Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/15 maq. 12-13
  • Ho Etela Nicaragua

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etela Nicaragua
  • Tsoha!—2015
Tsoha!—2015
g 9/15 maq. 12-13
Ometepe ke letša le entsoeng ke seretse se foqohang se tsoang Letšeng la Nicaragua

Letša la Nicaragua le tsejoa ka sehlekehleke sa Ometepe, se nang le sebaka se seholo se nang le lithaba tse peli tse foqohang seretse se chesang tse kopantsoeng ke mochophoro

LINAHA LE BATHO

Ho Etela Nicaragua

’Mapa oa Nicaragua

BATHO ba bangata ba bitsa Nicaragua naha ea matša le lithaba tse foqohang seretse se chesang. Naha ena e na le letša le leholo ka ho fetisisa Amerika Bohareng, e leng Letša la Nicaragua. Matsoalloa a teng a e bitsa Cocibolca, e bolelang “Leoatle la metsi a monate.” Le na le lihlekehleke tse makholo ’me ke lona feela letša le hloekileng le nang le litlhapi tse kang lishaka, li-swordfish le li-tarpon.

Sacuanjoche ke palesa ea naha ea Nicaragua

Sacuanjoche (frangipani) ke palesa ea naha ea Nicaragua

Nicaragua e boetse e na le sebaka se ka thōko ka ho fetisisa Amerika Bohareng e leng Lebōpo la Menoang. Lebōpo lena le bophara ba lik’hilomithara tse 65 ho ea ka bochabela ho naha ’me le fihla le naheng ea boahelani ea Honduras. Mamiskito ke ba bang ba lihlopha tsa matsoalloa a Nicaragua ao pale ea ’ona e qalileng pele Maeurope a fihla, lekholong la bo16 la lilemo.

Mamiskito ke batho ba botsoalle ebile ba na le litloaelo tse ikhethang. Ka mohlala, puo ea bona ha e na litlotla tse kang “Monghali” kapa “Mofumahatsana.” Libakeng tsa mahae, bacha ba bitsa batho ba boholo ho bona “Rangoane” kapa “’Mangoane,” ho sa tsotellehe hore na ke beng ka bona kapa che. Tloaelo e ’ngoe ea khale ea basali ba Mamiskito ke ea hore ha ba lumelisa metsoalle e haufi le beng ka bona ba thetsane ka marama. Joale mosali ea lumelisitseng pele, o hema ka linko.

Matsoalloa a Nicaragua

Matsoalloa a Nicaragua

Lingoliloeng tsa Bibele ka Semayangna le Semiskito

Lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tsa puo ea Semayangna le Semiskito, tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova

LINTLHA TSE THAHASELLISANG

  • Baahi: 6 176 000

  • Puo e buuoang: Sepanishe. Leha ho le joalo, libakeng tse ikemetseng, ho buua Semiskito, Semayangna, Serama le Secreole sa Senyesemane

  • Puso: Rephabliki

  • Motse-moholo: Managua

  • Maemo a leholimo: Boholo ba libaka hoa chesa, empa ho pholile ka lithabeng

  • Naha: Mabōpo a teng a sabaletse, naha e boetse e na le lithaba

LEKA TSEBO EA HAO

Arabela ka ’nete kapa bohata lipolelong tse latelang tse buang ka Nicaragua:

  1. Naha ena e reheletsoe ka morena oa mehleng ea khale ea phetseng lilemong tse mashome tse fetileng ea bitsoang Nicarao.

  2. Nicaragua ke eona feela naha e Latin America e koloneng ea Spain le Brithani.

  3. Lilemong tse mashome tse fetileng, metse e haufi le Letša la Nicaragua e ile ea hlaseloa ke masholu a leoatleng a Caribbean.

  4. Nicaragua ke naha e nang le palo e nyenyane ka ho fetisisa ea baahi Amerika Bohareng.

Likarabo: Ke ’nete kaofela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela