Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g17 no. 5 maq. 14-15
  • Ho Etela Kazakhstan

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etela Kazakhstan
  • Tsoha!—2017
Tsoha!—2017
g17 no. 5 maq. 14-15

LINAHA LE BATHO

Ho Etela Kazakhstan

KHALE koana batho ba Kazakhstan ba ne ba ruile liphoofolo. Ka lebaka leo, e ne e le bo hloma u hlomolle moo ba ntseng ba batlana le makhulo a matala. Le mehleng ena ho ntse ho e-na le balisana ba tloaetseng ho phela ka tsela eo. Ha e le lehlabula ba ea meraka ’me ha mariha a kena ba theola liphoofolo ho li tlisa hae.

Batho ba bang naheng eo ba phela litoropong tse kholo. Empa tsela eo bongata ba bona ba phelang ka eona ha ea fapana haholo le ea bo-ntat’a bona moholo. Ba ja lijo tse tšoanang le meetlo ha ea fetoha hakaalo. Lefa leo ba le sietsoeng ke baholo-holo ba bona ke lithothokiso, ’mino le liletsa tsa ’ona.

Ba lula matlong a kang litente ao ho leng bonolo hore ba a phuthe ha ba tloha ba ea sebakeng se seng, hape tsela eo ba a etsang ka eona e bontša hore ba rata lintho tsa tlhaho. Balisana ba ntse ba rata mofuta ona oa matlo ha batho ba lulang litoropong bona ba a sebelisetsa mabaka a bohlokoa feela. Matlo ana a bile a sebelisetsoa ho amohela bahahlauli. A atisa ho khabisoa ka lintho tse ntle tse entsoeng ka letsoho tse kang limmete.

Batho ba lulang mahaeng naheng ena ba rata lipere haholo hoo ba ka li hlalosang ka mantsoe a 21 a bolelang lintho tse fapaneng. Hape ba na le a fetang 30 a hlalosang mebala ea tsona. Pere e ntle e tura haholo ’me ha u ka e fuoa e e-ba mpho ea bohlokoahali. Mahaeng bashanyana ba ithuta ho palama lipere ba sa le banyane.

Lijo tsa bona tsa setso li ba le nama e sa nokoang haholo. Ba tloaetse ho noa koumiss e leng khatsela ea pere, e nang le melemo e mengata hape ba noa shubat e leng mafi a kamele.

U ka etela ofisi ea Lipaki Tsa Jehova e Kazakhstan.

RE U LOME TSEBE?

Ho na le mefuta e ka bang 36 ea lipalesa tse hlahang naheng ’me ba atisa ho etsa mekhabiso e tšoanang le lipalesa tseo.

Karolo e ka bochabela ea letša le bitsoang Balkhash le Kazakhstan e na le metsi a letsoai haholo empa metsi a karolong e ka bophirima ea lona ha e letsoai hakaalo.

Ho cheha linonyana tse jang nama, ho li rua le ho koetlisa lintsu hore li tšoare linonyana tse ling, ke papali e ratoang haholo Kazakhstan.

  • LIPUO TSE BUUOANG: SEKAZAKH LE SERUSSIA

  • BAAHI: 17 563 000

  • MOTSE-MOHOLO: ASTANA

  • BOEMO BA LEHOLIMO: HLABULA HOA CHESA EBILE HO OMELETSE, MARIHA HOA BATA EBILE HO KHETHEHA LEHLOA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela