-
Polao e Sehlōhō—Ke Hobane’ng ha u Lokela ho Tsotella?Tsoha!—1989 | April 8
-
-
Polao e Sehlōhō—Ke Hobane’ng ha u Lokela ho Tsotella?
‘NA POLAO e sehlōhō e ile ea fela ea etsahala? Na hoa tsotelleha? Ke hobane’ng ha ke lokela ho itšoenya ka hoo?’ ba bang ba ka ’na ba botsa.
Lebaka le leng leo motho a lokelang ho tšoenyeha ka lona ke ho tiisa hore histori ha e iphete. Mophonyohi oa kampo ea mahloriso Primo Levi o ile a ipotsa ka pelaelo hore na ebe monahano oa likampo tsa mahloriso o hlile o shoele. O botsitse: “Ke [monahano] o mokae o khutlileng kapa o khutlang? Ke eng seo e mong le e mong oa rōna a ka se etsang lefatšeng lena le tletseng tšabo hore tšabo ena e felisoe?”
Ka hona, Levi o buile ka kameho ea ba bangata ba ipotsang hore ebe masetla-libete ao a ka boela a etsahala hape na. Histori ea joale e arabela joang? Histori ea bokhopo, ho bolaoa ha sechaba, litlhokofatso, mabotho a bolaeang, le batho ba “nyametseng” le ba “bolailoeng” ho tloha ka 1945 linaheng tse ngata ke bopaki ba hore monahano o lokafatsang likampo tseo tsa mahloriso o sa ntse o le teng ebile o sebetsa ka matla.
’Me ho ba pholohileng—bana, beng ka motho, le metsoalle ea bafu—bonnete ba histori bo hlile boa tsotelleha. Histori e itšetlehile liketsahalong tsa sebele le ka batho ba sebele. Na ke ntho e tsotellehang hore ebe Jesu e ne e le tšōmo? Kapa hore Napoleon kapa Muhammad, moprofeta oa Boiselamo, e ne e le batho ba sebele kapa tšōmo? Ho hlile hoa tsotelleha. Tsela ea histori e fetotsoe ke banna bana.
Ka ho tšoanang, ho rinngoa ha batho ka sehlōhō ke Manazi e bile ho utloisang bohloko ka ho fetisisa ho batho ba iphahamisang ka tsoelo-pele ea bona historing eohle. Joalokaha Primo Levi a hlalosa: “Ha ho mohla batho ba kileng ba bolaoa ka sehlōhō le ka bongata bo joalo ka nako e khutšoaane hakana, ho kopantsoe bohlale ba boqapi, cheseho e fetisisang, le sehlōhō.”
Empa ho na le ba belaellang polao eo. Ba belaela hore ho bolaoa ha batho ka sehlōhō ke ’nete ea histori.
-
-
Polao e Sehlōhō—E, e Hlile ea Etsahala!Tsoha!—1989 | April 8
-
-
Polao e Sehlōhō—E, e Hlile ea Etsahala!
KA HO makatsang, ho na le sehlotšoana sa batho se lumelang hore polao e sehlōhō ea batho e ntsoeng ke Manazi ha ea etsahala ho ea ka tlhaloso ea histori ea joale. Bukeng ea hae Did Six Million Really Die? The Truth at Last, Richard Harwood oa bolela: “Qoso ea hore Bajode ba limillione tse tšeletseng ba ile ba shoa nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, ka lebaka la molao oa Jeremane oa ho bolaea batho larita, hase ’nete.”
Kahoo ho phahama lipotso: Na Manazi a ile a laela polao ea Bajode nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše? Na Bajode ba limillione tse ’ne ho isa ho tse tšeletseng ba hlile ba e-shoa likampong tsa mahloriso? Na ho bile le lintho tse kang matlo ao batšoaruoa ba ileng ba bolaoa ka ho pompeloa ka khase? Kapa lintho tsee ke ho sothoa ha histori ea Jeremane?
Borahistori ba bang ba ntlafatsang histori ba lumetse hore liketsahalo tsena ha lia etsahala. Ba phea khang ka hore ke Bajode ba likete tse ’maloa feela ba ileng ba shoa le hore boholo ba bona bo ile ba fallela linaheng tse ling.
Nyeoe ea lekhotla haufinyana Canada e phahamisitse tseko ena. Mofalli oa Jeremane Canada o ile a qosetsoa “ho hatisa boitsebiso bo fosahetseng bo neng bo tla baka kotsi sechabeng kapa mamellong ea sona” ka ho latola hore polao e sehlōhō ea batho ke Manazi ha ho mohla e kileng ea etsahala, ho tlalehile The Globe and Mail ea Toronto, Canada. Phello ebile kotlo ea ho koalloa teronkong likhoeli tse 15 le ho thibela ka molao libuka tsa hae tse buang ka ho fetoloa ha taba ea polao e sehlōhō e entsoeng ke Manazi.
Ka 1985 Jeremane Bophirima e ile ea fetola molao o khahlanong le ho senya motho lebitso e le hore ho lumelloe batho bao e seng Bajode ho etsa boipelaetso ka “mang kapa mang ea somang, ea ba qosang ka bohata, kapa ea tlotlollang batho ba ‘lahlehetsoeng ke bophelo ba bona e le bahlaseluoa ba Puso ea Bonazi kapa mefuta e meng ea puso ea bohatelli.’” Phello ea molao ona ke “ho etsa hore ea latolang polao ea Bajode likampong tsa mahloriso nakong ea puso ea Bonazi a lokeloe ke kotlo,” ho bolela Hamburger Abendblatt.
Ho latola polao e sehlōhō ea Manazi ho bitsoa “leshano la Auschwitz.” Auschwitz (eo hona joalo e leng Oświcim) e ne e le kampo ea mahloriso e tummeng hampe Poland moo Manazi a ileng a bolaea batho ka bongata. Ho ea ka mohloli oa litaba oa Jeremane Bophirima, batho ba lumellanang le ’muso ba lekile ho pata kapa ho hanyetsa liketsahalo tsena ’me ka hona ba li bitsa “leshano la Auschwitz.”
Ho Fallela Sebakeng se Seng Kapa ho Bolaoa?
Kajeno ho ba teng ha Bajode ba limillione ba setso sa Europe ho paka hore Manazi a ile a hlōleha ho timetsa Bajode ba Europe. Hore Bajode ba bangata ba phonyohile timetso likampong tsa mahloriso ho lumetsoe ke rahistori William L. Shirer, ea ngotseng bukeng ea hae 20th Century Journey—The Nightmare Years 1930-1940: “Hase Bajode bohle ba Austria ba ileng ba timela likampong tsa mahloriso le lichankaneng tsa Nazi. Bajode ba bangata ba ne ba sa lumelloa ho ithekolla botlamuoeng le ho ea linaheng tse ling. Hangata ba ne ba lokela ho lefa ka bophelo ba bona.... Hoo e ka bang halofo ea Bajode ba Vienna ba 180 000 ba ile ba tseba ho reka tokoloho ea bona pele polao e sehlōhō e qalisa.” Mokhoa ona oa ho ithekolla o ile oa kena tšebetsong haholo-holo ka bo-1930.
Leha ho le joalo, Shirer o hlalosa hore le hoja Ofisi ea Bajode ea Phallo e ile ea hlongoa tlas’a Reinhard Heydrich, “hamorao e ne e tla fetoha sebaka sa polao, le ho hlophisa polao ea Bajode ba fetang limillione tse ’ne, ho feta ho ba sebaka sa boemeli sa phallo.” ‘Tharollo ena ea ho qetela’ e ile ea phethahatsoa tlas’a bolaoli ba Karl Adolf Eichmann, eo qetellong a ileng a bolaeloa Iseraele ka baka la litlōlo tsa hae tsa ntoa.
Likampo tsa mahloriso e ne e se tsona feela mokhoa oa ho felisa seo Manazi a neng a se talima e le batho ba tlaase le ba moloko o tlaase. Ho ne ho boetse ho le teng Einsatz gruppen (Lihlopha tsa Bohato bo Khethehileng), mabotho a bolaeang a neng a sala morao lebotho le kenang ka likhoka naheng e ’ngoe, “morero oa lona o moholo e ne e le ho bolaea Bajode. . . . [Mabotho] Einsatzgruppen a neng a hata haufi-ufi le lebotho le kenang naheng a ne a thunya ka ho hloka mohau, a khaola ka sabole, a chesa, a hlokofatsa, a bipetsa ka khase ho fihlela lefung kapa a epela Bajode ba ka bang halofo ea millione ba phela likhoeling tsa pele tse tšeletseng tsa letšolo la ’ona.”—Hitler’s Samurai—The Waffen-SS in Action, ka Bruce Quarrie.
Na palo eo ke e ke keng ea lumeleha? E sebetsahala ka karolelano e ka tlaase ho polao ea motho a le mong ka letsatsi bakeng sa setho se le seng sa sehlopha sa lebotho la litho tse 3 000. Ha mabotho ana a khethehileng a fihla libakeng tsa Soviet, palo ea ba bolailoeng e sa fellang e ka “feta 900 000, palo e ka etsang likarolo tse peli ho tse tharo tsa lenane lohle la Bajode ba bolailoeng ke lihlopha tsena tse tsamaeang.”—The Destruetion ofthe European Jews, ka Raul Hilberg.
Molaoli e Moholo oa Sesole oa Ipolela
Ho na le bopaki bofe bo tsoang ho ba bileng le karolo lipolaong likampong tsee tsa mahloriso? Rudolf Höss, eo e kileng ea eba molaoli e moholo oa sesole oa kampo ea Auschwitz o ile a tletleba: ‘Nkholoeng, ka mehla ho ne ho sa thabise ho bona liqubu tseo tsa litopo le monkho o tsoelang pele oa ho cha.’ O boetse a “bua ka ho makalla Mabotho a Khethehileng a Bajode (Sonderkommandos) a neng a ithaopela ho thusa ho bipetsa litho tsa morabe oa ’ona ka khase bakeng sa ho lelefatsa bophelo ba ’ona.” (The Face of the Third Reich, ka Joachim C. Fest, leqephe 285) Mongoli oa Lejeremane Fest oa phaella: “Boithoriso bona ba katleho tšebetsong eo bo hlahella polelong ea Höss: ‘Ka tumello ea Moeta-pele oa Bonazi oa SS [Heinrich Himmler], Auschwitz e ile ea fetoha setsi se seholo ka ho fetisisa sa polao ea batho,’ kapa ha a qolla ka khotsofalo morero o atlehileng oa matlo a ho bipetsa ka khase a kampo ea hae a neng a le boholo bo imenneng ka makhetlo a leshome ho feta a Treblinka.”
Tlalehong ea liketsahalo tsa bophelo ba hae Höss o ngotse: “Ke ile ka kenya letsoho phelisong e khōlō ea batho Pusong ea Nazi Jeremane.” “Moeta-pele oa SS oa Bonazi [Himmler] o ile a romela baeta-pele ba phahameng ba Mokha le ba ofisiri ba SS Auschwitz e le hore ba ka iponela ka bobona mokhoa oo ho bolaoang Bajode ka ’ona. Ba ile ba makala haholo ke seo ba se boneng.”a
Leha ho le joalo, ka ho hlakileng ba ile ba angoa ke phapang mahareng a poleloana “tharollo ea ho qetela bothateng ba Bajode” le ho phethahatsoa ha sebele ha eona ho tšosang matlong a ho bipetsa ka khase. Ha Höss a botsoa hore na o ne a ka e mamella joang, o arabile: “Karabo ea ka e tsitsitseng e bile hore boikemisetso bo thata boo re neng re lokela ho phetha litaelo tsa Hitler ka bona bo ka fumanoa feela ka ho hatella maikutlo ’ohle a botho.”
Ka hona, Höss, ea neng a laoloa ke tšusumetso ea liketso tse sehlōhō, o lumetse hantle hore polao e sehlōhō e entsoeng ke Manazi e bile ntho ea sebele le hore eena ka boeena e bile e mong oa babolai joaloka molaoli e moholo oa sesole oa Auschwitz.
Values and Violence in Auschwitz, buka ea pele e hatisitsoeng ka Sepolishe, mofetoleli Catherine Leach, o bolela hore Bajode ba Poland ba ka bang 3 200 000 ba ile ba bolaoa larita, ba hlokofatsoa, ba etsoa makhoba likampong tsa mahloriso. Oa bolela: “Polao e sehlōhō ea Bajode ba Europe ke Manazi e etsahetse Poland.”
Ho Bolaea ka ho Khamisoa Metsi
Lefu le ne le etsoa ka litsela tse ngata likampong—tlala, boloetse, ho thunngoa molaleng, matlo a bipetsang a khase, litlhokofatso, ho khangoa, ho khaoloa molala ka sabole, le ho khamisoa metsi. Ho khamisoa metsi e ne e le mokhoa o khethehileng oa ho hloekisa.
Mongoli Terrence Des Pres oa hlalosa: “’Nete ke hore batšoaruoa ba ne ba qobelloa litšila ka tsela e hlophisitsoeng. Ba ne ba bolaoa ka mantle.... Batšoaruoa likampong tsa Nazi ba ne ba khangoa ke metsi a bona a litšila, ’me ho khamisoa ka metsi a kopaneng le mantle ho ne ho tloaelehile. Ka mohlala, Buchenwald, matloana ane a ena le mekoti e bulehileng e bolelele ba limithara tse robeli, botebo ba limithara tse ’ne le bophara ba limithara tse ’ne.... Mantsiboea mekoti ena, e neng e lula e tšoloha, e ne e hloekisoa ke batšoarua ba neng ba sebelisa liemere tse nyenyane ho kha metsi.” Paki e ’ngoe e boneng ka mahlo ea hopola: “Sebaka seo se ne se thella haholo ’me se le lefifi. Ho banna ba 30 ba abetsoeng mosebetsi ona, ka karolelano ba leshome ba ne ba oela ka mokoting bosiung bo bong le bo bong. Ba bang ba ne ba sa lumelloa ho ntša ba oetseng. Ha mosebetsi o phethiloe ’me mokoti o se na letho, ke hona ba neng ba lumelloa ho ntša litopo.”
Ho na le bopaki bo bongata bo ka qotsoang ho tiisa hore polao e bile karolo ea tsamaiso ea Nazi ha mabotho a ntse a kena linaheng tse ngata tsa Europe. Pale ea taba ena ke e sa feleng, ’me bopaki ba paki e boneng ka mahlo, hammoho le bopaki ba litšoantšo, ke bo nyarosang. Empa na polao e sehlōhō e etsahalletse Bajode feela? Ha Manazi a futuhela Poland, na e ne le Bajode feela bao ba neng ba batla ho ba bolaea?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa litlōlo tsa hae tsa molao tsa ntoa, Rudolf Höss, mohlophisi e moholo oa kampo ea ba hanang sesole ka mabaka a letsoalo le mohlanka oa ’muso ea tšepahalang, o ile a fanyehoa Auschwitz ka ’Mesa 1947.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
“Batšoaruoa [ba ileng ba isoa likampong tsa mosebetsi o boima] ba ka be ba sirelelitsoe bohlokong bo boholo haeba feela ba ne ba isitsoe ka ho toba matlong a ho bipetsa ka khase Auschwitz.”—Rudolf Höss molaoli e moholo oa sesole oa Auschwitz
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
‘Nkholoeng, ka mehla ho ne ho sa thabise ho bona liqubu tseo tsa litopo le monkho o tsoelang pele oa ho cha.’—Rudolf Höss
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
“Batho ba bangata ba ne ba ntse ba tla, ka mehla ba eketsehileng, bao re neng re se na sebaka sa ho ba bolaea.... Matlo a ho bipetsa ka khase a hlōleha ho boloka batho ba bangata hakaalo.”—Franz Suchomel, moofisiri oa SS
[Lebokose le leqepheng la 6]
Tefo Bakeng sa Bopaki
“Moputso [oa R115 000] oa ‘bopaki’ ba hore Manazi a bolaile Bajode ka ho ba bipetsa ka khase likampong tsa mahloriso o lokela ho lefuoa mophonyohi oa Auschwitz tlas’a melao ea lekhotla, ho boletse ’muelli oa mophonyohi kajeno.
“Moahloli Robert Wenke oa Lekhotla le Phahameng la Linyeoe [Los Angeles] o amohetse boipiletso bo batlang Mokhatlo oa Tlhahlobo ea Histori ho lefa Mel Mermelstein, mophonyohi oa Auschwitz....
“Mokhatlo, o bolelang hore polao e sehlōhō e entsoeng ke Manazi ha ea etsahala, le ’ona o lokela ho lefa Monghali Mermelstein [R230 000] bakeng sa bohloko le matšoenyeho tse bakiloeng ke moputso, ho boletse ’muelli oa molao....
“‘Tlhōlo ea Monghali Mermelstein nyeoeng ena’ [ho boletse ’muelli oa molao, Gloria Allred] ‘joale e tla romella molaetsa o hlakileng ho bohle bao ho potoloha lefatše ba lekileng ho fetola histori ka bolotsana le ho baka masisa-pelo le matšoenyeho ho Bajode hore baphonyohi ba polao e sehlōhō ba tla iphetetsa ka tsamaiso ea molao ho sireletsa ’nete e buang ka bophelo ba bona.’”—The New York Times, Phupu 25, 1985.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Sachsenhausen—“Kampo e Sireletsehileng”?
Na Sachsenhausen e ne e hlile e le kampo ea polao? Kapa e ne mpa e le “kampo e sireletsehileng”?
Karabo ka Max Liebster, mohlaseluoa oa Mojode ea phonyohileng polao e sehlōhō:
“Bopaki ba ka bo theiloe phihlelong ea ka le seo ke se boneng kampong ena. Ha ke hloke bopaki bo tsoang ka ntle ho fumana se etsahetseng Sachsenhausen. Ke ’nete, batlalehi ba litaba le ’muso oa Nazi ba bolela hore e ne e le Schutzhaftlager, ‘kampo e sireletsehileng.’ Liphihlelo tse latelang lia ipuella:
“Ka Pherekhong 1940, ke ile ka tlisoa ke Gestapo (mapolesa a sekhukhu a ’muso) ho tsoa Pforzheim ho tla teronkong ea Karlsruhe, ’me ke ile ka bolelloa ke Gestapo hore ke ne ke le tseleng e eang kampong ea polao. Gestapo e ile ea ntšoma: ‘Du Stinkjude wirst dort verecken, kommst nicht mehr zuruck!’ (Mojode ting ea nkhang. O tla shoa joaloka phoofolo. U ke ke ua hlola u khutla!)
“Tšoaro e mpe eo re ileng ra e fuoa ha re fihla Sachsenhausen ke e ke keng ea utloisisoa ke motho. Bajode ba ne ba romeloa kampong e ka thōko ka har’a kampo e khōlō. Ba ne ba ena le maemo a mabe ka ho fetisisa ho e-na le ba bang. Ka mohlala, Bajode ba ne ba se na sebaka sa ho robala, haese feela mekotla e tšetsoeng joang e lahletsoeng fatše. Sebaka sa bolulo se ne se tletse hoo ho neng ho hlokahala ho robala le petetsane joaloka litlhatsoana, hoo maoto a motho e mong a neng a le hloohong ea motho e mong. Hoseng, banna ba shoeleng ba ne ba fumanoa ba robetse haufi le ba phelang. Ho ne ho se tlhokomelo ea meriana bakeng sa Bajode.
“Ke ile ka utloa hore ntate o ne a le meahong e meraro ea bolulo ho tloha moo ke leng teng. Ke ile ka mo fumana a robetse har’a qubu ea mekotla e tletseng joang, maoto a hae a ruruhile ke metsi ’me matsoho a hae a ne a hoamme. Hoba a shoe, ke ile ka lokela ho jara setopo sa hae mahetleng ho ea moo ho chesoang litopo. Moo ke ile ka bona qubu e khōlō ea litopo ho feta eo ba neng ba ka e chesa.
“Ba likete-kete ba ile ba shoa Sachsenhausen ka lebaka la tšoaro e mpe. Ho bahlaseluoa ba bangata ho ne ho le molemo ho shoela Sachsenhausen ho e-na le ho shoela matlong a ho bolaoa ka ho bipetsoa ka khase Auschwitz.”
[Lebokose le leqepheng la 8]
“Ha ho Mohlala oa Bona o Lokelang ho Sala”
“Ha qetellong ho buloa lebitla le leholo, ke ile ka tseba baheso kaofela. ’Mè le likhaitseli tsa ka. Bokhaitseli ba bararo le bana ba bona. Kaofela ba ne ba le ka hare. Ba ne ba epetsoe ka likhoeli tse ’ne, ’me e ne e le mariha.” “Mookameli oa Gestapo Vilna o ile a re bolella: ‘Ho na le batho ba likete tse mashome a robong ba robetseng mona, ’me ho hang ha ho mohlala oa bona o lokelang ho sala.’”—Bopaki ba baphonyohi ba Bajode, Motke Zaïdl le Itzhak Dugin.
“Ha re ntse re feta, ba ne ba ntse ba bula menyako ea ntlo ea ho bolaea ka ho bipetsa ka khase, ’me batho ba ne ba e-oa joaloka litapole. . . . Letsatsi le letsatsi ho ne ho khethoa Bajode ba lekholo ho hula litopo ho li isa mabitleng a maholo. Mantsiboea Maukraine a ne a khannela Bajode bao matlung a ho bipetsa ka khase kapa ba ba thunya. Letsatsi le leng le le leng! . . . Batho ba eketsehileng ba ne ba ntse ba e-tla, ka linako tsohle ba eketsehileng, bao re neng re se na sebaka sa ho ba bolaea. . . . Matlo a ho bipetsa a khase a ne a hlōleha ho jara moroalo o mokalo.”—Franz Suchomel, moofisiri oa SS (Unterscharführer), ka seo a se boneng ka lekhetlo la pele kampong ea polao ea Treblinka.
(Mantsoe ana a qotsitsoeng a nkiloe lipuisanong tsa tlhaloso ea setšoantšo Shoah.)
-
-
Polao e Sehlōhō—Bahlaseluoa ba LebetsoengTsoha!—1989 | April 8
-
-
Polao e Sehlōhō—Bahlaseluoa ba Lebetsoeng
“Melao ea Manazi ea ho bolaea sechaba e qetelletse ka lefu la Balichaba ba Poland ba bangata joaloka Bajode ba Poland, ka hona ba fetoha hahlaseluoa-’moho ‘Polaong e Sehlōhō e Lebetsoeng.’”—“The Forgotten Holocaust” ka Richard C. Lukas
POLAO E SEHLŌHŌ—ke eng? Ho ea ka libuka tse ling tse hlalosang mantsoe, e bolela ho bolaoa ha Bajode ba Europe ka boomo ke Manazi nakong ea Ntoa II ea Lefatše. Tlhaloso eo e ka fana ka maikutlo a hore ke Bajode feela ba ileng ba hlokofatsoa le ho shoa matsohong a Manazi. Leha ho le joalo, na ke toka le ’nete ho lebisa polao e sehlōhō ho Bajode feela mehleng ea Nazi?
Mongoli Richard Lukas oa bolela: “Ho batho ba bangata polao e sehlōhō ke tlokotsi eo Bajode ba ileng ba e otloa tlas’a Majeremane nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ho latela monahano ona, ke ho utloahalang kajeno ho lemoha lebaka le etsang hore Bajode ba bolele hore polelo ena ka ho khethehileng e hlalosa phihlelo ea Bajode.... Empa leha ho le joalo, ka ho se kopanyelletse ba bang polaong eo e sehlōhō, litlokotsi tseo Mapolishe, Maslav, le Magypsy a li mamelletseng matsohong a Manazi hangata lia hlokomolohoa, haeba li sa lebaloe.”
Lukas o boetse oa bolela: “Ho bona [borahistori], polao e sehlōhō e ama Bajode ka ho khethehileng, ’me ka hona ba hlalosa hanyenyane kapa ha ba hlalose letho ka Balichaba ba limillione tse robong, ho kopanyelletsa le ba limillione tse tharo ba [Balichaba] ba Poland, bao le bona ba shoeleng koluoeng e khōlō ka ho fetisisa eo lefatše le kileng la e tseba.”
Meharo ea Hitler Bakeng sa Sebaka sa Bolulo
Ha mabotho a Hitler a hlasela Poland ka Loetse 1939, a ne a neiloe litaelo tsa ho phethahatsa tsamaiso ea Hitler ea ho fumana Lebensraum, sebaka sa bolulo, bakeng sa Majeremane. Joalokaha Richard Lukas a bolela: “Ho Manazi, batho ba Poland e ne e le Untermenschen, (batho ba tlaasana) ba neng ba lula naheng eo e neng e le karolo ea Lebensraum (sebaka sa bolulo) se neng se lakatsoa ke moloko o phahameng oa Jeremane.” Ka hona, Hitler o ile a laela mabotho a hae ho bolaea “ntle ho mohau kapa qenehelo banna kaofela, basali, le bana ba setso sa Poland, kapa puo. Ke ka tsela ena feela re ka fumanang sebaka sa bolulo seo re se hlokang.”
Ka Loetse 1939 ha qaleha polao e sehlōhō ea batho ba Poland. Hitler o ne a boletse: “Ntoa e tlameha ho ba ntoa ea timetso.” Motšehetsi oa Hitler Heinrich Himmler o ile a phatlalatsa: “Batho bohle ba Poland ba tla felisoa lefatšeng. . . . Ke ha bohlokoa hore batho ba Jeremane ba nke ho bolaea batho bohle ba Poland e le mosebetsi o moholo.” Ka hona, polao e sehlōhō e ne e sa rereloa Bajode ba Poland feela; empa “batho bohle ba Poland.”
“Ho ile ha sebelisoa tšabo linaheng tsohle tse futuhetsoeng.... Empa Poland [motho] e mong le e mong o ile a hlekefetsoa ka sehlōhō, a bolaoa larita ka baka la molao o neng o re moahi e mong le e mong oa Poland, ho sa tsotellehe lilemo, bong, kapa bophelo, e ne e le setho sa sechaba se rohakiloeng—se rohakiloeng ke baetsi ba molao mokheng oa Nazi,” ho bolela Catherine Leach, mofetoleli oa buka ea Sepolishe Values and Violence in Auschwitz. O boletse hore Himmler o ne a talima batho ba Poland e le ba morabe o tlaase o lokelang ho bolokoa bokhobeng.
“Esita le ka mor’a ho inehela ha Poland [ka la 28 Loetse, 1939], Wehrmacht [mabotho a Jeremane] a ile a tsoela pele ho latela ka botebo keletso ea Hitler ea la 22 Phato, 1939, ha a ne a fuoa taelo ea ho bolaea ‘ka ntle ho mohau kapa qenehelo banna kaofela, basali, le bana ba setso sa Poland kapa puo.’” Ke joang lebotho la Jeremane le ma-SS a neng a susumetsoa ke lipolao tse sehlōhō joalo? A ile a rutoa lithuto tse phahamisang moloko oa ma-Aryan le tse khellang meloko e meng fatše. Ka hona, joalokaha Lukas a ile a bolela ho The Forgotten Holocaust: “Khopolo ea Nazi ea ho etsa Poland koloni ea eona e ne e theiloe tabeng ho felisa Mapolishe e le sechaba hobane Hitler o ne a ba hloile haholo joaloka Bajode.”
“Molao o Mobe oa ho Lekanyetsa Lenane la Batho”
Mantsoeng a selelekela a buka Commandant of Auschwitz, Morena Russell oa Liverpool o itse: “Nakong ea ntoa mohlomong batho ba ka tlaase ho limillione tse 12, banna, basali, le bana ba tsoang libakeng tse ileng tsa futuheloa ba ile ba bolaoa ke Majeremane. Ha ho lekanyetsoa, ba ka bang limillione tse robeli ho bona ba ile ba shoela likampong tsa mahloriso. Har’a bona, ba limillione tse hlano e ne e le Bajode. . . . Leha ho le joalo, lenane la sebele le ke ke la tsejoa.” Motheong oa lipalo-palo tsena feela, bonyane babolauoa ba limillione tse supileng e ne e se Bajode.
Bopaki bo bong hape ke ba Catherine Leach, ea ngotseng: “Poland e bile eona naha ea pele e ileng ea qobelloa ke ‘molao o mobe oa ho lekanyetsa lenane la batho’ la Hitler eo morero oa hae e neng e le ho bula libaka tse ngata tsa ‘Bochabela’ bakeng sa bolulo ba Majeremane, ’me Poland e ile ea lahleheloa ke bophelo ba bangata haholo ho feta linaha tsohle—batho ba 220 ho baahi ba bang le ba bang ba 1000. Mehloli ea Poland e bolela hore baahi ba fetang 6 028 000 ba Poland . . . ba ile ba shoa.” Ho bana, ba 3 200 000 e ne e le Bajode. Sena se bolela hore hoo e ka bang karolo ea 50% ea baahi ba Poland e shoeleng e ne e se Bajode.
Ha ho khang, ho bile le “polao e sehlōhō e Lebetsoeng” ea babolauoa ba limillione bao e seng Bajode, haholo-holo ba setso sa ma-Slavic. Bana ba kopanyelletsa Marussia a limillione a ileng a bolaoa ke Manazi. Marussia ao a ne a se na khetho. Ka lebaka la thuto ea Nazi ea khethollo ea morabe, a ile a ahloleloa lefu.
Leha ho le joalo, lipalo-palo tsena li hlōleha ho akarelletsa Majeremane a liketekete ao e seng Bajode ao le ’ona a ileng a hlokofatsoa ke mehato eo ea ho rinya batho ka sehlōhō haeba ba hanyetsa Hitler le mohopolo oa hae o phahamisang morabe o mong. Har’a bana ho bile le Lipaki tsa Jehova tse liketekete, tse ileng tsa hana ho sebeletsa sesoleng sa Hitler. E, hohle linaheng tsa Jeremane le Nazi ho bile le batho ba likete-kete bao ka ho rata ba ileng ba khetha ho isoa likampong tsa mahloriso ’me ba bangata ho bona ba shoela tumelo ea bona.
Ka hona, ntho ea bohlokoa ke hore, Ho na le phapang efe mahareng a bao e neng e le bahlaseluoa ba polao e sehlōhō le bao e neng e le bashoela-tumelo?
[’Mapa/Litšoantšo leqepheng la 10]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Tse ling tsa likampo tsa mahloriso le polao Europe. Ho phaella moo, ho ne ho e-na le likampo tsa batšoaruoa ba sebelisoang ka thata tse 165
NORTH SEA
LATVIA
Riga
LITHUANIA
Kaunas
E. PRUSSIA
POLAND
Stutthof
Treblinka
Chelmno
Sobibor
Lublin
Skarysko-Kamienna
Majdanek
Plaszow
Belzec
Auschwitz
GERMANY
Papenburg
Neuengamme
Belsen
Ravensbrück
Sachsenhausen
Oranienburg
Lichtenberg
Dora-Nordhausen
Torgau
Buchenwald
Gross-Rosen
Ohrdruf
Flossenbürg
Dachau
Landsberg
NETH.
Westerbork
Vught
BELG.
LUX.
FRANCE
Natzweiler-Struthof
SWITZ.
ITALY
AUSTRIA
Mauthausen
Sachsenburg
CZECHOSLOVAKIA
Theresienstadt
[Setšoantšo]
Hitler o boletse: “Ntoa e lokela ho ba ntoa ea timetso.” Bolaeang “ka ntle ho mohau, kapa qenehelo banna kaofela, basali, le bana ba setso sa Poland kapa puo”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Laebrari ea Congress
[Setšoantšo]
Himmler o boletse: “Batho bohle ba Poland ba tla felisa lefatšeng”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
UPl/Bettmann Newsphotos
-
-
Polao e Sehlōhō—Bahlaseluoa Kapa Bashoela-tumelo?Tsoha!—1989 | April 8
-
-
Polao e Sehlōhō—Bahlaseluoa Kapa Bashoela-tumelo?
KE HOBANE’NG ha ho etsoa phapang mahareng a bahlaseluoa le bashoela-tumelo? Hobane bohle ba shoeleng ka baka la polao e sehlōhō e bile bahlaseluoa, empa ke sehlotšoana se fokolang feela seo ka sebele e neng e le bashoela-tumelo ka kutloisiso ea sebele ea lentsoe leo. Phapang ke efe?
Mohlaseluoa ke “motho ea bolaoang kapa ea tlas’a tlhokofatso kapa ea hlokofatsoang ke motho e mong.” Hangata bahlaseluoa ha ba na khetho.
Moshela-tumelo ke “motho ea khethang ho shoa ho e-na le hore a latole melao-motheo ea bolumeli” kapa “motho ea etsang sehlabelo ka ho hong ha bohlokoa ho eena e le ho ntšetsa pele tumelo, sepheo se itseng, kapa molao-motheo.” (The American Heritage Dictionary of the English Language) Ka hona, hangata mohlaseluoa ke ea sa ithaopeng, ha moshoela-tumelo eena e le ea ithaopang.
Mefuta e Meraro ea Bahlaseluoa
Sebokeng sa bao e neng e se bahlaseluoa ba Bajode matsohong a Manazi, Ngaka Gordon Zahn, oa Univesithi ea Massachusetts, o hlalositse bahlaseluoa matsohong a Manazi ka lihlooho tse tharo: (1) ba bolailoeng ka baka la seo ba neng ba le sona—Bajode, Maslav, Magypsy; (2) ba bolailoeng ka baka la seo ba se entseng—basodoma, bahanyetsi ba lipolotiki, le lingangele; (3) ba bolailoeng ka baka la seo ba latotseng ho se etsa—ba hanyetsang ka lebaka la metheo ea bolumeli, Lipaki tsa Jehova, le ba bang.
Bajode ba limillione ba ile ba hlokofatsoa le ho shoa ka hobane feela e ne e le Bajode ka kutloisiso ea morabe. Ho balateli ba Hitler ho ne ho sa etse taba hore motho ke mo-Orthodox kapa ke Mojode ea latolang boteng ba Molimo. Ba ile ba ahloleloa “tharollo ea ho qetela,” kapa lefu, ke kamoo mokhoa oa Hitler oa ho felisa Bajode bohle Europe o neng o bitsoa kateng. Ka ho tšoanang, Maslav, lipolaong tsa Hitler e neng e le Mapolish, Marussia, le Maukraine, a ile a ahloleloa lefu kahobane feela e le Maslav, ‘moloko o khelloang tlaase’ ha o bapisoa le “moloko o phahameng” oa Maaryan.
Empa taba ea Lipaki tsa Jehova Europe e ne e fapane. Ba ne ba tsoa lichabeng tse ngata empa ba ne ba utloisisoa ka phoso e le tšoso Pusong ea Manazi ea Jeremane ka lebaka la boemo ba bona ba Bokreste ba ho se jele pate le ho hana ho kenyelletsoa lintoeng tsa sechaba leha e le sefe. Hitler o ile a li bitsa ka hore ke ‘mokha o lokelang ho felisoa.’ “Mokha” oo o ne o le moholo hakae hona na o ile oa felisoa?
“Mokha o Monyane”—Tšoso ho Manazi
Sebokeng se boletsoeng ka holimo, Ngaka Christine King o fane ka lintlha tse itseng ka Lipaki Jeremane ea Bonazi. Oa tlaleha: ‘Hore mokha ona o monyenyane, oa batho ba ka bang 20 000 har’a baahi ba limillione tse 65, bao har’a bona ba limillione tse 20 e le Mak’hatholike a Roma le ba limillione tse 40 e le Maprotestanta, o ile oa hapa tlhokomelo ea ba baokameli ke ho makatsang. Ha u nahana ka likamano tsa bona tse matla le Amerika, taba-tabelo ea bona ea machaba, le tšehetso ea bona ea bokomonisi le Bozione kapele-pele ho ile ha hlaka hore ba ne ba ke ke ba mamelloa.’ Ha e le hantle, Lipaki tsa Jehova e ne e se Makomonisi kapa batšehetsi ba mokhatlo oa Bozione empa ba ne ba sa nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki kapa tsa morabe. Leha ho le joalo, Manazi a ne a sa utloisise sena.
Letšolo la Manazi khahlanong le Lipaki le qalile ka 1933 ha Hitler a qala puso ea hae. Ka 1934, ka mor’a hore a amohele melaetsa e potlakileng ea boipelaetso mabapi le Lipaki ho potoloha lefatše, Hitler o ile a phasoloha ka bohale ’me a hoeletsa: “Mokha ona o tla felisoa mona Jeremane!” Ho hlorisoa ha Lipaki ho ile ha eketseha.
Bukeng ea bona Anatomy of the SS State, Helmut Krausnick le Martin Broszat ba ngotse: “Sehlopha se seng hape sa batšoaruoa seo ka mor’a 1935 se ileng sa fetoha se seholo sa batho ba neng ba le kampong tsa mahloriso e ne e e le litho tsa Internationale Vereinigung der Ernsten Bibelforscher [Lipaki tsa Jehova]. Mokhatlo ona o ile oa thibeloa Pusong ea Jeremane ka 1933 ’me ho etsoa ha balateli ba bacha le lipuello tsa Lipaki tsa Jehova ho ne ho thibetsoe ka molao hobane mokhatlo ona o ne o nkoa e le kofuto e sebeletsang ho thotofalletsa sechaba khahlanong le ntoa.”
“Ka Tlhakubele 1936 ho ile ha ntšuoa taelo ea hore baeta-pele bohle ba Internationale Bibelforschervereinigung (IBV) [Lipaki tsa Jehova] ba lokela ho isoa kampong e sireletsehileng ‘ka likhoeli tse peli’. Bohareng ba Motšeanong 1937 ho ile nkuoa mehato e eketsehileng. Gestapo ea ntša mantsoe a reng: Mang kapa mang eo ka mokhoa leha e le ofe a ntšetsang pele boikemisetso boo e seng ba molao ba IBV kapa bonngoe ba balateli ba ’ona o tla isoa kampong e sireletsehileng ’me hang-hang o tla tlisoa ka pel’a lekhotla pele ho ntšuoa lengolo la molao hore a tšoaroe.” Hangata ‘kampo ena e sireletsehileng’ e qetelletse ka hore ba fetisetsoe kampong e ’ngoe ea mahloriso.
Bangoli ba boetse ba hlokomela: “Ka 1937/8 batšoaruoa ba bangata Dachau e ne e le ba lipolotiki ha Sachsenhausen mehleng eo ho ne ho boetse ho e-na le lenane le lekanang la ba neng ba bitsoa batho ba leng khahlanong le ’muso, basodoma, Lipaki tsa Jehova le linokoane tse tsebahalang.”
Ntoa ea II ea Lefatše le ho se Nke Lehlakore
Lintho li ile tsa mpefala haholo bakeng sa Lipaki ka 1939 ha ntoa e qhoma mahareng a Jeremane le Europe, Brithani le Fora. Ke’ng se ileng sa etsahala?
August Dickmann ea lilemo li 23 ea tsoang Dinslaken e ne e le e mong oa Lipaki tse 600 tse tšoeroeng Sachsenhausen ka 1939.a Ha ntoa e qhoma ka Pulungoana, motsamaisi oa kampo Baranowsky o ile a nka hoo e le monyetla oa hae oa ho senya boikemisetso ba Lipaki. August o ile a hana ho kena sesoleng, ’me Baranowsky a kōpa Himmler ho bolaea Dickmann e monyenyane ka pel’a batšoaruoa bohle ba neng ba le kampong. O ne a kholisehile hore Lipaki tse ngata li tla latola tumelo ea tsona haeba ka sebele li bona polao eo. Dickmann o ile a thunngoa ka morao ke banna ba bararo ba SS ’me ofisiri ea SS ea mo qetella ka ho mo thunya phatleng.
Gustav Auschner, paki e boneng ka mahlo, hamorao o ile a tlaleha: “Ba ile ba thunya Dickmann ’me ba re bolella hore le rōna kaofela re tla thunngoa haeba re sa saene qeto ea ho latola tumelo ea rōna. Re ne re tla isoa re le 30 kapa 40 ka nako e le ’ngoe mokoting o chekiloeng lehlabatheng, ’me ba re thunye kaofela. Letsatsing le hlahlamang, ma-SS a ile a tlisetsa e mong le e mong oa rōna pampitšana hore re saene kapa ho seng joalo re thunngoe. E ka re u ka be u bone lifahleho tsa bona tse soabileng ha ba tsamaea ba sa fumana mosaeno leha o le mong. Ba ne ba tšepile ho re tšosa ka ho re bolaea pontšeng. Empa re ne re e-na le tšabo e eketsehileng ea ho soabisa Jehova ho feta likulo tsa bona. Ha ba ka ba hlola ba thunya ba eketsehileng pontšeng.”
Boemo bo tšoanang bo ile ba hōla kampong ea Buchenwald ka la 6 Loetse, 1939. Moofisiri oa Nazi Rödl o ile a bolella Lipaki: “Haeba mang kapa mang oa lōna a hana ho loantša Fora kapa Engelane, kaofela ha lōna le tlameha ho shoa!” Ebile motsotso oa teko. Ho ne ho e-na le masole a hlometseng a SS a neng a se a eme hekeng. Leha ho le joalo, “ha ho lea mong oa Lipaki tsa Jehova ea ileng a arabela kōpo ea moofisiri ea ho loanela Jeremane. Ho bile le khutso ea nakoana, eaba ho hlaha taelo ea tšohanyetso: ‘Matsoho holimo! Ntšang se ka mekotleng ea lōna!’” ho tlaleha Eugen Kogon ho The Theory and Practice of Hell. Na ba ile ba thunngoa? Che, ba ile ba hlapaoloa le ho tlatlapuoa ke banna ba SS eaba ba ba abela mosebetsi o boima oa ho epa majoe. Ba ne ba boetse ba thibetsoe phekolo leha e le efe sepetlele.
Ngaka King, ea qotsitsoeng pejana, o hlalositse: ‘Leha ho le joalo ka ho makatsang, ho Manazi, Lipaki li ne li ke ke tsa felisoa. Ha ba ntse ba hatelloa haholoanyane ba ile ba mamella haholoanyane, ba thatafala joaloka taemane. Hitler o ile a ba lahlela ntoeng ea ho qetela ea lefu, ’me ba ile ba boloka tumelo. Ka khutlo-tharo ea bona e ’mala o perese (letšoao la boitsebahatso le behoang lehetleng) ba ile ba thea likamano tse matla likampong; phihlelo ea bona ke boitsebiso ba bohlokoa ho bohle ba ithutang ho pholoha tlas’a maemo a thata. Hobane ba ile ba pholoha.’
Anna Pawelczyriska ea phonyohileng Auschwitz o ngotse bukeng ea hae Values and Vidlence in Auschwitz: “Boholo ba batho ba Auschwitz, Lipaki tsa Jehova e bile sehlotšoana se sa hlokomeleheng . . . Leha ho le joalo, ’mala [o perese] oa beche ea bona e khutlo-tharo o ile oa bonahala ka ho hlakileng kampong hoo lenane le lenyenyane la bona le neng le sa bontše hantle matla a sebele a sehlopha seo. Sehlotšoana sena sa batšoaruoa se ne se e-na le matla a maholo a boikemisetso bo nahannoeng ’me se ile sa hlōla ntoa ea sona khahlanong le Bonazi. Sehlopha sa Majeremane sa mokha ona e bile sehleke-hleke se senyenyane sa khanyetso e sa thekeseleng se pota-potiloeng ke sechaba se arotsoeng ke ntoa, ’me ka ona moea o tšoanang o hlokang tšabo se sebelitse hammoho kampong Auschwitz.” Oa phaella: “E mong le e mong o ne a tseba hore ha ho Paki ea Jehova le e ’ngoe e tla phetha taelo e khahlanong le tumelo ea eona ea bolumeli le qeto.”
Mohlala o babatsehang tabeng ena ke oa lelapa la Kusserow le tsoang Bad Lippspringe Jeremane. Franz le Hilda ba ne ba e-na le lelapa le leholo la bana ba 11, bashanyana ba 6 le banana ba 5. Pusong ea Bonazi, ba 12 lelapeng lena le nang le litho tse 13 ba ile ba ahloleloa kakaretso ea lilemo tse 65 lichankaneng le likampong tsa mahloriso. Ka 1940 ha Wilhelm a le lilemo li 25, o ile a thunngoa kahobane a hana ho ea ntoeng ka baka la letsoalo la hae. Lilemo tse peli hamorao ngoan’abo Wolfgang, ea lilemo li 20, o ile a khaoloa hlooho teronkong ea Brandenburg ka lebaka le tšoanang. Ka 1946, moena KarlHeinz, a le lilemo tse 28, a bolaoa ke lefuba ka mor’a hore a lokolloe Dachau a kula. Batsoali le barali kaofela ba sebelitse nako e telele literonkong le likampong tsa mahloriso. (Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka lelapa lena le hlollang la ho shoela tumelo, bona Molula-Qhooa oa September 1, 1985, maqephe 10-15.)
Eugen Kogon oa tlaleha bukeng ea hae The Theory and Practice of Hell: “Motho a ke ke a balehela ’nete ea hore, ha re se re bua ka kelello, ma-SS le ka mohla a ne a hlile a hlōleha ho thulana le phephetso eo a neng a e fuoa ke Lipaki tsa Jehova.”
Haeba sehlotšoana sena sa Lipaki tsa Bakreste, se theileng tumelo ea sona Bibeleng, se ne se ka mamella Hitler, joale motho o tlamehile ho botsa, Ke hobane’ng ha Maprotestanta le Mak’hatholike a limillione a hlōlehile tabeng ee? Ketello-pele e hlakileng, le e tsitsitseng ea bolumeli melao-motheong ea Bokreste e ka beng e thibetse Majeremane a ka bang limillione tse 60 ho tšehetseng Bonazi e ne e le kae? (Bona lebokoso leqepheng la 13.)
Ke’ng se ba Bolokileng?
Bukeng ea hae The Drowned and the Saved, Primo Levi o ngotse: “Mosebetsing oa letsatsi le leng le le leng [likampong tsa mahloriso], balumeli [ba bolumeli le lipolotiki] ba ne ba phela hamolemo. . . . kaofela ba ne ba tšoana tabeng ea ho khomarela matla a bolokang a tumelo ea bona.”
Oa phaella: “Bokahohle ba bona bo ne bo bonahala bo le boholo ho feta ba rōna, bo ahlame ka sebaka le ka nako, ka holim’a tsohle bo bohanala mohopolong ea bona: ba ne ba e-na le. . . . bokamoso ba lilemo tse sekete. . . . sebaka leholimong kapa lefatšeng moo toka le kutloelo-bohloko li renang teng, kapa mohlomong ba ne ba tla hlōla bokamosong bo tlang empa bo tiileng.”
Tumelo e tiileng ea Lipaki tsa Jehovabokamosong ba Lilemo tse Sekete e bontšoa ke mangolo a latelang a tsoang ho Lipaki tsa Jeremane tse ahloletsoeng lefu: “Ngoan’eso ea ratehang, khaitseli, batsoali le baena bohle,“Ke tlameha ho le ngolla litaba tse bohloko e le hore ha le fumana lengolo lena ke tla be ke se ke sa phele. Ka kōpo le se utloe bohloko haholo. Hopolang hore ke taba e bonolo ho Molimo o Matla ’Ohle ho ntsosa bafung. . . . Tsebang hore e ne e le boikemisetso ba ka ho mo sebeletsa ka bofokoli ba ka ’me ke kholisehile ka ho felletseng hore o bile le ’na ho fihlela qetellong. Ke ipehile mohaung oa hae. . . . ’Me joale, ’mè oa ka le ntate ba ratehang, ke leboha lintho tse molemo tseo le nketselitseng tsona. . . . E se eka Jehova a ka le putsa ka sohle seo le se entseng. “(Le saennoe) Ludwig Cyranek”
Ludwig Cyranek o ile a bolaoa Dresden kahobane e le e mong oa Lipaki tsa Jehova.
Johannes Harms, ka mor’a hore a ahloleloe lefu, o ile a neoa monyetla ka makhetlo a supileng ho latola hore ke Paki. Nakoana pele ho polao ea hae ka 1940, o ile a romela lengolo lena ho ntate oa hae Martin, eo le eena a neng a le litlamong hobane e le Paki.
“Ntate oa ka ea ratehang,“Re sa ntse re e-na le libeke tse tharo ho fihlela ka la 3 Tšitoe, e leng letsatsi leo re bonaneng ka lona lilemong tse peli tse fetileng ka lekhetlo la ho qetela. Ke sa ntse ke bona ho bososela ha hao ho lerato ha u ntse u sebetsa mokatong oa teronko ’me ’na ke le ka ntle ke ntse ke sebetsa mabaleng a teronko.
“Ke ile ka u nahana ka tlhompho nakong ena esita le ka ho hlollang le ka tsela eo u ’nileng oa jara moroalo oa hao o boima ka botšepehi ho Morena. ’Me hona joale, le ’na ke filoe monyetla oa ho paka botšepehi ba ka ho Morena ho fihlela lefung, e, botšepehi e seng feela ho fihlela lefung, empa esita le ho isa lefung.
“Kahlolo ea ka ea lefu e se e tsebahalitsoe ’me ke tlanngoe ka mahlaahlela bosiu le motšehare—matšoao, (a leng holim’a pampiri) ke a entsoeng ke mahlaahlela—empa ho ntse ho le joalo ha ke e-s’o hlōle ka ho felletseng. . . . Ke sa na le monyetla oa ho sireletsa bophelo ba ka ba lefatšeng, empa ka ho etsa joalo ke tla be ke lahla bophelo ba sebele.
“Ha uena ntate ea ratehang u fihla hae hape, tiisa hore u hlokomela ka ho khethehileng moratuoa oa ka Lieschen [mosali oa hae], hobane ka ho khethehileng ho tla ba boima bakeng sa hae, hobane a tseba hore moratuoa oa hae a ke ke a hlola a khutla. Kea tseba hore u tla etsa joalo ’me kea u leboha ka ho tseba hore u tla etsa joalo. Ntate oa ka ea ratehang, ka moea ke re u lule u tšepahala, joalokaha ke lekile ho lula ke tšepahala, ’me re tla bonana hape. Ke tla ’ne ke nahane ka uena ho fihlela motsotsong oa qetelo.
“Mora oa hao Johannes.”
Bana e mpa e le ba babeli feela ba bashoela-tumelo ba makholo-kholo ba Lipaki tsa Jehova, ba shoeleng ba khethile ho ba se kopanele ntoeng ea puso e mpe ka baka la letsoalo. Pale ea bona e felletseng ea boshoela-tumelo e ka tlatsa libuka tse ngata.b
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlaleho e eketsehileng ea ho shoela tumelo ha August Dickmann, bona 1974 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc, maqephe 165-8.
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka tlaleho ea Lipaki tsa Jehova likampong tsa mahloriso, bona 1974 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, maqephe 108-212, le 1989 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, maqephe 111-34.
[Lebokose le leqepheng la 13]
Lipaki Tsa Jehova e ne e le Bahlaseluoa ba Hitler
Ho tsoa ho “The New York Times,” Motšeanong 14, 1985
Ho Mohlophisi:
’Na le mosali oa ka, ka bobeli re le Majeremane, re qetile kakaretso ea lilemo tse 17 likampong tsa mahloriso tsa Nazi. Ke ne ke le Dachau le Mauthausen, ’me mosali oa ka, Gertrud, o ne a le ravensbrück. Re ne re le har’a Majeremane ao e seng Bajode a hlokofalitsoeng hobane re entse seo linokoane tsa Manazi li hlōlehileng ho se etsa—re ne re hana borapeli ba litšoantšo le ntoa ea Hitler ka baka la letsoalo. Le hoja ba likete ba rōna ba ile ba phonyoha likampong, ba bangata ha baa ka ba phonyoha.
Mangolo a lōna a haufinyane a buang ka Majeremane feela a hlokofalitsoeng tlas’a puso ea Nazi ea Hitler (a Sabina Lietzmann, ’Mesa 25, le Anna E. Reisgies, ’Mesa 30) a nqobella hore ke bolele sehlopha se le seng se senyenyane, seo hangata se neng se hlokomolohuoa, le se neng se hlorisoa ka mabifi ke Gestapo. Se ne se tsejoa e le Ernste Bibelforscher (Liithuti tse Tšepahalang tsa Bibele) kapa Jehovas Zeugen (Lipaki tsa Jehova).
Hang ha Hitler a qala ho busa ka 1933, o ile a hlophisa hore Lipaki tsa Jehova li hlorisoe ka lebaka la boemo ba tsona ba ho se nke lehlakore lipolotiking le ntoeng. Ka lebaka leo, Lipaki tsa Majeremane tse likete-kete, tseo bongata ba tsona e neng e le metsoalle ea ka, ha lia ka tsa e-ba feela bahlaseluoa ba polao e sehlōhō empa hape e ne e le bashoela-tumelo. Ke hobane’ng ha ho e-na le phapang e sa utloahaleng hakale? Hobane re ne re ka tsamaea likampong tsa mahloriso ka nako leha e le efe haeba re ne re ikemiselitse ho saena pampiri e latolang litumelo tsa rōna.
Mehlala e ’meli e mekhutšoane e tla bontša moea o neng o le teng har’a Majeremane a ileng a hanyetsa puso ea Hitler. Wilhelm Kusserow, ea lilemo li 25, ea tsoang Bad Lippspringe, o ile a thunngoa ka la 27 ’Mesa, 1940, hobane a ile a hana ho sebeletsa mabothong a Hitler.
Lilemo tse peli hamorao, ngoan’abo Wilhelm, Wolfgang, o ile a khaoloa hlooho teronkong Brandenburg ka lebaka le tšoanang. Nakong eo Hitler o ne a ahlotse hore ho thunngoa e ne e le lefu le hlomphehang haholo bakeng sa motho ea hanang ho ea ntoeng ka baka la letsoalo. Wolfgang o ne a e-na le lilemo tse 20.
Nka bolela banna le basali ba Majeremane ba makholo-kholo ba ileng ba hlokofatsoa ka mabaka a tšoanang lebitsong la Molimo, hobane ba ile ba hanyetsa puso ea bohatelli. Potso ea hore na ke hobane’ng ho ne ho se Majeremene a limillione a ka beng a ile a ema le ho bolaoa ho ena le a likete feela, mohlomong ke potso eo ba bang ba lokelang ho e araba.
Martin Poetzinger
Brooklyn, 1 Motšeanong, 1985
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Lelapa la Kusserow—Wilhelm (oa bobeli ka letsohong le letona) o ile a thunngoa; Wolfgang (oa boraro ho tloha ka letsohong le letšehali) o ile a khaoloa hlooho; KarlHeinz (oa bobeli ka letsohong le letšehali) o ile a bolaoa ke lefuba ka mor’a hore a lokolloe Dachau
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Martin Poetzinger (ea shoeleng ka 1988) le mosali oa hae Gertrud ka mong oa bona o qetile lilemo tse robong likampong tsa mahloriso tsa Nazi
-
-
Polao e Sehlōhō—Ke Hobane’ng ha Molimo o Ile oa e Lumella?Tsoha!—1989 | April 8
-
-
Polao e Sehlōhō—Ke Hobane’ng ha Molimo o Ile oa e Lumella?
POLAO e sehlōhō e sentse tumelo ea batho ba bangata. Bajode le batho bao e seng Bajode ka ho tšoanang baa botsa lipotso, Haeba Molimo o le teng, ke hobane’ng ha o ile oa e lumella? Na ke ho lekaneng ho hlalosa polao eo e le feela ‘bobatana ba motho ho motho e mong’? Kapa na ho na le mabaka a mang a hlalosang lebaka le entseng hore banna le basali ba sechaba se “fahlolohileng” ba amohele, ba rutoe, ba mamelle kapa ba nke karolo ka mafolofolo Naheng e lumellang polao ea motho le ea sechaba?
Lekhotla la Bajode United States haufinyana le tsoa phatlalatsa “Polelo ea Melao-motheo ea Lekhotla la Sejode,” le itse: “Ka mehla ho ba teng ha bobe ho sitisitse haholo tumelo. Ha ho talingoa boholo ba ketso e sehlōhō ea Auschwitz le Hiroshima, bothata bona bo nka sebōpeho se secha, se tšosang molokong oa rōna. Potso ea hore na ke joang Molimo oa toka le o matla o neng o ka lumella ho bolaoa ha batho ba bangata hakana ba se nang molato e tšoenya matsoalo le monahano oa balumeli.”
Lipaki tsa Jehova, hammoho le batho ba bang ba limillione, ba ’nile ba thahasella potso eo, hobane ka ho utloahalang balumeli-’moho le bona ba bangata ba ile ba timela likampong tsa mahloriso tsa Nazi. Joale, ke hobane’ng ha Molimo o ile oa lumella bokhopo?
Bolokolohi ba ho Khetha le Tseko
Buka ea Sejode e boletsoeng ka holimo e fana ka karolo ea karabo potsong ena, ka hore: “Ka ho bōpa batho ba ena le bolokolohi ba ho khetha, Molimo o ile oa fokotsa tšebetso ea Oona tabeng ea lintho tsa nako e tlang. Haeba ho ne ho ke ke ha etsahala hore motho a khethe ho etsa ho fosahetseng ha a tobane le khetho ea ho etsa botle kapa bobe, khopolo eohle ea ho ba le bolokolohi ba ho iketsetsa khetho e ne e tla felloa ke moelelo oa eona. Ka ho neha batho bolokolohi ba ho ikhethela ke pontšo ea lerato la bomolimo bakeng sa botšepehi ba rōna le khōlō, esita le haeba liqeto tsa rōna li ka tlisa masisa-pelo a maholo.”
Khopolo ena e lumellana le tlaleho ea Mangolo a Seheberu. Ho tloha qalehong, motho o ne a e-na le tokoloho ea ho khetha—ebang e ne e le ho khetha ha Adama le Eva ho utloa Molimo (Genese 3:1-7) kapa ho khetha ha Kaine ho bolaea ngoan’abo Abele. (Genese 4:2-10) Jehova o ile a beha khetho ka pel’a Baiseraele ba boholo-holo: “Lemoha, kajeno ke beile pel’a hao bophelo le molemo, lefu le bobe.... Ikhethele bophelo u tle u phele uena, le litloholo tsa hao.”—Deuteronoma 30:15, 19.
Empa ho na le lebaka la bohlokoa leo polelo eo ea Sejode le e hlokomolohang. Ea ileng a rabela ho Molimo le eo hamorao a ileng a hlahisetsa Jobo ea tšepahalang mahlomola o sa ntse a le mafolofolo, o khelosa menahano ea batho ka likhetho tsa bodiabolose tse ileng tsa lebisa ba bang likampong tsa mahloriso, tlhokofatsong, le polaong e sehlōhō. Eo o tsebahatsoa ka ho hlakileng bukeng ea Jobo e le mora oa lengeloi oa lerabele oa Molimo, Satane, Mohanyetsi.—Jobo 1:6; 2:1, 2.
Kajeno tšusumetso ea Satane le likhetho tseo a fanang ka tsona li khelosa lefatše, li lebisa pefong le ho nyenyefatsoeng ha bophelo le linthong tsa bohlokoa tsa boitšoaro. Ntho leha e le efe e ka khelosang monahano oa batho tšepong ea ’Muso oa Molimo, ebang ke mohopolo oa batho oa lipolotiki, karohano ea morabe le ea bolumeli, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, boithabiso bo fetelletseng, melingoana ea batho—tsena tsohle li sebeletsa morero oa Satane. Ha ho makatse ha Bibele e ile ea profeta nako eo ka eona enoa e mobe a neng a tla akheloa lefatšeng, ho ne ho tla bolela ‘bomalimabe ho ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le e kae’! Ho tloha ka 1914 re ’nile ra phela nakong eo ea khalefo e mabifi.—Tšenolo 12:12.
Batho ba bile le khetho, ’me ba ntse ba ena le eona, ho ikokobeletsa puso ea Molimo kapa ea Sera sa oona, Satane. Khetho ena e bolela tseko ea nako e telele mahareng a Molimo le Satane e qalileng lilemong tse ka bang 6 000 tse fetileng. Empa Bibele e bontša hore Jehova Molimo o behile nako e lekanyelitsoeng ea ho lokisa tseko ena—’me ho tloha ka 1914 batho ba ’nile ba phela mehleng ea bofelo ea tsamaiso e busoang ke Satane.—2 Timothea 3:1-5, 13.
Ka pele ’Muso oa Molimo o tla felisa bobe bohle le ba bo khethang. Ba khethang ho etsa botle ba tla fuoa monyetla oa bophelo bo sa feleng ka ho ikokobelletsa Molimo lefatšeng le phethahetseng, le hloekileng.—Tšenolo 11:18; 21:3, 4.
“Bonang! Ntho Tsohle ke li Etsa Tse Ncha”
Bokamoso boo Molimo o bo reretseng lefatše lena le baahi ba lona ba utloang bo tla tlosa lintho tse bohloko tsa nako e fetileng mehopolong ea rōna: “Lintho tsa nako e fetileng li ke ke tsa hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mohopolong.”—Esaia 65:17, Tanakh, A New Translation of the Holy Scriptures According to the Traditional Hebrew Text.
Kahoo, ha ’muso oa Molimo o se o busa lefatše lohle, bohloko leha e le bofe boo batho ba bo utloileng bo tla tloha likelellong tsa bona qetellong. Nakong eo thabo e tla tlosa menahano e bohloko ea nakong e fetileng likelellong, joalokaha Bibele e tšepisa, Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng ’me ha ho sa tla ba masoabi leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4, 5.
Bibele e bontša ka ho hlakileng hore nako e haufi eo Molimo o tlang ho sebelisa matla a oona ho tlosa ba bakang mahlomola, ebang ke batho kapa bademona. Liproverbia 2:21, 22 e re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba hlokang molato ba lule ho lona. ’Me ba khopo ba tla fela lefatšeng.” (Tanakh) E, Molimo o tla “senya ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Qetellong, seo se tla kopanyelletsa Satane Diabolose.
Molimo o ke ke oa lumella ba khopo ka nako e telele ho senya lefatše kapa hona ho lumella batho ba khopo ho hlokofatsa, le ho kenya teronkong banab’abo bona. Batho leha e le bafe ba khethang ho se mamele melao ea Oona e lokileng ba ke ke ba mamelloa. Ke ba hlomphang khetho ea Molimo feela le molao oa oona ba tla tsoela pele ba phela.
Lilemong tse fetang 4 000 tse fetileng, Molimo “o ile oa bona kamoo bokhopo ba motho bo bileng boholo kateng lefatšeng, le kamoo morero o mong le o mong o neng o nahanoa ke kelello ea hae o neng o le mobe ka nako eohle.” O ile a nka bohato ka ho romella Moroallo o moholo. (Genese 6:5, Tanakh) Ho boetse ho na le mabaka a mangata a hore Molimo o boele o nke bohato. Empa haeba re neha Molimo thoriso e mo tšoanetseng hona joale, kapele-pele bophelo bo sa feleng e tla thabo ea rōna.—Esaia 65:17-25; Johanne 17:3; 1 Timothea 6:19.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka bafu ba limillione ba leng mabitleng, ho kopanyelletsa le bahlaseluoa ba polao e sehlōhō? Ho na le tšepo efe ka bona? Na ba tla lebaloa?
-
-
Na Bafu ba Bolailoeng ka Sehlōhō ba tla Khutla?Tsoha!—1989 | April 8
-
-
Na Bafu ba Bolailoeng ka Sehlōhō ba tla Khutla?
NA HO na le tšepo bakeng sa bahlaseluoa ba limillione ba shoeleng polaong e sehlōhō? Na ho ka lebelloa hore Molimo o entse ketso e phahameng ea toka molemong oa bahlaseluoa bao ba Bonazi?
Mangolo a Seheberu a fana ka tšepo e ileng ea boloka baprofeta ba tšepahalang le bahlanka ba Molimo lilemong tse likete tse fetileng. Na e ne e theiloe khopolong ea boholo-holo ea Segerike ea moea o sa shoeng o phonyohang ’mele ha motho a shoa? Che, hobane mangolo a Seheberu le lithuto tsa tsona li tlile pele ho filosofi ea Segerike makholo a lilemo pele.
Moea oa Motho o’a Shoa
Tlaleho ea Seheberu ho Genese e re bolella se latelang ka ho bōptjoa ha motho oa pele: “Morena Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše. O ile a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo, ’me motho ea eba sebōpuoa se phelang [Seheberu, lene’phesh].” (Genese 2:7, Tanakh) Phetolelo ea 1917 ea Mokhatlo oa Khatiso oa Sejode e re “moea” bakeng sa lene’phesh. Ka hona, moea, kapa ne’phesh, ke boleng, sebōpuoa, ebang ke phoofolo kapa motho.
Ha ho moo Mangolong a Seheberu taba ea ho se shoe ha moea e kileng ea amahanngoa le ne’phesh. Ha e le hantle, lentsoe “ho se shoe” ha le eo Mangolong a Seheberu. Ho e-na le hoo, Bibele e bontša hore ne’phesh ke motho, moea o phelang. (Ezekiele 18:4, 20) Ka hona, lefu le qetellong, bonyane ka nakoana, ho motho e le moea o phelang. Ke boemo ba ho sa ikutloe bo felletseng, joaloka boroko bo tebileng, joalokaha mopesaleme Davida a ho hlalositse: “Ntalime, nkarabe, Oho Morena, Molimo oa ka! Elisa mahlo a ka, esere ka robala boroko ba lefu.”—Pesaleme ea 13:4, Tanakh.
Ha Mangolo a Seheberu a ntse a latela mokhoa ona oo o bonolo o tšoanang, a re bolella: “Bafu ha ba tsebe letho; ha ba sa na moputso, hobane esita le khopolo eo ba neng ba ena le eona e shoele. Eng kapa eng e leng matleng a hao hore u ka e etsa, e etse ka matla a hao kaofela. Hobane ha ho sa le bohato, ha ho sa le ho beelana mabaka, ha ho sa le ho ithuta, ha ho bohlale Sheol [lebitla le tloaelehileng la batho], moo u eang teng.” (Moeklesia 9:5, 10, Tanakh) Sena se lumellana le mantsoe a Jobo ha a ne a le bohlokong: “Ke hobane’ng ha ke sa ka ka shoa ha ke tsoaloa? . . . Hobane nkabe ke shoele, ke robetse ’me ke phomotse.” (Jobo 3:11, 13, Tanakh) Ha e le hantle, Jobo o ne a sa nahane ka ho ba ‘ea phelang a ntse a bonoa’ joaloka moea o sa shoeng ka mor’a lefu, joalokaha “Polelo ea Melao-motheo ea Lekhotla la Bajode” e bontša.
Leha ho le joalo, na sena se bolela hore lefu le entse hore ba lebaloe ka ho feletseng? Ke batho ba ’maloa feela kajeno ba hopolang mabitso a baholo-holo ba bona ba shoeleng melokong e mehlano kapae leshome e fetileng, empa ho thoe’ng ka Molimo? Na oa ba hopola? Na o tla ba hopola? Na o tla hopola bahlaseluoa ba limillione ba tlhoriso ea Manazi? Le ba limillione ba shoeleng lintoeng tse hlokang kelello? Moprofeta Daniele o ne a lumela hore Molimo o ka hopola ba shoeleng. Boprofeteng ba hae o bontšitse hore ho tla ba le tsoho ea bafu, hobane o itse: “Ba bangata ho ba robetseng leroleng la lefatše ba tla tsoha, ba bang ba tsohele bophelo bo sa feleng, ba bang ba tsohele tsuo le sekhobo se sa feleng.”—Daniele 12:2, Tanakh.
Tsoho ea bophelo ba lefatšeng nakong e tlang e ne e le tšepo ea ’nete ea baprofeta ba tšepahalang le marena a Iseraele ea boholo-holo. Ba ne ba se na khopolo ea ho solla feela e le meea e sa shoeng ka mor’a moo. Tšepo eona eo ea ho tsosetsoa bophelong bo phethahetseng lefatšeng e sa ntse e sebetsa kajeno. Re tseba seo joang?
Tšepo ea Bahlaseluoa ba Ileng ba Bolaoa ka Sehlōhō
Lilemong tse fetang 1 900 tse fetileng, moruti oa Mojode o ile a fana ka tšepo e joalo ha a ne a re: “Le se makalle hona, hobane hora ea tla eo bohle ba leng mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng lintho tse ntle ba tsohele bophelo, ba entseng lintho tse khopo ba tsohele kahlolo.” (Johanne 5:28, 29, NW) Mantsoe “mabitla a khopotso” a bolela hore ba mabitleng ba bolokiloe mohopolong oa Molimo ho fihlela letsatsing la tsoho ea bona le ho tsosetsoa bophelong lefatšeng.
Ka lebaka leo, ka kutloisiso ena “Polelo ea Melao-motheo” e phatlalalitsoeng ke Lekhotla la Bajode United States ke ’nete: “Setšoantšo sa olam haba (hamorao) se ka fana ka tšepo ea hore re ke ke ra lahloa lebitleng, le hore re ke ke ra utloisoa bohloko ka ho lebaloa.” Mosa oa
Molimo o lerato le toka li bolela hore ba tla tsosoa ba tla ba le monyetla, oa ho utloa Molimo, ho khetha bophelo bo sa feleng Pusong ea Jesu Kreste, Messia.
Ka hona sena sohle se ama joang Bajode, le Maslav le bahlaseluoa ba bang ba limillione ba ileng ba bolaoa ka sehlōhō ke Manazi? Ba khopolong ea Molimo, ba emetse tsoho, ’me ba tla fuoa khetho—ho utloa Molimo hammoho le pono ea bophelo kapa ho se o utloe ka tebello ea kahlolo e bohloko. Re tšepa hore ba limillione ho bona ba tla etsa khetho e nepahetseng!
Ebang u Mojode kapa che, haeba u rata ho tseba ho eketsehileng ka tšepo ena ea bafu, ikopanye le phutheho ea Lipaki tsa Jehova sebakeng sa lōna kapa ngolla bahatisi ba makasine ona bakeng sa kopi ea buka e maqephe a 256 e nang le litšoantšo U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng (R3 bakeng sa e nyenyane kapa R6 bakeng sa e khōlō).
-