Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/14 maq. 12-13
  • Ho Etela Cambodia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etela Cambodia
  • Tsoha!—2014
Tsoha!—2014
g 4/14 maq. 12-13
Masimo a raese a Cambodia

LINAHA LE BATHO

Ho Etela Cambodia

’Mapa oa Cambodia

METSANA e hahiloeng ka har’a metsi, limmaraka tse phetheselang, sephethephethe sa lithuthuthu tse nkileng lintho tse kang liforiji le likhōhō tse ntseng li phela—tsena ke tse ling tsa lintho tseo u tla li bona le ho li utloa ha u le likarolong tse ling tsa Cambodia.

Baahi ba Cambodia ba tsebahala e le batho ba mofuthu, ba botsoalle le ba momahaneng. Ha ba kopana, ba ka ’na ba bitsana bo-abuti, ausi, ’mangoane, nkhono, ntate-moholo—esita le haeba ba qala ho kopana!

Matlo a hahiloeng ka har’a metsi

Macambodia a mang a lula ka liketsoaneng ha a mang a lula ka matlong a hahiloeng ka har’a metsi. Ho boetse ho na le likolo, litleliniki, limmaraka le moo ho tšeloang peterole, tse hahiloeng ka har’a metsi

Tholoana e bitsoang dragon fruit

Tholoana e bitsoang dragon fruit e ratoa haholo Cambodia

Raese ke se seng sa lijo tse jeoang haholo Cambodia. Hangata ho ba le mefuta e meraro kapa e mene ea lijo, e akarelletsang sopho. Macambodia a rata tlhapi haholo. Ho tloaelehile hore a je lijo tse tsoekere, tse bolila le tse letsoai ka nako e le ’ngoe.

Lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, bahoebi le bahahlauli ba Maindia ba ne ba atisa ho feta le lebōpong la Cambodiaha ba ea Chaena ebe ba rekisetsa batho ba moo silika le tšepe bakeng sa linōko, lehong le nkhang hamonate, manaka a tlou le khauta. Ha nako e ntse e ea, batho ba Cambodia ba ile ba susumetsoa ke mekhoa ea Maindia le Machaena, ke ka hona Bohindu le Bobuddha bo atileng haholo naheng eo. Kajeno, hoo e ka bang karolo ea 90 lekholong ea baahi ba moo ke Mabuddha.

Lipaki Tsa Jehova li bolella Macambodia molaetsa oa Bibele o fanang ka tšepo. Li thusitse batho ba bangata li sebelisa buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? E fumaneha ka lipuo tse ka bang 250, ho akarelletsa le Secambodia.

Lipaki Tsa Jehova li buisana le monna oa Mocambodia ka molaetsa oa tšepo o tsoang ka Bibeleng

Batho ba fetang 1 500 ba Cambodia ba ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ’me ba fumana likarabo tsa lipotso tse kang, “Bafu ba hokae?” le “Morero oa Molimo ke ofe ka lefatše?”

LINTLHA TSE THAHASELLISANG

  • Baahi: Ba ka ba limilione tse 14

  • Motse-moholo: Phnom Penh

  • Boemo ba leholimo: Ho futhumetse ’me ka linako tse ling hoa chesa, ho ba le linako tsa pula le tsa komello

  • Lihlahisoa: Liphahlo, patsi, rabara, raese

Buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? ka Secambodia

Buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova ea fumaneha ka Secambodia (e bontšitsoeng mona).

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela