Pina ea 39
Masole a Molimo a Tsoela Pele
1. Masole a Molimo
A leka ka tieo
Ho tlotla eena ’Mōpi,
Ho mo fa thoriso.
Le haeba noh’e khōlō
E loana le ’ona,
Moriti oa Jehova
O tla ba lebela.
2. Re loana ka cheseho
Tsatsing lena la Jah.
Re paka ka sebete.
Ke’ng ha re ka tšoha?
Molaoli, Jesu Kreste,
O etella pele.
O loanela ho loka;
Eena ha a tšabe.
3. Re tsoela-pele le Jah;
Ke eena ea hlōlang.
Ho isa ha a tsejoa,
Ha re ba ka khutsang.
Jehova o tla hlōla;
Ka hona moputso
O beetsoe ba khabane
Ba tiisetsang joalo.