-
Ke Hobane’ng ha Bana ba se ba sa Khalemeloe?Tsoha!—2015 | April
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE
Ke Hobane’ng ha Bana ba se ba sa Khalemeloe?
Lilemong tsa morao tjena, bophelo ba lelapa linaheng tsa Amerika le Europe bo fetohile haholo. Pele batsoali e ne e le bona ba behang melao ’me bana ba e latela. Hona joale, malapeng a mang ho bonahala bana e le bona ba laolang batsoali ba bona. Ka mohlala, nahana ka maemo a latelang a thehiloeng linthong tse etsahalang.
Ha moshanyana ea lilemo li ’nè a le ka shopong le ’mè oa hae o nanabela toy. ’Mè oa hae o leka ho mo thiba o re: “U na le li-toy tse ngata, akere?” O elelloa hamorao hore o ne a sa lokela ho mo botsa. Moshanyana o oa lla o re: “Empa kea e batla!” ’Mè oa hae oa mo tlohela hobane a tšaba hore o tla ithaburanya joaloka kamehla.
Ngoanana ea lilemo li hlano o kena ntate oa hae hanong ha a ntse a buisana le motho e mong e moholo. O re: “Ntate ke khathetse, ke batla ho ea hae!” Ntate oa hae o khaotsa ho bua, oa inama ’me ka bonolo o re ho eena: “Butle hanyane hle Nana.”
James ea lilemo li 12, o boetse o qosoa ka hore o ile a tjolietsa tichere ea hae. Ho e-na le hore ntate oa hae a mo halefele, o halefela tichere. Ntate oa hae o re: “Tichere ena e lula e u khathatsa. Ke batla ho ea mo tlaleha botong ea sekolo!”
Maemo ana hase a sebele empa a aa etsahala. A bontša mathata a teng malapeng ao ho ’ona batsoali ba sa reng letho ha bana ba bona ba tella, ba ba lumella ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe le ho ba “sireletsa” liphellong tsa boitšoaro ba bona bo bobe. Buka ea The Narcissism Epidemic e re: “Ke ntho e tloaelehileng ho bona batsoali ba itumella ho laoloa ke bana ba banyenyane. Pele bana ba ne ba tseba hore eta ho lla sa motsoali—eseng sa bona.”
Ke ’nete hore batsoali ba bangata ba leka ho ruta bana ba bona mekhoa e metle ka ho ba behela mohlala o motle le ka ho ba khalemela ba tiile empa e le ka lerato. Leha ho le joalo, buka e qotsitsoeng ka holimo e bontša hore batsoali ba elelloang bohlokoa ba ho etsa joalo “ba etsa se fapaneng le se tloaelehileng.”
Ho tlile joang hore boemo bo mpefale hakaale? Ke hobane’ng ha bana ba se ba sa khalemeloe?
Taolo ea Batsoali ea Thefuleha
Batho ba bang ba re taolo ea batsoali e qalile ho thefuleha ka bo-1960, ha batho ba nkoang e le litsebi ba ne ba khothalletsa batsoali hore ba se ke ba khalemela bana ba bona ka thata. Litsebi tseo li ile tsa re: ‘E-ba motsoalle oa ngoan’a hao, eseng ’mehi-molao.’ Hape li ne li re: ‘Ho babatsa ho molemo ho feta ho khalemela.’ ‘Ho e-na le ho lula u tšoaea bana liphoso, sheba lintho tse ntle tseo ba li etsang.’ Ho e-na le hore litsebi tseo li bontše ho leka-lekana tabeng ea ho babatsa bana le ho ba khalemela, li bolela hore ho ba khalemela ho ka lematsa maikutlo a bona ’me ha etsa hore ba hloee batsoali ba bona hamorao.
Ho e-s’o ee kae, litsebi tseo li ne li boetse li buella melemo ea ho itšepa. E ne eka ho se ho sibolotsoe sephiri sa ho ba motsoali e molemo, se reng: Etsa hore bana ba hao ba ikutloe ba le motlotlo. Ke ’nete hore ke habohlokoa ho ruta bana hore ba itšepe. Empa litsebi tseo li ile tsa feteletsa bohlokoa ba ho itšepa ka hore li re batsoali ba lokela ho qoba ho hanela bana ka lintho kapa ho ba khalemela ha ba entse ntho e mpe. Ba re, ‘Lulang le bolella bana ba lōna hore ke ba bohlokoa le hore ba ka ba ntho e ’ngoe le ’ngoe eo ba batlang ho ba eona.’ E ne eka ho ba motlotlo ho ne ho le bohlokoa haholo ho feta ho itšoara hantle.
Boikutlo ba ho itšepa bo entse hore bana ba nke hore ba tlameha ho etsetsoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe
Qetellong, batho ba bang ba re boikutlo bona ba ho itšepa bo entse hore bana ba nke hore ba tlameha ho etsetsoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Buka ea Generation Me e re: Sena se boetse se sitisitse bana ba bangata hore “ba itokisetse ho mamella lintho tse ke keng tsa qojoa bophelong tse kang, ho khesoa le ho hloleha.” Ntate e mong ea qotsitsoeng bukeng eo o re, “Mosebetsing ha ho na motho ea nang le taba le ho itšepa ha hao. . . . Haeba u tla le ripoto e mpe ofising, mong’a hao a ke ke a re, ‘Ke rata ’mala oa pampiri eo u e khethileng.’ Ha e le hantle, ho hōlisa bana ka tsela eo hoa ba lematsa.”
Maikutlo a Feto-fetohang
Lilemong tse mashome tse fetileng, litsela tsa ho hōlisa bana li ’nile tsa bontša ho feto-fetoha ha maikutlo a batho. Morupeli e mong ea bitsoang Ronald G. Morrish o re: “Litsela tsa ho khalemela bana li lula li fetoha. Sena se bontša hore batho baa fetoha.”a Ho bonolo hore batsoali ba be kamoo Bibele e hlalosang kateng ha e re e ka ba, “ba akhotsoang joalokaha eka ba akhotsoa ke maqhubu ’me ba isoa koana le koana ke moea o mong le o mong oa thuto.”—Baefese 4:14.
Ho hlakile hore mokhoa o atileng oa ho bokotsa bana o ba lemalitse. Ha o oa thefula taolo ea batsoali feela empa o boetse o siile bana ba se na tataiso eo ba e hlokang hore ba etse liqeto tse nepahetseng le hore ba itšepe ka tsela e loketseng.
Na ho na le tsela e molemo ea ho hōlisa bana?
a Mongolo e tšekaletseng ke oa rōna; ho tsoa bukeng ea Secrets of Discipline: 12 Keys for Raising Responsible Children.
-
-
Khalemelo e AtlehangTsoha!—2015 | April
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | KE HOBANE’NG HA BANA BA SE BA SA KHALEMELOE?
Khalemelo e Atlehang
BONNETENG ho ba motsoali ke mosebetsi o boima. Empa ho se khalemele bana ho etsa hore ho be boima le ho feta. Hobane’ng? Hobane ha bana ba sa khalemeloe (1) ba tsoa taolong, e leng se ka khathatsang batsoali ’me (2) batsoali ba ba fa melao e lulang e fetoha, e leng se ferekanyang bana.
Ka lehlakoreng le leng, khalemelo e leka-lekaneng le e lerato, e ka thusa ho ntlafatsa tsela eo bana ba nahanang ka eona le eo ba itšoarang ka eona. E boetse e thusa bana hore ba ikutloe ba sireletsehile ha ba ntse ba hōla ho fihlela e e-ba batho ba baholo ba nang le boikarabelo. Empa u ka fumana likeletso tse tšepahalang hokae tse tla u thusa ho khalemela bana ba hao?
Bohlokoa ba Melao-motheo ea Bibele
Bangoli ba makasine ena, e leng Lipaki Tsa Jehova, ba lumela hore Bibele e kamoo e itlhalosang kateng ha e re e “molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, . . . bakeng sa ho laea.” (2 Timothea 3:16) Bibele hase buka feela tjee e nang le litaelo tsa ho hōlisa bana; melao-motheo ea eona e fana ka likeletso tse utloahalang bakeng sa malapa. A re ke re hlahlobe mehlala e latelang.
BIBELE E RE: “Booatla bo tlameletsoe pelong ea moshanyana.”—Liproverbia 22:15.
Le hoja bana ba rateha ebile ba le mosa, ba etsa lintho tse booatla. Ka hona, bana ba hloka ho khalemeloa. (Liproverbia 13:24) Ho elelloa ntlha eo ho tla u thusa ho phetha boikarabelo ba hao joaloka motsoali.
BIBELE E RE: “U se ke ua tima moshanyana taeo.”—Liproverbia 23:13.
Ha ua lokela ho tšoha hore ha u khalemela bana ba hao ka tsela e leka-lekaneng, u tla ba utloisa bohloko kapa ba tla u hloea ha ba se ba hōlile. Ha u khalemela bana ka tsela e lerato, seo se tla ba thusa hore ba e amohele—e leng bokhoni bo tla ba tsoela molemo leha ba se ba hōlile.—Baheberu 12:11.
BIBELE E RE: “Leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.”—Bagalata 6:7.
Ka tlhaho, batsoali ba batla ho sireletsa bana ba bona ’me seo se nepahetse. Leha ho le joalo, ho hlokahala hore ba bontše ho leka-lekana. Ha u thuse bana ba hao ka letho ha u ba sireletsa liphellong tsa liphoso tsa bona le ho ba emela ha matichere kapa batho ba bang ba baholo ba u bolella ka boitšoaro ba bona bo bobe. Ho e-na le hoo, talima batho bao e le baeletsi ba hao. Ha u etsa joalo u ruta ngoan’a hao ho ikokobelletsa khalemelo, ho akarelletsa le ea hao.—Bakolose 3:20.
BIBELE E RE: “Moshanyana ea itaolang o tla hlabisa ’m’ae lihlong.”—Liproverbia 29:15.
E-ba lerato, u se ke ua feto-fetoha ’me u bontše ho leka-lekana
Le hoja batsoali ba lokela ho qoba ho ba thata, ba boetse ba lokela ho qoba ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Buka ea The Price of Privilege e re: “Bana bao batsoali ba bona ba ba lumellang ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ha ba nke hore batho ba baholo ke bona ba fanang ka litaelo ka lapeng.” Haeba u sa sebelise bolaoli ba hao, ngoana o tla nahana hore ke eena ea laolang. Ha ho potang hore o tla etsa liqeto tse fosahetseng tse tla le utloisa bohloko.—Liproverbia 17:25; 29:21.
BIBELE E RE: “Monna o tla . . . khomarela mosali oa hae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe.”—Matheu 19:5.
Ho ea ka Bibele, monna le mosali ba lokela ho ba le bana ha ba se ba nyalane, le hore ba lokela ho lula ba le ’moho leha bana ba se ba hōlile ’me ba tlohile lapeng. (Matheu 19:5, 6) Sena se bolela hore u lokela ho ba le molekane pele, ebe u ba motsoali hamorao. Leha ho le joalo, haeba u etsa se fapaneng le sena, ngoan’a hao a ka ’na “a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana.” (Baroma 12:3) Ha banyalani ba shebane le ngoana oa bona feela, seo se ka fokolisa kamano ea bona.
Se ka Thusang Batsoali
E le hore u atlehe ho phetha boikarabelo ba hao joaloka motsoali, u lokela ho sebelisa melao-motheo ena ha u khalemela bana ba hao.
E-ba lerato. “Le se ke la khentša bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.” —Bakolose 3:21.
U se ke ua feto-fetoha. “Lentsoe la lōna E le mpe le bolele E, Che ea lōna, Che.” —Matheu 5:37.
E-ba ea leka-lekaneng. “Ke tla lokela ho u khalemela ka tekanyo e loketseng.” —Jeremia 30:11.a
a Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, kena ho jw.org/st. Sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > BANYALANI LE BATSOALI ’me u shebe lihlooho tse kang se reng, “Ho Khalemela Bana,” “Seo U ka se Etsang ha Ngoana a Ithaburanya,” “Lula U Ruta Bana ba Hao Melao e Nepahetseng ea Boitšoaro” le se reng, “Kamoo U ka Khalemelang Ngoana oa Hao.”
-