-
Lintho Tse Mpe ke Kobo-anela!Molula-Qhooa—2014 | July 1
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | KE HOBANE’NG HA BATHO BA LOKILENG BA ETSAHALLOA KE LINTHO TSE BOHLOKO?
Lintho Tse Bohloko ke Kobo-anela!
Smita,a e leng mosali ea lilemo li 35 ea lulang motseng oa Dhaka, Bangladesh, o ne a tsejoa e le motho ea lerato le ea tsotellang batho. Batho ba ne ba mo tseba e le mosali ea sebetsang ka thata le ea thabileng ea neng a batla ho thusa batho ba bang hore ba tsebe seo a neng a ithutile sona ka Molimo. Ba lelapa labo Smita le metsoalle ba ile ba makala hakaakang ha ka tšohanyetso a tšoaroa ke lefu le ileng la etsa hore a hlokahale pele beke e fela!
James le mosali oa hae, e leng banyalani ba lilemo li ka holimo ho 30, le bona ba ne ba tšoana le Smita. Ka letsatsi le leng ba ile ba etela metsoalle ea bona e lulang motseng o Lebōpong le ka Bophirimela ho United States. Ha ba aa ka ba hlola ba khutlela lapeng la bona New York. Ha ba le tseleng, ba ile ba hlokahalla kotsing e mpe ea koloi ’me ba siea ba lelapa la bona le basebetsi-’moho ba saretsoe.
Ha ho potang hore kaofela ha rōna rea bona hore bokhopo le mahlomola ke kobo-anela kajeno. Lintoa li bolaea masole le batho feela. Botlokotsebe le lintoa li hlokofatsa batho ba se nang molato. Batho ba hlaheloa ke likotsi tse mpe ba bile ba tšoaroa ke mafu a holofatsang ho sa tsotellehe lilemo tsa bona kapa maemo a bona bophelong. Likoluoa tsa tlhaho li bolaea batho bohle. Khethollo le leeme li jele setsi. Mohlomong u kile ua angoa ke e ’ngoe ea lintho tsena.
Ke habohlokoa hore re ipotse lipotso tsena:
Ke hobane’ng ha batho ba lokileng ba hlaheloa ke lintho tse bohloko?
Na ke Molimo ea bakang lintho tse joalo?
Na litlokotsi li etsahala feela tjee kapa li bakoa ke batho?
Na re utloisoa bohloko ke lintho tseo re li entseng nakong e fetileng?
Haeba ho na le Molimo ea matla ’ohle, ke hobane’ng ha a sa etse hore batho ba lokileng ba se ke ba hlaheloa ke lintho tse bohloko?
Na lintho tse bohloko le mahlomola li tla ke li fele?
E le hore re arabe lipotso tseo, re lokela ho utloisisa likarabo tsa lipotso tsena tse peli: Ha e le hantle ke hobane’ng ha lintho tse bohloko li etsahala, hona ke sefe seo Molimo a tla se etsa?
a Mabitso a fetotsoe.
-
-
Ke Hobane’ng ha Batho ba Lokileng ba Etsahalloa ke Lintho Tse Bohloko?Molula-Qhooa—2014 | July 1
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | KE HOBANE’NG HA BATHO BA LOKILENG BA ETSAHALLOA KE LINTHO TSE BOHLOKO?
Ke Hobane’ng Ha Batho ba Lokileng ba Etsahalloa ke Lintho Tse Bohloko?
Kaha Jehova Molimoa ke ’Mōpi oa lintho tsohle ebile o matla ’ohle, batho ba bangata ba ka ’na ba re ke eena ea ikarabellang ka lintho tsohle tse etsahalang lefatšeng, ho akarelletsa le lintho tsohle tse bohloko. Leha ho le joalo, hlokomela seo Bibele e se bolelang ka Molimo oa ’nete:
“Jehova o lokile litseleng tsohle tsa hae.”—Pesaleme ea 145:17.
“Litsela tsohle tsa hae [Molimo] ke toka. Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka; o lokile ’me o khabane.”—Deuteronoma 32:4.
“Jehova o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau.”—Jakobo 5:11.
Molimo hase eena ea bakang lintho tse bohloko. Leha ho le joalo, na ke eena ea susumetsang batho hore ba etse lintho tse bohloko? Che. Bibele e re, “Ha a le tlas’a teko, ho se ke ha e-ba le ea reng: ‘Ke ntse ke lekoa ke Molimo.’” Hobane’ng? Hobane “Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse bohloko kapa hona hore o leka leha e le mang ka tsona.” (Jakobo 1:13) Molimo ha a leke leha e le mang ka hore a mo susumelletse hore a etse lintho tse bohloko. Hape, Molimo hase eena ea bakang lintho tse bohloko ebile ha a susumetse batho ba bang hore ba li etse. Joale, ke mang eo re lokelang ho mo beha molato ha lintho tse bohloko li etsahala?
HO BA SEBAKENG SE FOSAHETSENG KA NAKO E FOSAHETSENG
Ha Bibele e hlalosa le leng la mabaka ao batho ba utloang bohloko ka lona, e re: “Bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) Ha kotsi e hlaha ka tšohanyetso, taba ea hore na e tla ama motho kapa che e itšetlehile ka hore na motho eo o hokae ha e etsahala. Lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, Jesu Kreste o ile a bua ka kotsi e ileng ea hlahela batho ba 18 ba ileng ba shoa ha tora e ne e ba oela. (Luka 13:1-5) Ha baa ka ba hlaheloa ke kotsi eo ka lebaka la tsela eo ba neng ba phela ka eona; ba ne ba mpa ba le tlas’a tora eo ha e-oa. Ka January 2010, ho ile ha e-ba le tšisinyeho e khōlō ea lefatše Haiti; ’muso oa Haiti o re ho ile ha e-shoa batho ba ka holimo ho 300 000. Batho bao ba ile ba shoa ho sa tsotellehe hore na e ne e le bo-mang. Le mafu a ka tšoara motho e mong le e mong ka nako e ’ngoe le e ’ngoe.
Ke hobane’ng ha Molimo a sa sireletse batho ba lokileng likoluoeng?
Ba bang ba ka ’na ba botsa ba re: ‘Na Molimo o ne a ke ke a thibela likotsi tsee ho etsahala? Ke hobane’ng ha a sa sireletse batho ba lokileng?’ E le hore Molimo a thuse batho maemong a joalo, ho ne ho tla bolela hore o tseba ka lintho tse bohloko pele li etsahala. Le hoja Molimo a khona ho tseba hantle lintho tse tla etsahala nakong e tlang, potso eo re lokelang ho ipotsa eona ke eena: Na Molimo o khethile ho sebelisa matla ’ohle a hae a ho tseba lintho esale pele?—Esaia 42:9.
Bibele e re: “Molimo oa rōna o maholimong; o entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a ileng a thabela ho e etsa.” (Pesaleme ea 115:3) Jehova o etsa lintho tseo a bonang ho hlokahala hore a li etse—eseng ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a khonang ho e etsa. Seo se boetse se sebetsa le linthong tseo a khethang ho li tseba esale pele. Ka mohlala, ka mor’a hore bokhopo bo ate motseng oa Sodoma le Gomora, Molimo o ile a re ho Abrahama: “Ke hlile ke ikemiselitse ho theoha ke bone hore na ba etsa ho ea ka mohoo o etsoang mabapi le bona o tlileng ho ’na. ’Me haeba ho se joalo, ke tle ke tsebe.” (Genese 18:20, 21) Ka nakoana, Jehova o ile a khetha hore a se ke a tseba hore na bokhopo bo ne bo atile hakae metseng eo. Kahoo, ho hlakile hore Jehova a ka khetha hore a se ke a tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe esale pele. (Genese 22:12) Ho hang sena ha se bontše hore ha a phethahala kapa o na le bofokoli. Kaha “mosebetsi oa hae o phethahetse,” Molimo o lekanyetsa bokhoni ba hae ba ho tseba bokamoso esale pele le morero oa hae; ha a qobelle batho hore ba phele ka tsela e itseng.b (Deuteronoma 32:4) Joale, re ka etsa qeto efe? Ea hore feela: Ho na le lintho tseo Molimo a khethang ho li tseba esale pele.
Ke hobane’ng ha Molimo a sa sireletse batho ba lokileng botlokotsebeng?
NA KE BATHO BA IKARABELLANG?
Lintho tse ling tse bohloko li bakoa ke batho. Hlokomela kamoo Bibele e hlalosang lintho tse ka susumetsang batho hore ba etse lintho tse bohloko. “E mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae. Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe; sebe, le sona, ha se phethehile, se hlahisa lefu.” (Jakobo 1:14, 15) Ha batho ba latela litakatso tsa bona tse fosahetseng kapa ba inehella litakatso tse sa lokang, ba ipeha kotsing ea ho ba le liphello tse bosula. (Baroma 7:21-23) Joalokaha histori e bontša, batho ba ’nile ba etsa liketso tse sehlōhō ’me ba utloisa batho ba bang bohloko haholo. Ho feta moo, batho ba khopo ba ka susumetsa ba bang hore ba be le boitšoaro bo hlephileng ’me seo sa etsa hore bobe bo ate.—Liproverbia 1:10-16.
Batho ba ’nile ba etsa liketso tse sehlōhō ’me ba utloisa batho ba bang bohloko haholo
Na Molimo o lokela ho kenella ’me a thibele batho hore ba se ke ba etsa lintho tse bohloko? Hlokomela kamoo motho a bōpiloeng kateng. Bibele e re Molimo o bōpile motho ka setšoantšo sa hae, e leng ka tsela e tšoanang le ea Molimo. Kahoo, batho ba khona ho bonahatsa litšobotsi tse kang tsa Molimo. (Genese 1:26) Batho ba ’nile ba fuoa bolokolohi ba ho ikhethela ’me ba ka ikhethela ho rata Molimo le ho tšepahala ho eena ka hore ba etse lintho tse nepahetseng mahlong a hae. (Deuteronoma 30:19, 20) Haeba Molimo o ne a ka qobella batho hore ba phele ka tsela e itseng, na o ne a tla be a sa ba sitise hore ba sebelise mpho ea ho ikhethela? Ruri batho ba ne ba tla etsa lintho joaloka mechine, ba etsa feela seo ba laetsoeng hore ba se etse! E ne e tla ba ntho e tšoanang haeba bokamoso, kapa Kismet, e ne e ka laola seo re se etsang le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e re etsahallang. Ruri hoa thabisa hore ebe Molimo o re siela seriti ka hore a re lumelle hore re ikhethela tsela eo re phelang ka eona! Leha ho le joalo, seo ha se bolele hore batho ba tla lula ba utloa bohloko ka lebaka la litholoana tse bosula tse bakiloeng ke phoso e entsoeng ke motho.
NA BATHO BA UTLOA BOHLOKO KA LEBAKA LA KARMA?
Haeba u ne u ka botsa Mohindu kapa Mobuddha potso e hlahang leqepheng le ka ntle la makasine ena, u ka ’na ua utloa karabo ena: “Batho ba lokileng ba etsahalloa ke lintho tse bohloko ka lebaka la molao oa Karma. Ba khola litholoana tsa lintho tseo ba li entseng bophelong bo fetileng.”c
Ke habohlokoa hore re hlokomele seo Bibele e se rutang ka lefu mabapi le thuto ea Karma. Serapeng sa Edene, e leng moo batho ba simolohang teng, ’Mōpi o ile a re ho motho oa pele, Adama: “U ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore u khotsofale. Empa ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe u se ke ua ja tsa sona, etsoe ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.” (Genese 2:16, 17) Hoja Adama ha a ka etsa sebe ka hore a se ke a mamela Molimo, a ka be a ile a phela ka ho sa feleng. Lefu e ile ea e-ba kotlo ea ho se mamele taelo ea Molimo. Ka lebaka leo, ha bana ba hlaha “lefu [le ile] la namela ho batho bohle.” (Baroma 5:12) Kahoo, re ka re “moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” (Baroma 6:23) Bibele e boetse e re: “Etsoe ea shoeleng o hlakotsoe molato oa sebe sa hae.” (Baroma 6:7) Ka mantsoe a mang, batho ha ba tsoele pele ba lefella libe tsa bona ha ba se ba shoele.
Batho ba limilione kajeno ba bolela hore bothata ba mahlomola a batho bo amana le Karma. Hangata molumeli o amohela mahlomola a hae hammoho le a ba bang ntle le hore a ferekanngoe ke ’ona. Empa ’nete ke hore mokhoa oona ha u fane ka tšepo ea hore lintho tse bohloko li tla khaotsa ho etsahala. Ho lumeloa hore tharollo feela eo motho a ka e fumanang ke topollo ea hore a se hlole a tsoaloa hape e leng se ka etsahalang haeba motho a ile a itšoara hantle ha a sa phela ’me a ba le tsebo e ikhethang. Ke ’nete hore lintlha tsena ha li lumellane le seo Bibele e se buang.d
SESOSA SA MAHLOMOLA!
Na u ne u tseba hore sesosa se ka sehloohong sa mahlomola ke “’musi oa lefatše”—e leng Satane Diabolose?—Johanne 14:30
Leha ho le joalo, sesosa se ka sehloohong sa bokhopo hase batho. Satane Diabolose, eo e neng e le lengeloi le tšepahalang la Molimo, “ha aa ka a ema a tiile ’neteng” ’me o ile a tlisa sebe lefatšeng. (Johanne 8:44) O ile a susumetsa batho hore fa fetohele Molimo serapeng sa Edene. (Genese 3:1-5) Jesu Kreste o ile a mo bitsa “ea khopo” le “’musi oa lefatše.” (Matheu 6:13; Johanne 14:30) Batho ka kakaretso ba latela Satane ka hore ba amohele tšusumetso ea hae ea ho hlokomoloha litsela tse molemo tsa Jehova. (1 Johanne 2:15, 16) Johanne oa pele 5:19, e re: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” Ho na le libōpuoa tse ling tsa moea tse ileng tsa ba khopo ’me tsa latela Satane. Bibele e bontša hore Satane le bademona ba hae ba ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona,’ ’me seo se bakile ‘bomalimabe lefatšeng.’ (Tšenolo 12:9, 12) Kahoo, Satane Diabolose ke eena ea ka sehloohong ea bakang bokhopo.
Ho hlakile hore Molimo hase eena ea bakang lintho tse bohloko tse etsahallang batho; ebile hase eena ea etsang hore batho ba utloe bohloko. Ho fapana le hoo, o tšepisitse hore o tla felisa bokhopo, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša.
a Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.
b E le hore u ithute hore na ke hobane’ng ha Molimo a ntse a lumeletse bokhopo, sheba khaolo 11 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
c E le hore u ithute hore na molao oa Karma o simolohile hokae, sheba leqephe la 8-12 la bukana ea Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
d E le hore u ithute hore na Bibele e rutang ka boemo ba bafu le hore na ho tla etsahala’ng ka bona, sheba khaolo ea 6 le ea 7 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
-
-
Seo Molimo a Tla se Etsa ka Lintho Tse BohlokoMolula-Qhooa—2014 | July 1
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | KE HOBANE’NG HA BATHO BA LOKILENG BA ETSAHALLOA KE LINTHO TSE BOHLOKO?
Seo Molimo a Tla se Etsa ka Lintho Tse Bohloko
Bibele e bontša ka ho hlaka seo Jehova le Mora oa hae, Jesu Kreste, ba tla se etsa ka mahlomola a bakiloeng ke Satane Diabolose. Bibele e re: “Mora oa Molimo [Jesu] o ile a bonahatsoa ka morero ona, e leng, ho qhaqha mesebetsi ea Diabolose.” (1 Johanne 3:8) Tsamaiso ea hona joale ea lintho e tletseng batho ba meharo, ba nang le lehloeo le ba etsang lintho tse bohloko e tla qhaqhoa. Ha e le “’musi oa lefatše lena”—e leng Satane Diabolose—Jesu o tšepisa hore o tla “lahleloa ntle.” (Johanne 12:31) Ha tšusumetso ea Satane e se e felisitsoe, ho tla thehoa lefatše le lecha ’me lefatše lena e tla ba sebaka se renang khotso.—2 Petrose 3:13.
Ho tla etsahala’ng ka batho bao ka manganga ba hanang ho fetola tsela eo ba phelang ka eona ’me ba ntse ba tsoela pele ho etsa lintho tse bohloko? Nahana ka tšepiso ena e hlakileng: “Ba lokileng ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona. Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng; ha e le ba bolotsana, ba tla tlosoa ho lona.” (Liproverbia 2:21, 22) Tšusumetso ea batho ba khopo e tla be e felile. Maemong ao a renang khotso, butle-butle batho ba mamelang ba tla lokoloha ho se phethahaleng hoo re ho futsitseng.—Baroma 6:17, 18; 8:21.
Molimo o tla felisa bobe joang lefatšeng leo le lecha? Eseng ka ho sitisa bolokolohi ba batho ba ho ikhethela le ho ba qobella hore ba etse lintho tseo a li batlang. Ho e-na le hoo, o tla ruta batho ba mamelang litsela tsa hae ’me a ba thuse hore ba ntše menahano e fosahetseng likelellong tsa bona le ho khaotsa ho etsa lintho tse bohloko.
Molimo o tla felisa lintho tsohle tse bakang mahlomola
Molimo o tla etsa’ng ka litlokotsi tse sa lebelloang? O tšepisitse hore haufinyane ’Muso oa hae o tla laola lefatše. Jesu Kreste e leng eena Morena ea khethiloeng ke Molimo oa ’Muso oo, o na le matla a ho folisa batho ba kulang. (Matheu 14:14) Jesu o boetse o na le matla a ho laola matla a tlhaho. (Mareka 4:35-41) Ka nako eo, mahlomola a bakoang ke “nako le ketsahalo e sa lebelloang” a tla be a felile. (Moeklesia 9:11) Ha Kreste a busa, ha ho na tlokotsi e tla hlahela batho.—Liproverbia 1:33.
Ho tla etsahala’ng ka batho ba limilione ba se nang molato ba shoeleng ka sehlōhō? Nakoana ka mor’a hore Jesu a tsose motsoalle oa hae Lazaro, o ile a re: “Ke ’na tsoho le bophelo.” (Johanne 11:25) Ka sebele Jesu o na le matla a ho tsosa batho ba shoeleng!
Haeba taba ea ho phela lefatšeng leo ho lona batho ba lokileng ba ke keng ba hlaheloa ke lintho tse bohloko e ea u khahla, e ka ba hantle hore u ikemisetse ho ithuta ho eketsehileng ka Molimo oa ’nete le morero oa hae ka hore u ithute Bibele. Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno li tla thabela ho u thusa hore u be le tsebo eo. Re u mema ka mofuthu hore u buisane le tse sebakeng sa heno kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena.
-