-
U ka Itloaetsa ho Etsa Lintho Tse Molemo Joang?Tsoha!—2016 | No. 4
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE
U ka Itloaetsa ho Etsa Lintho Tse Molemo Joang?
AUSTIN o ntse a tšoeroe ke boroko ha alamo ea hae e lla. Empa hang-hang o oa tsoha ’me o apara liaparo tseo a ikoetlisang ka tsona ebe o oa matha, e leng seo a ileng a tloaela ho se etsa hararo ka beke ho tloha selemong se fetileng.
Laurie o qeta ho ngangisana le monna oa hae. O ea ka kichineng a halefile ’me o ntša pakete ea lichokolete ebe o li ja kaofela. O tloaetse ho etsa tjena ha a koatile.
Ke eng eo Austin le Laurie ba tšoanang ka eona? Ebang baa hlokomela kapa ha ba hlokomele, ka bobeli ba etsa lintho hobane ba se ba tloaetse.
Uena? Na ho na le lintho tse molemo tseo u batlang ho itloaetsa ho li etsa? Mohlomong u batla ho ikoetlisa haholoanyane, ho robala ka nako kapa ho buisana khafetsa le batho bao u ba ratang.
Kapa mohlomong u batla ho tlohela lintho tse seng molemo tse kang ho tsuba, ho lula u ja lijo tse se nang phepo le ho qeta nako e ngata Inthaneteng.
Ke ’nete hore ho ka ba thata ho khaotsa ho etsa lintho tseo. Ho ka tšoana le ho robala betheng e futhumetseng nakong ea ha ho bata, ho kena ho bonolo empa ho tsoa ho thata!
Kahoo, u ka etsa joang hore u tloaele ho etsa lintho tse tla u tsoela molemo? Nahana ka mehlala ena e meraro e nkiloeng melao-motheong ea Bibele.
-
-
1 U se ke ua Lebella MehloloTsoha!—2016 | No. 4
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA ITLOAETSA HO ETSA LINTHO TSE MOLEMO JOANG?
1 U se ke ua Lebella Mehlolo
Ka linako tse ling u ka ’na ua batla ho fetola ntho e ’ngoe le e ’ngoe hang-hang. U ka ’na ua re, ‘Bekeng ena ke tl’o khaotsa ho tsuba, ho rohakana le ho robala bosiu. Ke tl’o qala ho ikoetlisa, ho ja hantle le ho founela nkhono le ntate-moholo.’ Empa ha u leka ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe, u ka ’na ua hlōleha ho finyella le e le ’ngoe ea tsona!
MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.”—Liproverbia 11:2.
Motho ea bohlale o sheba lintho ka tsela eo li leng ka eona. O oa hlokomela hore nako, matla le lintho tseo a nang le tsona li ka mo sitisa ho finyella lintho tse itseng. Kahoo, o leka ho etsa liphetoho butle-butle ho e-na le hore a batle ho li etsa kaofela ka nako e le ’ngoe.
Ha u leka ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe, u ka ’na ua hlōleha ho finyella le e le ’ngoe ea tsona!
SEO U KA SE ETSANG
Shebana le bothata bo le bong ka nako. Mehato e latelang e ka u thusa:
Etsa lethathamo la lintho tse ntle tseo u batlang ho li etsa ’me ka lehlakoreng le leng u ngole litloaelo tse se nang thuso tseo u batlang ho khaotsa ho li etsa. Ngola lintho tse ngata kamoo u ka khonang.
Ngola lintho tseo u batlang ho qala ka tsona ha u etsa liphetoho.
Khetha e le ’ngoe kapa tse peli ’me u sebetsane le tsona ho fihlela u li hlōtse. Ka mor’a moo, khetha tse ling hape lethathamong la hao ebe u sebetsana le tsona.
Hang ha u khaotsa mokhoa o mobe, batla ntho e ’ngoe e ntle eo u ka e etsang. Ho etsa mohlala, haeba u tloaetse ho shebella thelevishene haholo empa u batla ho sebelisa nako eo ho buisana le batho bao u ba ratang, ho ka ba molemo hore u ba founele pele, ho e-na le hore u qale ka ho shebella thelevishene.
-
-
2 Lokisa Maemo a HaoTsoha!—2016 | No. 4
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA ITLOAETSA HO ETSA LINTHO TSE MOLEMO JOANG?
2 Lokisa Maemo a Hao
Le hoja u ipoleletse hore u batla ho ja hantle, u utloa u khaletse ice cream.
U ikemiselitse ho khaotsa ho tsuba, empa motsoalle oa hao ea tsebang hore u batla ho khaotsa ho tsuba o u fa sakerete.
Le hoja u ikemiselitse ho ikoetlisa kajeno, u tsoafa le ho sheba lieta tsa ho matha ka otoropong!
Mehlala ee e tšoana ka’ng? Rea hlokomela hore maemo ao re ipehang tlas’a ’ona le batho bao re tloaelaneng le bona ba ka re sitisa ho khaotsa ho etsa lintho tse se nang thuso.
MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.”—Liproverbia 22:3.
Bibele e re khothalletsa hore re nahane esale pele. Ha re etsa joalo, re tla qoba maemo le ha e le a fe a ka re sitisang ho finyella lintho tse itseng. (2 Timothea 2:22) Ka mantsoe a mang, re lokela ho lokisa maemo a rōna.
Ithatafalletse ho etsa lintho tse se nang molemo ’me u inolofalletse ho etsa lintho tse molemo
SEO U KA SE ETSANG
Ithatafalletse ho etsa lintho tse se nang molemo. Ho etsa mohlala, haeba u batla ho khaotsa ho ja lijo tse se nang phepo, ho ka ba molemo hore ho hang u se ka ua li reka. Kaha ho ka ba thata ho fumana lijo tseo ha u li lakatsa, ho ka ba bonolo hore u khaotse ho li lakatsa.
Inolofalletse ho etsa lintho tse molemo. Ho etsa mohlala, haeba u batla ho ikoetlisa hoseng ha u tsoha, beha liaparo tseo u ikoetlisang ka tsona pel’a bethe letsatsi pele u e’o matha. Ha u etsa joalo, ho ka ba bonolo hore u qalelle ho matha.
Khetha metsoalle ka hloko. Hangata re tšoana le batho bao re tloaelaneng le bona. (1 Bakorinthe 15:33) Kahoo, u se ke ua tloaelana le batho ba tla u thatafalletsa ho tlohela lintho tse se nang thuso empa u khethe metsoalle e tla u khothalletsa ho etsa lintho tse molemo.
-
-
3 U se ke ua TelaTsoha!—2016 | No. 4
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA ITLOAETSA HO ETSA LINTHO TSE MOLEMO JOANG?
3 U se ke ua Tela
Batho ba bangata ba re ’mele oa motho o tloaela ho etsa ntho e itseng ka mor’a matsatsi a 21. Empa lipatlisiso li re batho ba bang ba nka nako e khutšoanyane ho feta moo ha ba bang ba nka e telele. Na see sea u nyahamisa?
Nahana ka mohlala o latelang: A re re u batla ho lula u ikoetlisa hararo ka beke.
Bekeng ea pele, ua ikoetlisa.
Bekeng ea bobeli, u khona ho ikoetlisa ka matsatsi a mabeli feela.
Bekeng ea boraro, u ikoetlisa ka matsatsi a mararo hape.
Bekeng ea bone, u sitoa le ho ikoetlisa hanngoe feela.
Bekeng ea bohlano, u ikoetlisa ka matsatsi a mararo ’me ho tloha bekeng eo u khona ho ikoetlisa beke e ’ngoe le e ’ngoe.
U nkile libeke tse hlano hore u tloaele ho ikoetlisa. Le hoja ho ka bonahala u nkile nako e telele, u tla thaba ha u hlokomela hore u entse ntho e molemo.
MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng, ’me ka sebele o tla ema.”—Liproverbia 24:16.
Bibele e re khothalletsa hore re se ke ra tela. Ntlha ea bohlokoa ke hore u tsoele pele ho etsa lintho tse molemo ho sa tsotellehe hore na u hlōleha ka makhetlo a mangata hakae.
Ntlha ea bohlokoa ke hore u tsoele pele ho etsa lintho tse molemo ho sa tsotellehe hore na u hlōleha ka makhetlo a mangata hakae
SEO U KA SE ETSANG
U se ke ua nahana hore ho thatafalloa ho etsa ntho e itseng ho bolela hore u ke ke ua khona ho e etsa. Ho ke ke ha e-ba bonolo ha u ntse u leka ho phetha merero ea hao.
Nahana ka lintho tse ntle tseo u ileng ua li etsa. Ho etsa mohlala, haeba u batla ho ntlafatsa tsela eo u buisanang le bana ba hao ka eona, u ka ’na ua ipotsa: ‘Ke neng ke neng ke batla ho halefela bana ba ka empa ka ithiba? Ke ile ka etsa’ng ho fapana le ho ba halefela? Nka etsa seo joang hape?’ Lipotso tseo li ka u thusa hore u bone katleho ea hao ho e-na le liphoso.
Na u ka rata ho tseba hore na melao-motheo ea Bibele e ka u thusa joang ha u tšoenyehile, ha u batla hore lelapa la hao le lule le thabile le ha u batla ho thaba e le kannete bophelong? Buisana le Lipaki Tsa Jehova kapa o kene websaeteng ea rōna ea jw.org/st.
-