Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na Bibele e ka re Thusa Kajeno?
    Tsoha!—2015 | February
    • Bibele e butsoeng

      SEHLOOHO SE KA NTLE

      Na Bibele E Ka Re Thusa Kajeno?

      ‘Ke ne ke thabile ka lekhetlo la pele bophelong ba ka.’

      HILTON o ne a rata litebele. Ha a le lilemo li supileng, o ne a rata ho loana ha a le papaling ea litebele le ho loantša batho ba bang! Ha a le sekolong se phahameng, eena le metsoalle ea hae ba ne ba lula ba batla bana bao ba ka ba otlang. O re: “Ke ne ke utsoa, ke becha, ke shebella litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso, ke hlekefetsa basali ke bile ke rohaka batsoali ba ka. Ke ne ke itšoere hampe hoo batsoali ba ka ba neng ba re ke ba-e-hlōtse. Ke ile ka tloha lapeng ha ke qeta sekolo.”

      Ha Hilton a khutlela hae ka mor’a lilemo tse 12, batsoali ba hae ba ne ba sa kholoe hore ke eena! O ne a ikokobelitse, a khona ho laola maikutlo a bile a hlompha. Ke eng e ileng ea etsa hore a fetohe hakaale? Ha a ntse a le hōle le hae, o ile a qala ho nahana ka ho teba ka bophelo ba hae. O ile a boela a hlahloba Bibele ’me a fumana litsela tseo a neng a ka fetola bophelo ba hae ka tsona. Hilton o re: “Ke ile ka latela seo ke neng ke se bala ka Bibeleng, e leng se bolelang hore ke ne ke lokela ho tlohela tsela eo ke neng ke itšoere ka eona ’me ke mamele taelo e ho Baefese 6:2, 3 e reng ke hlomphe batsoali ba ka. Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka ke ile ka fumana thabo ea sebele ’me ka thabisa ’Mè le Ntate ho e-na le ho ba utloisa bohloko!”

      Pale ea Hilton e bontša hore Bibele e ka re thusa kajeno le hore melao ea eona ea boitšoaro e na le matla a ho fetola bophelo ba batho. (Baheberu 4:12) A re ke re hlahlobe e meng ea melao eo—e leng botšepehi, boitšoaro, ho tšepahala lenyalong le lerato—le kamoo melao ena e ka ntlafatsang bophelo ba rōna kateng.

      NA E SIILOE KE NAKO?

      Moqomo oa lithōle o tletseng thepa ea k’homphieutha ea khale

      Batho ba bang ba re Bibele e siiloe ke nako joaloka buka ea litaelo ea k’homphieutha ea khale. Empa ho etsa papiso e joalo ha ho utloahale ebile ho lahlehisa batho. Lik’homphieutha lia fetoha ke kahoo libuka tsa tsona tsa litaelo li siuoang ke nako. Empa tsela eo batho ba bōpehileng ka eona ha e fetohe. Ka mohlala, kajeno batho ba itšoara ka tsela e tšoanang le eo baholo-holo ba bona ba neng ba itšoara ka eona litabeng tsa lerato le lehloeo, ho tšepahala lenyalong le ho se tšepahale, mosa le bokhopo. Kahoo, ha ho tluoa linthong tsa bohlokoa, “ha ho letho le lecha tlas’a letsatsi.”—Moeklesia 1:9.

  • Melao E Sa Siuoeng Ke Nako—Botšepehi
    Tsoha!—2015 | February
    • SEHLOOHO SE KA NTLE | NA BIBELE E KA RE THUSA KAJENO?

      Melao E Sa Siuoeng Ke Nako—Botšepehi

      MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Ke mang eo e tla ba moeti tenteng ea [Molimo]? . . . Ke ea tsamaeang ka mokhoa o se nang molato ’me a etsa ho loka ebile a bua ’nete ka pelong ea hae.”—Pesaleme ea 15:1, 2.

      MELEMO: Batho ba bangata ba nka botšepehi e le ba bohlokoa. Empa ho etsahala’ng ha ho hlaha monyetla oa hore motho a se ke a tšepahala e le hore a fumane ntho e itseng—’me ho se na motho ea ba bonang? Joale ho tla bonahala hore na lipelo tsa bona li sekametse hokae.

      Raquel, eo mosebetsi oa hae o akarelletsang ho reka thepa, o re: “Barekisi ba bang ba ne ba batla ho mpha tjotjo. Ba ne ba ntšepisa hore ha nka reka ho bona, ba tla etsa hore chelete e ’ngoe e tle ho ’na ho e-na le hore e ee k’hamphaning. Empa ke ile ka hopola keletso ea Bibele mabapi le botšepehi ’me ka hana. Mohiri oa ka o ile a utloela ka sena ’me seo sa etsa hore a ntšepe le ho feta.”

      Hoja Raquel a ile a lekeha ho amohela tjotjo eo, a ka be a ile a thabela ho ba le chelete ka nakoana. Empa ho ne ho tla etsahala’ng ha mohiri oa hae a ne a ka tseba? Na Raquel o ne a tla tsoela pele a mo sebeletsa? Hona na o ne a tla atleha ho fumana mosebetsi o mong nakong e tlang? Ntho e neng e le ea bohlokoa haholo ho Raquel e ne e le ho boloka letsoalo la hae le hloekile le hore a lule a itlhompha. Liproverbia 22:1 e re: “Bitso le letle le molemo ho feta maruo a mangata, ho hlompheha ho melomo ho feta silefera kapa khauta.” (Bibele—Phetolelo e Ncha)

      Jessie o mosebetsing

      Jessie o ile a ratoa ke mohiri oa hae ka lebaka la ho tšepahala

      Jessie le eena o ne a tšepahala ’me seo se ile sa etsa hore mohiri oa hae a mo rate. O ile a fumana melemo efe? O ile a fuoa mosebetsi oa ho ba mookameli le bolokolohi ba ho ikhethela lihora tseo a tla sebetsa ka tsona. Kahoo, o ne a khona ho qeta nako e ngata le mosali oa hao le bana hammoho le mesebetsing ea phutheho.

      Hangata ha bahiri ba bang ba batla ho hira, ba sheba bathong ba tsebahalang ka botšepehi. Ka mohlala, mookameli e mong oa k’hamphani e Philippines o ile a ngolla ofisi ea Lipaki Tsa Jehova ea sebakeng sa habo a kōpa hore Lipaki li kenye kōpo ea mosebetsi. O ile a re: “Ke batho ba sebetsang ka thata le ba tšepahalang.” Empa tlotla e lokela ho isoa ho Jehova Molimo ea re rutang ho ‘hloea se sebe’ le ho ‘rata se molemo.’—Amose 5:15.

  • Melao E Sa Siuoeng Ke Nako—Boitšoaro
    Tsoha!—2015 | February
    • SEHLOOHO SE KA NTLE | NA BIBELE E KA RE THUSA KAJENO?

      Melao E Sa Siuoeng Ke Nako—Boitšoaro

      MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Ea hlokang kelello o hlahatsa moea oohle oa hae, empa ea bohlale o o boloka o khutsitse.”—Liproverbia 29:11.

      “Ke ikutloa eka ke pholositsoe lefung!”

      MELEMO: Haeba u ne u lokela ho ngola ka melemo eohle ea ho bontša boitšoaro, u ne u tla hloka maqephe a mangata! Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore re tla phela hantle ha re bontša tšobotsi ena. Bibele e re: “Pelo e nang le khutso ke bophelo ba sebōpuoa sa nama.” Hape e re, “pelo e thabileng ke moriana o motle.” (Liproverbia 14:30; 17:22) Ka lehlakoreng le leng, liphuputso li bontša hore batho ba ratang ho halefa le ba tletseng lehloeo, ba ipeha kotsing ea ho kula, haholo-holo ea ho tšoaroa ke lefu la pelo. Ha e le hantle, ho na le molemo e meng eo motho a tla e fumana ha a bontša boitšoaro.

      Cassius, ea lilemo li ka holimo ho 30, o re: “Ke ne ke rata ho ngangisana le batho, ke halefa lefeela ebile ke rata ho loana. Ke ne ke sa itlhomphe ho hang. Empa seo sohle se ile sa fetoha ha ke qala ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Ke ile ka ithuta ho laola maikutlo, ho ikokobetsa le ho tšoarela ba bang. Ho seng joalo, nka be ke ile ka qetella ke tšoeroe. Ruri ke ikutloa eka ke pholositsoe lefung!”

      Mokhanni ea halefileng o tlakoloha ka bohale empa Cassius o mo feta ka sethuthuthu a khobile matšoafo

      Cassius o ile a ithuta ho laola bohale le ho tšoarela ba bang

  • Melao E Sa Siuoeng Ke Nako—Ho Tšepahala Lenyalong
    Tsoha!—2015 | February
    • SEHLOOHO SE KA NTLE | NA BIBELE E KA RE THUSA KAJENO?

      Melao E Sa Siuoeng Ke Nako—Ho Tšepahala Lenyalong

      MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle, le liphate tsa lenyalo li hloke litšila.”—Baheberu 13:4.

      MELEMO: Batho ba bang ba nahana hore mantsoe ao a siiloe ke nako. Empa ba fositse haholo! Ho se tšepahale kajeno ho utloisa bohloko ka tsela e tšoanang le mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele.—Liproverbia 6:34, 35.

      Jessie, ea nang le mosali le bana, o ile a re: “Ho tšepahala ho entse hore re atamelane haholo le mosali oa ka le hore re thabe. Ka sebele, ke habohlokoa ho tšepana lenyalong. Ho se tšepahale lenyalong ho etsa hore le se ke la tšepana”—re se re sa re letho ka tsela eo ho tla ama bana ka eona!

      Ligayaa o ile a beha lenyalo la hae kotsing. O re: “Ke ile ka qala ho tloaelana le batho ba mekhoa e mebe. Eaba ke qala ho ea liphathing tsa bosiu le ho se tšepahalle monna oa ka.” Na ho phela ka tsela ee ho ile ha thabisa Ligaya? Eena le monna oa hae ba ne ba lula ba tjolietsana ’me o ne a sa thaba. O re: “Ha ke nahana ka tsela e soabisang eo ke neng ke phela ka eona, ke ile ka hlokomela hore batsoali ba ka ba ne ba nepile ha ba re, ‘Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.’”—1 Bakorinthe 15:33.

      Ligaya o phaella ka ho re: “Pele lintho li senyeha le ho feta, ke ile ka etsa qeto ea ho fetola bophelo ba ka ’me ka ithuta Bibele—khetlong lena ke sebelisa seo e se rutang.” Liphello e bile life? O ile a sireletsa lenyalo la hae ’me monna oa hae a qala ho mo tšoara ka mosa le ka tlhompho. O re: “Bibele e fetotse bophelo ba ka ’me ha ke ikoahlaele ho tlohela tsela eo ke neng ke phela ka eona pele le batho ba neng ba iketsa eka ke metsoalle ea ka.”

      a Mabitso a mang a fetotsoe.

  • Melao E Sa Siuoeng Ke Nako—Lerato
    Tsoha!—2015 | February
    • SEHLOOHO SE KA NTLE | NA BIBELE E KA RE THUSA KAJENO?

      Melao E Sa Siuoeng Ke Nako—Lerato

      MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”—Bakolose 3:14.

      MELEMO: Lerato leo ho buuoang haholo ka lona ka Bibeleng, hase la baratani kapa la ho batla ho kopanela liphate. Ho e-na le hoo, ke mofuta oa lerato o bonahalang ka litšobotsi tse kang kutloelo-bohloko, ho tšoarela, boikokobetso, botšepehi, mosa le mamello. (Mikea 6:8; Bakolose 3:12, 13) Ho fapana le ho nkeha maikutlo, hoo hangata ho felang ha nako e ntse e ea, lerato le lula le ntse le hōla ka ho sa feleng.

      Brenda, eo a seng a e-na le lilemo tse ka bang 30 a nyetsoe, o re: “Lerato la banyalani ba bacha hase letho ha le bapisoa le lerato la motho ea seng a e-na le lilemo a le lenyalong.”

      Sam, ea seng a e-na le lilemo tse fetang 12 a nyetse, o ile a re: “Kamehla ’na le mosali oa ka re ne re makatsoa le ho hlolloa ke kamoo likeletso tsa Bibele li re thusang kateng le kamoo li leng bonolo kateng! Ha re li latela, lintho li re tsamaela hantle. Leha ho le joalo, hase kamehla ke li latelang, seo se etsahala ha ke halefile, ke nahanetse ’na feela, kapa ke khathetse. Ka linako tseo ke kōpa Jehova hore a nthuse ho tlosa maikutlo ao. Ebe ke haka mosali oa ka ’me ho e-s’o ee kae, lintho li khutlela setloaeling!”

      “Bohlale bo pakoa ke mesebetsi ea bona”

      Jesu Kreste o ile a re, “bohlale bo pakoa ke mesebetsi ea bona.” (Matheu 11:19) Tumellanong le mantsoe ao, Bibele e na le mehlala e mengata ea bohlale ba sebele. Lithuto le melao ea eona e ea sebetsa. Ha e siuoe ke nako. Ha e ee ka setso kapa morabe. Hape e totobatsa hore e tsoa ho Motho ea tsebang sebōpeho sa batho hantle, e leng ’Mōpi oa rōna Jehova Molimo. Leha ho le joalo, re ka bona seo ha re e sebelisa. Ke kahoo, Bibele e re memang hore re ‘latsoe ’me re bone hore Jehova o molemo.’ (Pesaleme ea 34:8) Na u tla amohela memo eo?

      BIBELE E FETOTSE BOPHELO BA KA

      Linh o lula ka Boroa-bochabela ho Asia. O ile a bolella Tsoha! kamoo Bibele e ileng ea fetola bophelo ba hae kateng.

      U hōletse bolumeling bofe?

      Ke hōletse lelapeng la Mabuddha le ratang moetlo. Ke ne ke sa tsebe Molimo oa ’nete ho hang.

      Na u ne u thabile bophelong?

      Che! Ke ne ke e-na le mathata a mangata. Ke ne ke sa tsebe ho boloka chelete, ke sa fumane metsoalle ea sebele ke bile ke sa khone ho thusa batsoali ba ka ha ba e-na le mathata.

      Empa lintho li ile tsa fetoha. Re bolelle hore na li ile tsa fetoha joang.

      Basali ba bang ba Lipaki Tsa Jehova, ba ile ba qala ho ithuta Bibele le ’na. Ha ke tobana le mathata, ke ne ke kōpa thuso ho bona. Le hoja ba ne ba le banyenyane ho ’na, ba ne ba mpha likeletso tsa bohlokoa—empa eseng ho ea ka maikutlo a bona. Ba ne ba mpontša seo Bibele e se rutang.

      Kaha joale ke se ke bone melemo ea ho sebelisa lintho tseo Bibele e li rutang, ke kholisehile hore buka ena e tsoa ho Molimo le hore e ka thusa bohle ba lekang ho latela likeletso tsa eona. Le hoja thuto e le ea bohlokoa, ha e khone ho etsa seo.

      U bolela joang?

      Batsoali ba ka ba rutehile haholo ’me baa hlomphuoa sebakeng sa heso. Empa ba ntse ba e-s’o fumane tharollo ea mathata a bona. Ha e le hantle, ba hlalane ebile ha baa thaba. Ha ke ne ke le k’holejeng, ke ile ka bolelloa hore ka linako tse ling lintho li ka lokisoa feela ka ho loana. Leha ho le joalo, Bibele e re bolella hore ha ho na puso ea motho e ka atlehang ka ho sa feleng, kaha Molimo ha a re fa matla kapa bokhoni ba hore re ipuse. Ke kahoo mefuta eohle ea puso ea motho e hlōlehileng ’me e tletseng bobolu.a Empa ha re ikokobelletsa Molimo, re ka fetola bophelo ba rōna ’me ra ba le tšusumetso e ntle ho ba bang.

      Bibele e u thusitse joang?

      Ka litsela tse ngata. Ha ke sa na mathata a mangata ’me ke se ke e-na le metsoalle ea sebele. Ke ithutile ho boloka chelete ’me ke se ke khona le ho intša. Habohlokoa le ho feta, nka thusa batho ba bang ha ba e-na le mathata.

      a Bala Moeklesia 8:9; Jeremia 10:23.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela