Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/14 maq. 10-11
  • Ho Etela Ireland

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etela Ireland
  • Tsoha!—2014
Tsoha!—2014
g 7/14 maq. 10-11
Moeli oa leoatle oa Ireland

LINAHA LE BATHO

Ho Etela Ireland

’Mapa oa Republic of Ireland le Northern Ireland

SEHLEKEHLEKE sa Emerald” se akarelletsa linaha tse peli: se seholo ke naha e ikemetseng ea Republic of Ireland ’me se senyenyane ke Northern Ireland, e leng karolo ea United Kingdom.

Giant’s Causeway

Giant’s Causeway

Ireland e bitsoa Sehlekehleke sa Emerald hobane ho na pula e ngata e etsang hore naha eohle e be tala. Matša a matle le linōka hammoho le lihlaba tse lebōpong la leoatle le maralla a eketsa botle ba eona.

Ntlo e ruletsoeng ka joang

Ntlo e ruletsoeng ka joang

Batho ba Ireland ba mamelletse mathata a maholo. Ka mohlala, ba bang ba hakanya hore hoo e ka bang ka 1845 ho isa ho 1851, batho ba ka bang milione ba ile ba bolaoa ke tlala le mafu nakong ea seoa sa lijalo tsa litapole. E le ho baleha tlala ea bo-ja-likata, batho ba bangata ba ile ba fallela linaheng tse kang Australia, Brithani, Canada le United States. Kajeno, batho ba ka bang limilione tse 35 ba Maamerika ba bolela hore baholo-holo ba bona ba hlaha Ireland.

Maaerishe a tsebahala ka ho ba batho ba pelo e ntle le ba mofuthu. Lipapali tse ngata tseo ba li bapalang li akarelletsa ho palama lipere le lipapali tse bapaloang ka sehlopha, tse kang krikete, rugby, bolo ea maoto le Gaelic football (e tšoanang le bolo ea maoto). Ka ho khetheha basali ba thabela papali e bapaloang ka sehlopha e bitsoang camogie, e tšoanang le hockey.

Hape batho ba Ireland ba rata ho qoqa le ’mino. Tantši ea maoto ea Maaerishe e tumme haholo lefatšeng ka bophara. ’Mele ea batantši ha e sisinyehe ho fihlela thekeng empa ho tsamaea maoto feela ha ba ntse ba tapa-tapa kapele.

Sehlopha sa Maaerishe

Sehlopha sa Maaerishe

Lipaki Tsa Jehova li se li e-na le lilemo tse fetang lekholo li le teng Ireland. Hona joale, ho na le Lipaki tse fetang 6 000 tse lulang moo ’me li kopanela ka botlalo mosebetsing oa ho ruta Bibele.

1. Harepa ea Celtic; 2. liphala tse nang le mokotlana oa moea tsa Maaerishe; 3. fiddle; 4. korostina; 5. phala ea lekoti-koti; 6. moropa

’Mino oa setso oa Maaerishe o etsoa ka liletsa tsa ’mino tse kang harepa ea Celtic, liphala tse nang le mokotlana oa moea tsa Maaerishe, fiddle, korostina, phala ea lekoti-koti le moropa.

NA U NE U TSEBA?

Giant’s Causeway, e ka lebōpong le ka leboea la Northern Ireland, e akarelletsa majoe a likete-kete a bileng teng ha seretse se chesang se ileng sa foqoha se folisoa ke metsi a leoatle.

LINTLHA TSE THAHASELLISANG

  • Baahi: Ho na le ba ka bang limilione tse 4,5 naheng ea Republic; le ba limilione tse ka bang 1,8 naheng ea Northern Ireland

  • Motse-moholo: Dublin e Republic; Belfast e Northern Ireland

  • Puo e buuoang: Seaerishe le Senyesemane

  • Boemo ba leholimo: Bo leka-lekane ’me pula e na khafetsa

  • Malumeli a ka sehloohong: Bongata ke Mak’hatholike ka Republic; ha ka Northern Ireland e le Maprostanta le Mak’hatholike

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela