Khaolo ea 36
Ke Bo-mang ba Tla Tsosoa Bafung? Ba Tla Phela Hokae?
LIKHAOLONG tse peli tse fetileng, re balile ka batho ba bakae ba ileng ba tsosoa bafung?— Ba bahlano. Bana ba ne ba le bakae?— Ba ne ba le bararo. ’Me motho oa bone ho thoe ke mohlankana. U nahana hore see se bontša’ng?—
Se bontša hore Molimo o rata bana le bacha. Empa o tla tsosa le ba bang ba bangata bafung. Na Molimo o tla tsosa feela batho ba neng ba etsa se nepahetseng?— Re ka ’na ra nahana joalo. Empa batho ba bang ba bangata ha ho mohla ba kileng ba ithuta ’nete e mabapi le Jehova Molimo le Mora oa hae. Kahoo ba ile ba etsa lintho tse mpe hobane ba ne ba rutiloe lintho tse fosahetseng. Na u nahana hore Jehova o tla tsosa batho ba joalo bafung?—
Bibele e re: “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Ke hobane’ng ha batho ba sa lokang, kapa ba sa kang ba etsa se nepahetseng, ba tla tsosoa bafung?— Ke hobane ha ho mohla ba kileng ba e-ba le monyetla oa ho ithuta ka Jehova le seo a batlang hore batho ba se etse.
U nahana hore batho ba tla tsosoa neng bafung?— Nahana ka nako ea ha Lazaro a ne a shoele ’me Jesu a tšepisa khaitseli ea hae Maretha hore: “Khaitseli ea hao e tla tsoha.” Maretha o ile a arabela a re: “Kea tseba hore o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.” (Johanne 11:23, 24) Maretha o ne a bolela’ng ha a re Lazaro o tla tsoha “ka letsatsi la ho qetela”?—
Maretha o ne a utloile tšepiso ea Jesu ea hore: ‘Bohle ba mabitleng a khopotso ba tla tsoa ho ’ona.’ (Johanne 5:28, 29) Kahoo “letsatsi la ho qetela” ke nako eo bohle ba mohopolong oa Molimo ba tlang ho khutlisetsoa bophelong ka eona. Letsatsi lena la ho qetela hase letsatsi la lihora tse 24. Le tla ba bolelele ba lilemo tse sekete. Ka letsatsi lena, Bibele e re, ‘Molimo o tla ahlola batho ba lefatše.’ Batho bao a tlang ho ba ahlola ba tla akarelletsa le ba tsositsoeng bafung.—Liketso 17:31; 2 Petrose 3:8.
Ak’u nahane feela hore na leo e tla ba letsatsi le thabisang hakaakang! Letsatsing lena le bolelele ba lilemo tse sekete, batho ba limilione ba shoeleng ba tla tsosoa bafung. Jesu o ile a re sebaka seo ba tla tsosetsoa bophelong ho sona ke Paradeise. A re ke re bone hore na Paradeise ena e tla ba hokae le hore na ho tla ba joang ho eona.
Lihora tse ka bang tharo pele Jesu a shoa thupeng ea tlhokofatso, o ile a bua ka Paradeise ena ho monna ea neng a le thupeng haufi le eena. Monna eo o ne a bolaoa ka lebaka la litlōlo tsa molao tseo a li entseng. Empa ha senokoane seo se bona Jesu le ho utloa se buuoang ka Eena, se ile sa qala ho lumela ho Jesu. Kahoo senokoane seo sa re: “U nkhopole ha u kena ’musong oa hao.” Jesu o ile a se araba a re: “Kannete kea u bolella kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.”—Luka 23:42, 43.
Jesu o ne a bolela’ng ka see? Paradeise e hokae?— Ak’u nahane ka taba ena. Paradeise e ne e le hokae qalong?— Hopola hore Molimo o ile a fa monna oa pele, Adama le mosali oa hae paradeise hore ba phele ho eona hona mona lefatšeng lena. E ne e bitsoa serapa sa Edene. Ho ne ho e-na le liphoofolo serapeng seo, empa li ne li sa ntše batho kotsi. ’Me ho ne ho e-na le lifate tse nang le litholoana tse ngata tse monate, hammoho le nōka e khōlō. E ne e le sebaka se setle haholo seo motho a neng a ka phela ho sona!—Genese 2:8-10.
Kahoo ha re bala ka hore senokoane seo se tla ba Paradeiseng, ka likelellong tsa rōna re lokela ho ba le setšoantšo sa lefatše lena ha le se le entsoe sebaka se setle seo motho a ka phelang ho sona. Na Jesu o tla ba teng Paradeiseng mona lefatšeng le motho eloa eo e neng e le senokoane?— Che. Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha a ke ke a ba mona lefatšeng?—
Ke hobane Jesu o tla be a le leholimong a busa e le Morena Paradeiseng lefatšeng. Kahoo Jesu o tla ba le monna eo ka kutloisiso ea hore Jesu o tla mo tsosa bafung ’me a hlokomele litlhoko tsa hae. Empa ke hobane’ng ha Jesu a tla lumella motho eo e neng e le senokoane hore a phele Paradeiseng?— A re ke re bone haeba re ka fumana karabo.
Pele senokoane se bua le Jesu, na se ne se tseba ka merero ea Molimo?— Che, se ne se sa e tsebe. Se ile sa etsa lintho tse mpe hobane se ne se sa tsebe ’nete ka Molimo. Paradeiseng se tla rutoa ka merero ea Molimo. Kahoo se tla ba le monyetla oa ho paka hore se hlile se rata Molimo ka ho etsa thato ea Hae.
Na ke motho e mong le e mong ea tsositsoeng ea tla phela Paradeiseng lefatšeng?— Che, hase e mong le e mong. Na u tseba lebaka?— Ke hobane ba bang ba tla tsosetsoa ho ea phela le Jesu leholimong. Ba tla busa le eena e le marena holim’a lefatše la Paradeise. A re ke re bone hore na re tseba sena joang.
Bosiung ba pele Jesu a e-shoa, o ile a bolella baapostola ba hae a re: ‘Ka tlung ea Ntate ho na le libaka tse ngata tsa bolulo, ’me ke ea ho le lokisetsa sebaka.’ Jesu a ntan’o ba tšepisa a re: “Ke tla boela ke tle ’me ke tla le amohela lapeng ho ’na, e le hore moo ke leng teng le lōna le ka ba teng.”—Johanne 14:2, 3.
Jesu o ile a ea hokae ka mor’a hore a tsosoe bafung?— E, o ile a khutlela leholimong ho Ntate oa hae. (Johanne 17:4, 5) Kahoo Jesu o ile a tšepisa baapostola ba hae le balateli ba bang ba hae hore o tla ba tsosa bafung e le hore ba ka ba le eena leholimong. Ba il’o etsa’ng moo le Jesu?— Bibele e re barutuoa ba hae ba nang le kabelo “tsohong ea pele” ba tla phela leholimong ’me ba buse holim’a lefatše ‘le eena e le marena ka lilemo tse sekete.’—Tšenolo 5:10; 20:6; 2 Timothea 2:12.
Ke batho ba bakae ba tla ba le kabelo “tsohong ea pele” ’me ba buse le Jesu e le marena?— Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le se ke la tšaba, mohlatsoana, hobane Ntat’a lōna o amohetse ho le fa ’muso.” (Luka 12:32) “Mohlatsoana” ona oa ba tsosoang bafung ho ea ba le Jesu ’Musong oa hae oa leholimo, o na le palo e tobileng. Bibele e bontša hore “ba likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene” lefatšeng ba tla tsosoa bafung.—Tšenolo 14:1, 3.
Ho tla phela batho ba bakae Paradeiseng lefatšeng?— Bibele ha e bolele. Empa Molimo o ne a ile a bolella Adama le Eva ha ba ne ba le serapeng sa Edene hore ba be le bana ’me ba tlale lefatše. Ke ’nete hore ba ile ba hlōleha ho etsa seo. Empa Molimo o tla tiisa hore morero oa hae oa hore lefatše le tlale batho ba lokileng oa phethahala.—Genese 1:28; Esaia 45:18; 55:11.
Ak’u nahane feela hore na ho tla ba monate hakaakang ho phela Paradeiseng! Lefatše lohle le tla ba joaloka serapa sa boikhathollo. Le tla tlala linonyana le liphoofolo ’me le khabe ka lifate le lipalesa tsa mefuta-futa. Ha ho motho ea tla utloa bohloko hobane a kula, kapa ea tla shoa. Batho bohle e tla ba metsoalle. Haeba re batla ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng, hona joale ke nako ea ho itokiselletsa seo.
Bala ho eketsehileng ka morero oa Molimo ka lefatše, ho Liproverbia 2:21, 22; Moeklesia 1:4; Esaia 2:4; 11:6-9; 35:5, 6; le 65:21-24.
[Setšoantšo se leqepheng la 187]
Ke hobane’ng ha Molimo a tla tsosa bafung batho ba bang ba sa kang ba etsa lintho tse nepahetseng?
[Setšoantšo se leqepheng la 188]
Paradeise eo Jesu a bolellang monna enoa ka eona e hokae?
[Setšoantšo se leqepheng la 189]
Ha re bala ka Paradeise, re lokela ho ba le setšoantšo sefe likelellong tsa rōna?
[Litšoantšo tse leqepheng la 190]
Batho ba tsositsoeng bafung ba tla phela hokae, hona ba tla etsa’ng?