-
Na U Rata Lipale Tse Nang le Bodemona?Tsoha!—2017 | No. 2
-
-
SEHLOOHO SE SEKOAHELONG | NA HO KOTSI HO SHEBELLA-LIFILIMI TSE TŠOSANG?
Na U Rata Lipale Tse Nang le Bodemona?
Koranta e ’ngoe ea Amerika e re: “Matsatsing ana batho ba rata ho ithabisa ka ho bala kapa ho shebella lipale tse bontšang lithotsela le linoa-mali, ’me morao tjena ho se ho atile tsa bodemona.”
Hangata likhalala tsa lifilimi, libuka le lipapali tsa livideo tsa kajeno tse nang le bodemona, e ba batho ba shebahalang ba le batle. Ho bonahala batho ba bangata ba rata mofuta ona oa ho ithabisa.a
Moprofesa ea ithutileng tsela eo batho ba phelang ka eona o re: “Khale koana, e ne e le batho ba seng bakae feela ba ratang lithotsela, empa morao tjena bacha ba bangata ba Amerika ba lumela ho tsona ebile ba ea lingakeng tse sebelisanang le bademona.”
Kahoo, ha ho makatse hore ebe lipale tsa batho ba kenoeng ke meea e litšila li ntse li eketseha. Mongoli oa koranta e ’ngoe ea Amerika o re: “Hore ebe hona joale batho ba bang ba kenoa ke meea e litšila, ho bakiloe ke hore ba ile ba itloaetsa ho shebella lipale tse bontšang lithotsela le linoa-mali.”
Tlaleho e ’ngoe e bontša hore “libukeng tse ngata ho ngoloa ka lithotsela, ’me hoo e ka bang halofo ea batho lefatšeng ka bophara ba lumela ho tsona.” Patlisiso e ’ngoe e entsoeng Amerika ke liprofesa tse ithutileng tsela eo batho ba phelang ka eona e hlahisa hore ho batho ba bang le ba bang ba 10 Amerika, ba 8 ho bona ba lumela bonyane mofuteng o itseng oa ho sebelisana le bademona.”
Na ho ithabisa ka lintho tse nang le bodemona ho fosahetse?
a Na ho ithabisa ka lintho tse nang le bodemona ho fosahetse?
-
-
Ke’ng Seo Bibele e se Rutang ka Bodemona?Tsoha!—2017 | No. 2
-
-
SEHLOOHO SE SEKOAHELONG | NA HO KOTSI HO SHEBELLA-LIFILIMI TSE TŠOSANG?
Molimo o Ikutloa Joang ha re Sebelisana le Bademona?
BATHO ba bangata ba rata ho bala libuka, ho kena Inthaneteng le ho shebella lintho tse nang le bodemona. Ba li nka e le lipale feela tse se nang kotsi. Empa Bibele e re khalemella lintho tse joalo. Mohlala, lengolo la Deuteronoma 18:10-13 le re: “Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe . . . leha e le mang ea sebelisang bonohe, ea sebelisang boselamose kapa leha e le mang ea batlang lipontšo tsa se tlang kapa moloi, kapa ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi kapa leha e le mang ea batlang keletso ho ea buisanang le meea kapa setsebi se bolelang liketsahalo esale pele kapa leha e le mang ea botsang bafu.” Hobane’ng? Lengolo leo le tsoela pele ka ho re: “Etsoe e mong le e mong ea etsang lintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova. . . . Le lokela ho hloka molato ho Jehova Molimo oa lōna.”
Ke hobane’ng ha Bibele e re khalemella lintho tse amanang le bodemona?
BODEMONA BO QALILE JOANG?
Bibele e re bolella hore pele Molimo a bopa lefatše, o ile a etsa mangeloi a limilione. (Jobo 38:4, 7; Tšenolo 5:11) Mangeloi ao a ne a ka ikhethela ho etsa se nepahetseng kapa se fosahetseng. A mang a mangeloi ao a ile a khetha ho se mamele Molimo eaba a theohela lefatšeng. Ka lebaka leo, lefatše le ile la tlala lintoa.—Genese 6:2-5, 11; Juda 6.
Bibele e re mangeloi ao a khopo a ile a susumetsa batho ba limilione hore ba se ke ba mamela Molimo. (Tšenolo 12:9) A ile a boela a etsa hore batho ba tšoenyehe le ho feta ka bokamoso.—1 Samuele 28:5, 7; 1 Timothea 4:1.
Ke ’nete hore bademona ba bonahala eka ba thusa batho ba bang. (2 Bakorinthe 11:14) Ha e le hantle, bademona ba batla ho sitisa batho ho tseba ’nete ka Molimo.—2 Bakorinthe 4:4.
Bibele e re ntho leha e le efe e amanang le bodemona e fosahetse. Ka mor’a hore batho ba mehleng ea baapostola ba tsebe hore ntho leha e le efe e amanang le bodemona e fosahetse, ba ile “ba bokella libuka tsa bona [tsa bodemona] ’me ba li chesa”, le hoja li ne li le turu.—Liketso 19:19.
Le mehleng ena, ho na le batho ba ileng ba lahla ntho leha e le efe e amanang le bodemona. Mohlala, ha ngoanana e mong ea bitsoang Mariaa a le lilemo li ka bang 12 feela, o ne a khona ho bona hore na ho tla etsahala’ng kamoso. O ne a balla bana bao a kenang sekolo le bona likarete tse bontšang bokamoso ’me lintho tseo a neng a li hlalosa li ne li fela li etsahala.
Kahoo, o ile a rata ntho ena le ho feta.
Maria o ne a nahana hore ke Molimo ea mo fang matla a ho hlalosetsa batho ka bokamoso. Empa o re: “Ke ne ke makatsoa ke hore ke khona ho bona bokamoso ba batho ba bang empa ’na ba ka ke sa khone ho bo bona.”
Maria o ne a lula a ipotsa lintho li hana ho fela, kahoo o ile a rapela Molimo. Hamorao o ile a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ha a ntse a ithuta o ile a hlokomela hore ha se Molimo ea mo fang matla a ho hlalosa bokamoso. O ile a boela a ithuta hore mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle oa Molimo o lokela ho lahla ntho leha e le efe e amanang le bodemona. (1 Bakorinthe 10:21) Maria o ile a etsa’ng? O ile a lahla likarete, libuka le lintho tse ling tseo a neng a li sebelisa. Hona joale Maria o ruta batho ba bang lintho tseo a ithutileng tsona Bibeleng.
Ha Michael e sa le mocha, o ne a rata ho bala libuka tse buang ka batho ba nang le matla a fetang a tlhaho. O re: “Ke ne ke rata ho bala ka bacha ba lekanang le ’na ba nang le matla a fetang a tlhaho, ba etsang mehlolo.” O ile a qetella a se a bala haholo ka boselamose le lintho tsa kereke ea Satane. Michael o re: “Ke ile ka ba bohelehele eaba ke batla ho tseba haholo ka lintho tsena.”
Ka mor’a hore Michael a ithute Bibele o ile a hlokomela hore o lokela ho hlahloba lintho tseo a li balang. O re: “Ke ile ka lahla ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le bodemona. Ke ithutile ntho ea bohlokoa lengolong la 1 Bakorinthe 10:31, le reng: ‘Le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.’ Kahoo, pele ke bala ntho, ke se ke ipotsa hore na ntho eo ke e balang e tlotlisa Molimo. Haeba karabo e le che, ke e tlohela hang-hang.”
Bibele e tšoantšoa le lebone. Ke eona feela e khonang ho senola kotsi ea ho sebelisana le bodemona. (Pesaleme ea 119:105) E boetse e re tšepisa hore haufinyane re tla phela lefatšeng le se nang tšusumetso ea bademona. Mohlala, Lengolo la Pesaleme ea 37:10, 11 le re: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng. Ka sebele u tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, ’me o tla be a le sieo. Empa ba bonolo ba tla rua lefatše. Ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”
a Mabitso a sehloohong sena a fetotsoe.
-