Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/15 maq. 8-9
  • Ho Etela Honduras

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etela Honduras
  • Tsoha!—2015
Tsoha!—2015
g 4/15 maq. 8-9
Lebōpo la Honduras

LINAHA LE BATHO

Ho Etela Honduras

’Mapa oa Honduras

HONDURAS e bolela “Botebo” ka Sepanishe, e leng lentsoe leo e ka ’nang eaba Christopher Columbus o ile a le sebelisa ho hlalosa metsi a phallang haufi le Lebōpo la Leoatle la Atlantic la motse ona. Batho ba bang ba re ke kamoo Honduras e ileng ea fumana lebitso la eona kateng.

Batho ba Honduras ba nka hore ke habohlokoa haholo ho tšepahala le ho ba le tšebelisano-’moho ka lapeng. Ka mohlala, hangata banyalani ba etsa liqeto tsa bohlokoa litabeng tse amanang le litšenyehelo tsa lelapa kapa ho ruta bana.

Mahonduras a mangata ke a merabe e tsoakaneng ea Maeurope le matsoalloa a Honduras. A mang a matsoalloa a naheng ena a kang Machortí, a ntse a lula sebakeng sena. Baholo-holo ba matsoalloa a mang a Honduras, a kang Magarifuna, ke ba linaheng tse ling.

Sebini sa Mogarifuna se bapala moropa o entsoeng ka lehong

Sebini sa Mogarifuna se bapala moropa o entsoeng ka lehong

Magarifuna ke litloholo tsa batho ba Afrika le Maindia a Amerika Boroa a neng a lula sehlekehlekeng sa St. Vincent. Hoo e ka bang ka 1797, Magarifuna a ile a fihla Islas de la Bahía (Bay Islands). Hamorao, a ile a lula mabapa le Lebōpo la Leoatle la Caribbean le karolong e khōlō ea naha ea Amerika Bohareng. Ha a ntse a le moo, Magarifuna a ile a namela le likarolong tse ling tsa Amerika Bohareng le Amerika Leboea.

Magarifuna a rata ho tantša nakong eo ho ntseng ho bapaloa meropa e entsoeng ka lehong. A rata ho apara liaparo tsa setso tse mebala-bala, ho etsa litšōmo le ho ja lijo tse kang ereba (e leng sephaphatha se seholo le se sesesaane se entsoeng ka metso ea sefate sa cassava [Manihot esculenta]).

Ho na le liphutheho tse ka bang 400 tsa Lipaki Tsa Jehova, Honduras. Liboka tsa tsona li tšoaroa ka Puo ea Matsoho ea Honduras, Segarifuna, Semandarin sa Chaena, Semiskito, Senyesemane hammoho le Sepanishe.

Ereba

Ereba, ke sephaphatha se seholo le se sesesaane se entsoeng ka metso ea sefate sa cassava

LINTLHA TSE THAHASELLISANG

  • Baahi: 8 111 000

  • Motse-moholo: Tegucigalpa

  • Puso: Puso ea sechaba ka sechaba

  • Puo e buuoang: Sepanishe

  • Boemo ba leholimo: Hoa chesa ebile ho mongobo, empa ho futhumetse lithabeng

  • Naha: Libaka tse etsang liphesente tse 75 tsa naha ena li lithabeng. Ho boetse ho na le libaka tse haufi le lebōpo la leoatle hammoho le lihlekehleke

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela