Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Katleho ea Sebele ke Eng?
    Tsoha!—2014 | October
    • Mosali ea phahamisitseng khau ea hae

      SEHLOOHO SE KA NTLE

      Katleho ea Sebele ke e Joang?

      NTHO e bohloko ho feta ho hlōleha, ke ha motho a ithetsa ka hore o atlehile empa a sa atleha. Ha u hlōleha ho finyella ntho e itseng, u ka nka mehato e itseng ho ntlafatsa boemo. Bonyane u ka ithuta ho itseng ho seo ’me ua ikemisetsa ho etsa lintho ka tsela e molemo lekhetlong le tlang.

      Ha motho a ithetsa ka hore o atlehile empa a sa atleha, seo se etsa hore a nke hore lintho li mo tsamaela hantle empa ha e le hantle a ntse a hlōleha. Nakong eo a hlokomelang hore o lokela ho etsa liphetoho, ho tla be ho se ho se na thuso.

      Nahana ka mohlala ona. Ka letsatsi le leng Jesu Kreste o ile a botsa a re: “Ho tla ba le molemo ofe ha motho a rua lefatše lohle empa a lahleheloa ke moea oa hae?” (Matheu 16:26) Jesu o ne a bua ka batho ba iteletseng ho batla chelete le ho lula ba reka lintho tse ngata, e leng mohlala oa motho ea ithetsang ka hore o atlehile empa a sa atleha. Tom Denham, ea eletsang batho ka mosebetsi oo ba ka o khethang, o re: “Ha batho ba lula ba nahana ka ho nyolloa mosebetsing, ho ba le chelete e ngata kapa ho ba le lintho tse ngata, seo ha se etse hore ba khotsofale. Ho lekanya katleho re ipapisitse ka hore na motho o na le chelete e kae ho ka etsa hore ha nako e ntse e e-ea, batho ba ikutloe ba se na thuso.”

      Ho bonahala batho ba bangata ba lumellana le seo. Tlhahlobong e ileng ea etsoa United States e bontša hore “ho ba le chelete e ngata” ho ile ha hlaha boemong ba bo20 lethathamong la lintho tse 22 “tseo ho nkoang hore li etsa hore batho ba atlehe bophelong.” Ka holimo e ne e le bophelo bo botle ba ’mele, ho ba le likamano tse ntle le batho ba bang le ho ba le mosebetsi oo motho a o ratang.

      Ho hlakile hore bonyane ha batho ba botsoa, ba bangata ba khona ho bona phapang e teng pakeng tsa katleho ea sebele le ha motho a nahana hore o atlehile empa a sa atleha. Leha ho le joalo, ho thata le ho feta ho etsa liqeto tse bontšang hore motho o na le pono e nepahetseng ka katleho.

  • U Lekanya Katleho Joang?
    Tsoha!—2014 | October
    • SEHLOOHO SE KA NTLE | KATLEHO EA SEBELE KE E JOANG?

      U Lekanya Katleho Joang?

      Bakeng sa ho itlhahloba, nahana ka maemo a latelang a inahanetsoeng.

      U ka re ke mang ea atlehileng e le kannete?

      • Alex

        ALEX

        Alex o na le khoebo. Ke motho ea tšepahalang, ea sebetsang ka thata ’me o na le mekhoa e metle. Khoebo ea Alex e atlehile ’me eena le lelapa la hae ba phela bophelo bo mabotho-botho.

      • Cal

        CAL

        Cal o na le khoebo e tšoanang le ea Alex ’me o na le chelete e ngata haholo ho mo feta. Leha ho le joalo, e le hore a lule a etsa chelete e ngata ho feta ba hlōlisanang le eena khoebong, Cal o lula a sebetsa ’me o se a kula.

      • Janet

        JANET

        Janet o sekolong ’me u sebetsa ka thata ebile o rata ho ithuta. Ka lebaka leo, o pasa hantle.

      • Ellen

        ELLEN

        Ellen o pasa ho feta Janet ’me o phahametse liithuti tse ling—empa ha a ngola liteko oa kopitsa ebile ha a tsotelle lithuto tsa hae.

      Haeba o re Cal le Ellen—kapa batho bana kaofela ba bane—ba atlehile, e ka ’na eaba u lekanya katleho ka seo motho a se finyelletseng ho sa tsotellehe hore na o se finyelletse joang.

      Ka lehlakoreng le leng, haeba u khetha Alex le Janet, e ka ’na eaba u lekanya katleho ka hore na motho o na le botho bo joang le hore na o tšepahala hakae. Seo sea utloahala. Nahana ka mehlala e latelang.

      • Ntho e tla tsoela Janet molemo ka nako e telele ke efe—na ke hore a phahamele liithuti tse ling kapa ke hore a rate ho ithuta?

      • Se molemo bakeng sa bana ba Alex ke sefe—na ke hore ba be le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo chelete e ka e rekang kapa ke hore ntate oa bona a qete nako a e-na le bona?

      Seo e leng ’nete: Motho ea ithetsang ka hore o atlehile empa a sa atleha o amehile ka hore na batho ba mo talima joang; empa motho ea atlehileng e le kannete o na le boitšoaro bo botle.

  • U ka Finyella Katleho ea Sebele Joang?
    Tsoha!—2014 | October
    • Charlotte le Timothy

      SEHLOOHO SE KA NTLE | KATLEHO EA SEBELE KE E JOANG?

      U ka Finyella Katleho ea Sebele Joang?

      Bibele e khothalletsa batho hore ba be le pono e loketseng ka katleho. Ha e rute hore ke batho ba ’maloa le ba lehlohonolo feela ba ka finyellang katleho. Ka lehlakoreng le leng, Bibele ha e buelle maikutlo a libukeng tsa litšōmo tse bolelang hore ha motho a ‘latela litoro tsa hae,’ lintho tsohle tseo a li batlang o tla li fumana. Maikutlo ao—ao hangata a foqoang bana ba sa le banyenyane—a etsa hore batho ba soetsehe.

      ’Nete ke hore, motho leha e le ofe a ka fumana katleho ea sebele—empa ho hlokahala hore a sebetse ka thata. Nahana ka melao-motheo e latelang.

      • Lichelete tsa tšepe

        SEO BIBELE E SE BUANG:

        “Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera, hape leha e le ofe ea ratang leruo a ke ke a khotsofalla chelete e kenang.”—Moeklesia 5:10.

        SEO SE BOLELA’NG? Ha motho a e-na le chelete e ngata, seo hase bolele hore o thabile. Ha e le hantle, ho etsahala se fapaneng. Buka e bitsoang, Generation Me, ea Dr. Jean M. Twenge, e re: “Batho ba amehileng haholo ka hore ba fumane chelete e ngata, ba tšoenyeha le ho ba le khatello maikutlong ho feta batho ba amehileng ka ho ba le likamano tse ntle le batho ba bang.” O phaella ka ho re: “Lipatlisiso li lula li bontša hore chelete e ke ke ea reka thabo—ha motho a se a fumane lintho tsa motheo tseo a li hlokang, chelete ha e sa mo tlisetsa thabo.”

        SEO U KA SE ETSANG. Ipehele pakane ea ho finyella ntho e ka u tlisetsang thabo ho feta chelete le lintho tseo u ka li rekang. Jesu o ile a re: “Itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong, hobane esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.”—Luka 12:15.

      • Monna ea motlotlo

        SEO BIBELE E SE BUANG:

        “Boikakaso bo etella ho oa pele, ’me moea o ikhohomosang o etella ho khoptjoa pele.”—Liproverbia 16:18.

        SEO SE BOLELA’NG? U ke ke ua fumana katleho ea sebele haeba u ikhohomosa ebile u hahamalla botumo. Ha e le hantle, buka ea Good to Great e bolela hore baeta-pele ba lik’hamphani ba ileng ba atleha ka nako e telele ba “bontša boikokobetso, ha ba rate mponeng ebile ha ba inke e le batho ba bohlokoa. Ho fapana le hoo, baeta-pele ba lik’hamphani tse peli ho tse tharo tse tšoanang le tseo ba ne ba ikhohomosa ’me seo se ile sa etsa hore lik’hamphani tsa bona li se ke tsa atleha.” Re ithuta’ng ho see? Ho ikhohomosa ho ka etsa hore re se ke ra atleha.

        SEO U KA SE ETSANG. Ho e-na le ho batla ho fumana maemo a phahameng bophelong, hlaolela boikokobetso. Bibele e re: “Haeba leha e le mang a inahana hore ke ho hong ha e se letho, o thetsa kelello ea hae.” Seo se bontša hore ho hang motho eo ha a atleha.—Bagalata 6:3.

      • Letsoho le tšoereng hamore

        SEO BIBELE E SE BUANG:

        “Ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore a . . . bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.”—Moeklesia 2:24.

        SEO SE BOLELA’NG? Haeba u sebetsa ka thata, u tla thabela mosebetsi oa hao le ho feta. Buka e bitsoang Teach Your Children Well, ea Dr. Madeline Levine, e re: “Motho o ikutloa a atlehile ha a ipabola nthong e itseng ’me e le hore a ipabole le ho feta, o lokela ho etsa boiteko le ho sebetsa ka thata.” Seo se akarelletsa ho peseletsa ho sa tsotellehe litšitiso tse ka hlahang.

        SEO U KA SE ETSANG. Sebetsa ka thata e le hore u ipabole mosebetsing oa hao ’me u se ke ua tela ha u kopana le mathata. Haeba u e-na le bana, ba fe (ho latela bokhoni le lilemo tsa bona) monyetla oa ho rarolla mathata a bona. Ha ba na le mathata, u se ke ua potlakela ho ba thusa ho a rarolla. Ha bacha ba khona ho sebetsana le mathata a bona, seo se etsa hore ba khotsofale e le kannete ’me ba fumana koetliso e molemo bakeng sa ha e se e le batho ba baholo.

      • Ntja

        SEO BIBELE E SE BUANG:

        “Ntja e phelang e molemo ho feta tau e shoeleng.”—Moeklesia 9:4.

        SEO SE BOLELA’NG? Haeba ua sebetsa, mosebetsi oa hao e lokela ho ba karolo ea bophelo ba hao—eseng bophelo bohle ba hao. ’Nete ke hore, leha u sebetsa mosebetsi o hlamatsehang, u ke ke ua ikutloa u atlehile haeba u kula kapa lelapa la hao le se le sa u hlomphe. Batho ba atlehileng e le kannete, ba leka kahohle ho etsa hore mosebetsi oa bona o se ke oa ba sitisa hore ba phele hantle ’meleng le ho qeta nako le malapa a bona.

        SEO U KA SE ETSANG. Itlhokomele. Iphe nako ea ho phomola. Ha ho na molemo oa hore u sebetse haholo hoo u sa khoneng ho hlokomela bophelo ba hao ba ’mele le ho qeta nako u e-na le lelapa la hao le metsoalle—hore feela u fumane katleho eo e seng ea sebele.

      • Bibele e butsoeng

        SEO BIBELE E SE BUANG:

        “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”—Matheu 5:3.

        SEO SE BOLELA’NG? E le hore motho a atlehe e le kannete, o lokela hore a ithute Bibele le ho sebelisa melao-motheo ea eona. Ha e le hantle, Lipaki Tsa Jehova tse limilione li ithutile hore ha li nka kamano ea tsona le Molimo e le ntho ea bohlokoa ho feta ntho leha e le efe, ha li tšoenyehe hakaalo ka ho ba le chelete le lintho tse ngata.—Matheu 6:31-33.

        SEO U KA SE ETSANG. Ithute kamoo Bibele e ka u thusang ho fumana katleho ea sebele kateng. E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, ikopanye le Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno kapa kena Websaeteng ea rōna ea www.pr418.com/st.

      “Katleho ea ka ea Nakong e Fetileng e ne e se ea Sebele”

      Charlotte le Timothy

      Timothy le Charlotte ba ne ba lula ntlong e khōlō e neng e e-na le likamore tse ngata. Ba ne ba e-na le likoloi tse tharo tse mabaibai ’me selemo le selemo, ba ne ba nka maeto a ’maloa a ho ea phomolong a turang. Empa ba ile ba tela lintho tseo tsohle. Tsoha! e ile ea botsa Timothy hore na ke’ng se ileng sa etsa hore ba fetole tsela eo ba neng ba phela ka eona.

      U ne u etsa mosebetsi ofe?

      Ke ne ke sebetsa indastering ea ’mino hape ke etsa mosebetsi oa ho boloka litlaleho tsa khoebo. Charlotte o ne a thusa ngaka e phekolang batho ba lemetseng masapo hape o ne a sebetsa bankeng. Hamorao re ile ra bula libaka tse ’nè tseo ho kutoang moriri ho tsona. Ke ne ke atlehile haholo mesebetsing ena. Ha e le hantle, ho ne ho sa hlokahale hore ke sebetse hobane ke ne ke e-na le batho ba ntšebeletsang. Empa, qetellong ’na le Charlotte re ile ra etsa qeto ea hore re fokotse. Re ile ra rekisa boholo ba lintho tseo re neng re e-na le tsona.

      Ke hobane’ng ha le ile la “fokotsa”?

      Re ile ra hlokomela hore ha e le hantle, re ne re sa atleha. Thabo eo re neng re e fumana ha re qeta ho reka ntho e itseng, e ne e fela kapele ’me re ne re sala re sa thaba ebile re sa khotsofala.

      Le ile la fumana katleho ea sebele joang?

      Kaha ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, haesale ke etsa tšebeletso ea Bokreste ka cheseho. Le hoja ’na le Charlotte re kile ra qeta lihora tse 70 khoeli le khoeli re ruta batho Bibele, tšebeletso e ne e se ntho ea bohlokoa bophelong ba rōna. Kahoo re ile ra rekisa likhoebo tsa rōna ’me ra ea thusa moo ho nang le tlhokahalo e eketsehileng ea baboleli ba rutang batho Bibele. Hona joale re sebeletsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e United States. Kaha ke karolo ea tšebeletso ea rōna ea Bokreste, ha ke fumane moputso kapa ho nkeloa holimo ka lebaka la mosebetsi oo ke o etsang. Re na le lintho tsohle tseo re li hlokang. Empa ha rea ameha ka seo.

      Na hona joale u ikutloa u atlehile ho feta pele?

      Ha ho potang! Katleho ea ka ea nakong e fetileng e ne e se ea sebele. Seo ke se etsang hona joale, se etsa hore ke khotsofale e le kannete hobane kea tseba hore mosebetsi oo ke o etsang, o thusa batho lefatšeng lohle hore ba fumane molaetsa oa Bibele ’me ba ntlafatse bophelo ba bona.a

      a Lipaki Tsa Jehova ha li lefuoe ha li etsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela