Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/14 maq. 10-11
  • Ho Etela Belize

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etela Belize
  • Tsoha!—2014
Tsoha!—2014
g 10/14 maq. 10-11
Lebōpo la Belize

LINAHA LE BATHO

Ho Etela Belize

’Mapa oa Belize

LE HOJA e le sebaka se senyenyane, Belize e na le lintho tse ngata tse akaretsang, meru e lulang e le mongobo le leoatle le leputsoa le pota-potileng lihlekehleke tse ngata tse pel’a lebopo. Empa sena hase sona feela se hlollang ka Belize.

Ho na le mefuta e makholo ea linonyana le liphoofolo, naheng ena. Tse ling ke linonyana tse mebala-bala tse bitsoang toucan le phoofolo e bitsoang Baird tapir—e kang kolobe, e nang le nko e tšoanang le ea tlou empa eona e le khutšoaane ’me e khona ho matha ka lebelo ha e le ka metsing le kantle ho metsi! Ho boetse ho na le lengau le phelang le le leng. Ha e le hantle, Belize e ikhantša ka hore ke eona ea pele lefatšeng ea ho ba le lengau sebakeng sa eona sa liphoofolo.

Lengau

Belize e ikhantša ka hore ke eona ea pele lefatšeng ea ho ba le lengau sebakeng sa eona sa liphoofolo

Belize e kile ea e-ba naha ea Bamaya. Masole a Maspanishe a ile a fihla Belize lilemong tsa bo-1500 empa ha aa ka a hlōla Bamaya ka ho feletseng. Hamorao, Mabrithani a ile a hapa Belize ’me ka 1862 a ile a e etsa kolone ea Mabrithani ka molao e bitsoang, British Honduras. Ka 1981, Belize e ile ea fumana boipuso.

Joaloka naha ea bona e mebala-bala, Mabelize ke batho ba merabe e sa tšoaneng. Ba bang ke Macreole, Maindia a Bochabela, Magarifuna, Bamaya le Bamestizo. Ke batho ba botsoalle ’me ba na le mekhoa e metle. Ha bana ba bua le batho ba baholo, hangata ba sebelisa mantsoe a kang “’Mè” kapa “Ntate” ’me ba araba ka ho re, “E, ’mè” kapa “Che, ntate.”

Basali ba Belize ba ’marakeng

’Marakeng oa Motse oa Belize

Belize ho na le liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova tsa Puo ea Matsoho ea Amerika, Sechaena sa Semandarine, Secreole sa Belize, Sejeremane, Senyesemane, Semaya (Mopán) le Sepanishe. Ka 2013, hoo eka bang motho a le mong ho ba 40 ba Belize, o ile a kopanela le Lipaki Sehopotsong sa lefu la Kreste.

NA U NE U TSEBA? Likorale tsa leoatle tsa Belize li bolelele ba lik’hilomithara tse fetang 290. Ke naha ea bobeli e nang le likorale tsa leoatle tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng. E khōlō ka ho fetisisa ke Great Barrier Reef e Australia.

Likorale tsa leoatle tsa Belize

Belize ke naha ea bobeli e nang le likorale tsa leoatle tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng

LINTLHA TSE THAHASELLISANG

  • Baahi: 333 000

  • Motse-moholo: Belmopan

  • Puso: Ea demokrasi

  • Lipuo tse buuoang: Secreole sa Belize, Senyesemane, Sepanishe

  • Boemo ba leholimo: Hoa chesa ’me ho mongobo

  • Naha: Karolo e khōlō ea naha ke lithaba, meru e lulang e le mongobo le mekhoabo. Lebōpong ho bonahala lihlekehleke tse makholo, tse khōlō le tse nyenyane tse nang le lifate tse metso e hlaheletseng kantle

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela