha tsoalong. Ho e-na le hoo, e bolela hore “ka ho sebelisoa” matla a motho a temoho a “koetlisoa hore a khetholle se nepahetseng ho se fosahetseng.” (Ba-Heberu 5:14, NW) Ho feta mona, Bibele e bua ka “liketso tsa ngoana,” “booatla” ba boshemane, le “bofeela” ba bocha. (1 Ba-Korinthe 13:11, NW; Liproverbia 22:15, NW; Moeklesia 11:10, NW) Batsoali ba lokela ho utloisisa likhaello, ba se ke ba lebella ho fetang ho loketseng lilemo tsa ngoana le matla.

      Ho laea bana: Ka Bibeleng lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “taeo” le bolela “ho ruta.” Kahoo, pakane ea taeo ha e le hantle, hase ho utloisa bohloko, empa ke ho koetlisa. Se sengata ho sena se ka finyelloa ka ntle le ho shapa, le hoja ho ka ’na ha hlokahala ka linako tse ling. (Liproverbia 13:24) Bibele e re: “Mamela taeo ’me u hlalefe.” (Liproverbia 8:33, NW) Hape, Pauluse o ile a ngola hore motho o lokela ho lula a “itšoere hore a se ke a etsa bobe,” a khalemele ka “mamello.” (2 Timothea 2:24; 4:2, NW) Melao e qhelela ho halefa ka mabifi le tšebeliso ea matla ka thōko esita le nakong eo ka eona ho shapa ho hlokahalang.

      Ka baka la melao-motheo ena ea Bibele, ipotse: ‘Na taeo ea ka ea ruta, kapa e mpa feela e laola ka tsela e utloisang bohloko? Na taeo ea ka e kenya melao-motheo e nepahetseng kapa e mpa feela e kenya tšabo?’

      Litekanyetso tsa boitšoaro ba batho ba baholo: Motho e mong ea hlekefetsang o boletse hore ho ile ha etsahala feela hore a “hlōlehe ho ithiba” ’me a shapa mosali oa hae. Moeletsi e mong o ile a botsa monna enoa hore na o kile a hlaba mosali oa hae ka thipa. Monna enoa o ile a arabela: “Le ka mohla nke ke ka etsa seo!” Monna enoa o ile a thusoa hore a bone hore o ne a etsa lintho a ipapisitse le litekanyetso tse itseng, empa bothata e ne e le hore e ne e se litekanyetso tse loketseng.

      Litekanyetso tsa hao li theiloe hokae? Na u khaotsa pele ho se lumellane ho fetoha tlhekefetso? Kapa na u halefa haholo ’me u qetelle u tlerola, u rohakana, u sututsa, u lahla lintho, kapa u shapa?

      Botho bo bocha bo na le litekanyetso tse tiileng, tse beiloeng ka tsela e nepahetseng ka tsela e sa lumelleng ho hlekefetsoa ha kelello kapa ha ’mele. Ba-Efese 4:29 e re: “Polelo e lihlong, leha e le ’ngoe, e se ke ea tsoa melomong ea lōna.” Temana 31 ea phaella: “Tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itšena, le komang, le ho seba, le lonya lohle, li falatsoe ho lona.” Lentsoe la Segerike bakeng sa “bohale” le bolela “botho bo mabifi.” Hoa thahasellisa hore ebe buka Toxic Parents e bontša hore tšobotsi e tloaelehileng har’a batho ba hlekefetsang bana ke “ho hlōleha ho tšosang ho laola bohale.” Botho bo bocha bo beha meeli e tiileng tabeng ea bohale, bo bontšoang ka liketso le ka lipuo.

      Ho hlakile hore botho bo bocha bo sebetsa ho mosali le ho monna. O lokela ho sebeletsa tabeng ea ho se qholotse molekane oa hae, a ananele boiteko boo a bo etsang bakeng sa ho hlokomela lelapa, a sebelisane le eena. ’Me ha baa lokela ho lebella seo ho seng lea mong ho bona ba le babeli ea ka se finyellang—phetheho. Ho e-na le hoo, ka bobeli ba lokela ho sebelisa 1 Petrose 4:8: “Haholo-holo, le ratane ka phehello, hobane lerato le apesa libe tse ngata.”

      Ho hlompha ba hōlileng: Levitike 19:32 (Today’s English Version) e re: “Hlompha batho ba hōlileng ’me u ba tlotle.” Sena e ka ba phephetso ha motsoali ea hōlileng a kula ’me mohlomong a batla lintho tse ngata haholo. Timothea oa pele 5:3, 4 (NW) e bua ka ho fana ka “tlhompho” le “puseletso e ba loketseng” ho batsoali ba bona. Sena se ka akareletsa litokisetso tsa chelete esita le tlhompho. Ha re nahana ka sohle seo batsoali ba rōna ba re etselitseng sona ha re ne re le masea a hlokang thuso, re lokela ho ba nahanela ka tsela e tšoanang ha ho hlokahala.

      Hlōla litlhōlisano tsa bana beno: Pele bora ba Kaine bo fella ka hore a bolaee ngoan’abo Abele, o ile a eletsoa: “Sebe se khumame monyakong oa hao. Se batla ho u busa, empa u tlameha ho se hlōla.” (Genese 4:7, TEV) Maikutlo a ka laoloa. Ithuteng ho mamellana, “le ntse le nahanelana hobane lea ratana.”—Ba-Efese 4:2, Phillips.

      Ho Ithuta ho Tšepa Motho e Mong

      Bahlaseluoa ba bangata ba pefo ea lelapa ha ho motho eo ba mo bolellang ka pefo ena. Empa Dr. John Wright oa phehella: “Basali ba shapuoang ba lokela ho batla tšireletso ea maikutlo le ea ’meleng ho motho ea ka ntle ho lelapa ea nang le litšoaneleho tse loketseng.” Sena se sebetsa ho setho sa lelapa leha e le sefe se hlekefetsoang.

      Ka linako tse ling mohlaseluoa o fumana ho le thata ho tšepa motho e mong. Leha ho le joalo, ho tšepa tokisetso e haufi-ufi—lelapa—ho felletse ka bohloko. Leha ho le joalo, Liproverbia 18:24 e re: “Motsoalle e mong o’a khomarele motho ho fetisa ngoan’abo motho.” Ho fumana motsoalle ea joalo le ho ithuta ho mo tšepa ka tieo ke bohato ba bohlokoa tabeng ea ho fumana thuso e hlokahalang. Ho hlakile hore ho hlokahala hore motho ea hlekefetsang le eena a fumane thuso.

      Selemo se seng le se seng batho ba makholo a likete ba fetoha Lipaki tsa Jehova. Bana ba amohela phephetso ea ho apara botho bo bocha. Har’a bona ho na le batho ba kileng ba hlekefetsa litho tsa malapa a bona. Ho thibela tšekamelo leha e le efe ea ho khutlela mokhoeng oo, ba tlameha hore ka mehla ba etse hore Bibele e be le “molemo oa ho ruta, oa ho khalemela, oa ho lokisa lintho.”—2 Timothea 3:16, NW.

      Bakeng sa Lipaki tsena tse ncha, ho apara botho bo bocha ke mosebetsi o ntseng o tsoela pele, hobane Ba-Kolosse 3:10 e bolela hore boa “nchafatsoa.” Kahoo ho hlokahala boiteko bo tsoelang pele. Hoa thabisa hore ebe Lipaki tsa Jehova li fumana tšehetso ea ‘banab’abo tsona le likhaitseli le bo-’mè le bana.’—Mareka 10:29, 30; bona hape le Ba-Heberu 10:24, 25.

      Joale, hape, har’a liphutheho tsohle tse 70 000 tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle, ho na le balebeli ba lerato ba kang “setšabelo moeeng le sebaka sa ho ipatela sefefo. Mahlo [a bona] le litsebe li tla bulehela litlhoko tsa batho.” (Esaia 32:2, 3, TEV) Kahoo Lipaki tsa Jehova tse ncha, hammoho le tse nang le phihlelo e eketsehileng, li na le polokelo e khōlō ea thuso e fumanehang ka phuthehong ea Bokreste ha li ntse li sebeletsa ho apara botho bo bocha.

      Balebeli ba Mohau

      Ha batho ba tla ho balebeli ba Bakreste ka liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova bakeng sa keletso, balebeli bana ba koetliselitsoe ho mamela bohle ka ho hlokang leeme. Ba khothaletsoa ho bontša mohau le kutloisiso ho e mong le e mong, haholo-holo bahlaseluoa ba tlhekefetso e mabifi.—Ba-Kolosse 3:12; 1 Ba-Thessalonika 5:14.

      Ka mohlala, mosali ea shapuoang a ka tsoa kotsi e khōlō. Kajeno linaheng tse ngata, haeba ho ne ho shapuoe motho e mong ea ka ntle ho lelapa, motho ea hlekefetsang o ne a tla kena teronkong. Kahoo ho hlokahala hore mohlaseluoa a tšoaroe ka tsela e mosa haholo, joalokaha ho etsoa bahlaseluoa ba mefuta e meng ea tlhekefetso, e kang ho hlekefetsa ka likamano tsa botona le botšehali.

      Ho feta moo, ho hlokahala hore batho ba tlōlang melao ea Molimo ba ikarabelle. Ka tsela ena phutheho e bolokoa e hloekile, le batho ba bang ba se nang molato baa sireletsoa. ’Me habohlokoa haholo, ho phalla ha moea oa Molimo ha ho sitisoe.—1 Bakorinthe 5:1-7; Ba-Galata 5:9.

      Pono ea Molimo ka Lenyalo

      Ha batho ba fetoha Lipaki tsa Jehova, ba lumela hore ba tla latela melao-motheo ea bophelo ba Bokreste e ka Lentsoeng la Molimo. Ba ithuta hore monna o khethiloe hore e be hlooho ea lelapa, hore a le tataise borapeling ba ’nete. (Ba-Efese 5:22) Empa le ka mohla bohlooho ha bo fane ka tumello ea ho tšoara mosali hampe, ho hatella botho ba hae, kapa ho hlokomoloha litakatso tsa hae.

      Ho e-na le hoo, Lentsoe la Molimo le hlakisa hore banna ba lokela ho “tsoela pele ba rata basali [ba bona], joalokaha Kreste le eena a ratile phutheho ’me a iteletse eona . . . Banna ba lokela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona. Ea ratang mosali oa hae oa ithata, hobane ha ho motho ea kileng a hloea ’mele oa hae; empa oa o fepa le ho o hlokomela.” (Ba-Efese 5:25, 28, 29, NW) Ka sebele, Lentsoe la Molimo le bolela ka ho hlakileng hore basali ba lokela ho fuoa “tlhompho.”—1 Petrose 3:7, NW; bona le Ba-Roma 12:3, 10; Ba-Filippi 2:3, 4.

      Ruri ha ho monna oa Mokreste eo ka tieo a ka bolelang hore o hlile o rata mosali oa hae kapa oa mo hlompha haeba a mo hlekefetsa ka lipuo kapa ’meleng. Seo e ka ba boikaketsi, hobane Lentsoe la Molimo lea bontša: “Banna, ratang basali ba lōna, ’me le se ke la ba halefela.” (Ba-Kolosse 3:19) Ka mor’a nako e khutšoanyane, ha likahlolo tsa Molimo li tla khahlanong le tsamaiso ena e khopo ka Armageddone, baikaketsi ba tla ba le qetello e tšoanang le ea bahanyetsi ba puso ea Molimo.—Mattheu 24:51.

      Monna ea tšabang Molimo o lokela ho rata mosali oa hae joalokaha a rata ’mele oa hae. Na o ne a ka shapa ’mele oa hae, a ikotla ka feisi sefahlehong, kapa a hlotha moriri oa hae ka mabifi? Na a ka inyenyefatsa ka ho inyelisa le ka lipuo tse hlabang ka pel’a batho ba bang? Motho ea etsang lintho tse joalo a ka nkoa e le ea sa leka-lekanang kelellong, sena hase ho feteletsa litaba.

      Haeba monna oa Mokreste a shapa mosali oa hae, sena se etsa hore mesebetsi e meng eohle ea hae ea Bokreste e se be ea bohlokoa mahlong a Molimo. Hopola, “ea otlang” ha a tšoanelehe bakeng sa litokelo ka phuthehong ea Bokreste. (1 Timothea 3:3; 1 Ba-Korinthe 13:1-3) Ho hlakile hore mosali leha e le ofe ea sebetsanang le monna oa hae ka tsela e tšoanang le ena o tlōla molao oa Molimo.

      Ba-Galata 5:19-21 (NW) e beha “lehloeo, ntoa, . . . litlhaselo tse bontšang bohale” har’a mesebetsi ea nama e nyatsoang ke Molimo ’me e bontša hore “ba etsang lintho tse joalo ha ba na ho ja ’muso oa Molimo lefa.” Kahoo, taba ea hore motho a shape mosali oa hae kapa bana ha e lokafatsoe le ka mohla. Hangata e khahlanong le molao oa naha ’me ka sebele e khahlanong le molao oa Molimo.

      Molula-Qhooa, e leng makasine o hatisoang ke Lipaki tsa Jehova, o fane ka pono ea Mangolo tabeng ena, ha o bua ka batho ba bolelang hore ke Bakreste empa ba shapa o re: “Mang kapa mang ea ipolelang hore ke Mokreste eo ka nako le nako le ka ho se bake a ineellang bohaleng bo khopo a ka khaoloa,” a khethoa.—November 1, 1975, leqephe 503; bapisa le 2 Johanne 9, 10.

      Seo Molao oa Molimo o se Lumellang

      Qetellong Molimo o tla ahlola ba tlōlang melao ea hae. Empa nakong ena, ke tokisetso efe eo Lentsoe la hae le e etsang bakeng sa balekane ba Bakreste ba shapuoang ha motho ea hlekefetsang a sa fetohe empa a tsoela pele ka ho shapa? Na bahlaseluoa ba se nang molato ba tlameha ho tsoela pele ka ho pepesetsa bophelo ba bona bo botle ba ’mele, ba kelello, le ba moea, mohlomong esita le bophelo ba bona kotsi?

      Molula-Qhooa, ha o bua ka pefo ea ka lapeng, o ngola seo Lentsoe la Molimo le se lumellang. Oa hlalosa: “Moapostola Pauluse oa eletsa: ‘Mosali a se ke a hlala monna oa hae—leha mosali a se a mo hlalile, a itulele, a se ke a nyaloa; kapa a boelane le monna oa hae—le eena monna a se ke a hlala mosali oa hae.’” Sehlooho sena se tsoela pele ho re: “Nakong eo hlekefetso e fetohang e ke keng ea mamelloa, kapa bophelo ka bobona bo le kotsing, molekane ea lumetseng a ka ’na a khetha ho ‘tsamaea.’ Empa maikemisetso e lokela ho ba ho ‘boelana’ hape ka nako e ’ngoe. (1 Ba-Korinthe 7:10-16) Leha ho le joalo, ho ‘tsamaea’ ka bohona ha ho fane ka metheo ea Mangolo ea ho hlala le ho nyala hape; leha ho le joalo, ho hlala ka molao le ho arohana ka molao ho ka ’na ha sireletsa hore lenyalo le se senyehele pele.”—September 1, 1983, maqephe 28-9; bona le tokollo ea November 1, 1988, maqephe 22-3.

      Seo mohlaseluoa a khethang ho se etsa boemong bona e tlameha ho ba qeto ea botho. “E mong le e mong o tla jara phahlo ee e leng ea hae.” (Ba-Galata 6:5) Ha ho na motho e mong ea ka mo etsetsang qeto e joalo. ’Me ha ho ea lokelang ho leka ho mo hatella hore a khutlele ho monna ea hlekefetsang moo bophelo bo botle ba hae, bophelo le bomoea li sokeloang. Seo e lokela ho ba khetho ea hae, eo a e etsang ka ho rata, eseng hobane ba bang ba leka ho mo qobella hore a etse thato ea bona.—Bona Filemone 14.

      Ho Fela ha Pefo ea Lelapa

      Lipaki tsa Jehova li ithutile hore pefo ea lelapa ke seo Bibele e se boletseng esale pele bakeng sa mehla ena ea qetello, eo ho eona ba bangata e tla ba “ba hlekefetsang,” ba “se nang lerato la tlhaho,” le ba “hlaha.” (2 Timothea 3:2, 3, The New English Bible) Molimo o tšepisa hore ka mor’a mehla ena ea qetello o tla tlisa lefatše le lecha la khotso leo ho lona batho ba tla “sireletseha, ho se ea ba tšosang.”—Ezekiele 34:28, NW.

      Lefatšeng leo le lecha le hlollang, pefo ea lelapa e tla fella ruri. “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Pesaleme ea 37:11.

      Re u khothaletsa hore u ithute ka ho eketsehileng ka litšepiso tsa Bibele tsa nako e tlang. Ruri, u ka kotula melemo esita le hona joale ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele tikolohong ea lelapa la hao.

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Keletso e molemo mabapi le tsela e sebetsang ea ho hōlisa bana e teng bukeng Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., likhaolo 7 ho ea ho 9, “Ho ba le Bana—Boikarabelo le Moputso,” “Karolo ea Lona Joaloka Batsoali,” le “Ho Ruta Bana ho Tloha Bonyenyaneng.”

      [Litšoantšo tse leqepheng la 10]

      Melao-motheo ea Bibele e thusa ho rarolla liphapang tsa lelapa

      [Setšoantšo se leqepheng la 13]

      Ho hlokahala hore bahlaseluoa ba tšepe motsoalle ea tšoanelehang

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela