Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Letsatsi la Kahlolo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
    • leha e le life tse ncha tseo Jehova a batlang hore ba li etse tseo a ka ’nang a li senola nakong ea lilemo tse sekete. Kahoo, batho ka bomong ba tla ahloloa ho latela seo ba se etsang nakong ea Letsatsi la Kahlolo.

      Letsatsi la Kahlolo le tla fa batho ba libilione monyetla oo ba e-s’o ka ba e-ba le oona oa hore ba ithute thato ea Molimo ’me ba e etse. Sena se bolela hore ho tla etsoa mosebetsi o moholo oa ho ruta. Ha e le hantle, “ka sebele baahi ba naha e behang ba tla ithuta ho loka.” (Esaia 26:9) Empa hase bohle ba tla ikemisetsa ho etsa thato ea Molimo. Esaia 26:10 e re: “Le haeba ea khopo a ka bontšoa mohau, ho hang a ke ke a ithuta ho loka. O tla itšoara ka mokhoa o hlokang toka naheng ea ho loka ’me a ke ke a bona boemo bo phahameng ba Jehova.” Batho bana ba khopo ba tla timetsoa ka ho feletseng nakong ea Letsatsi la Kahlolo.—Esaia 65:20.

      Qetellong ea Letsatsi la Kahlolo, baphonyohi ba tla “phela” ka ho feletseng e le batho ba phethahetseng. (Tšenolo 20:5) Kahoo Letsatsing la Kahlolo moloko oa batho o tla khutlisetsoa boemong bo phethahetseng ba qalong. (1 Bakorinthe 15:24-28) Ka mor’a moo ho tla ba le teko ea ho qetela. Satane o tla lokolloa teronkong ea hae ’me o tla lumelloa hore a leke ho khelosa moloko oa batho ka lekhetlo la ho qetela. (Tšenolo 20:3, 7-10) Ba tla mo hanyetsa ba tla thabela ho phethahala ho feletseng ha tšepiso ea Bibele e reng: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) E, Letsatsi la Kahlolo e tla ba tlhohonolofatso ho batho bohle ba tšepahalang!

  • 1914 ke Selemo sa Bohlokoa Boprofeteng ba Bibele
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
    • 1914 ke Selemo sa Bohlokoa Boprofeteng ba Bibele

      LILEMO tse mashome esale pele, liithuti tsa Bibele li ile tsa bolela hore ho ne ho tla etsahala liketsahalo tsa bohlokoa ka 1914. Ho ne ho tla etsahala’ng, hona ho na le bopaki bofe bo bontšang hore 1914 ke selemo sa bohlokoa joalo?

      Joalokaha ho tlalehiloe ho Luka 21:24, Jesu o ile a re: “Jerusalema e tla hatakeloa ke lichaba, ho fihlela linako tse behiloeng tsa lichaba [“linako tsa Balichaba,” King James Version] li phethahala.” Jerusalema e ne e le motse-moholo oa sechaba sa Bajuda—e le setsi sa marena a lesika la ntlo ea Morena Davida. (Pesaleme ea 48:1, 2) Empa marena ao a ne a ikhetha har’a baeta-pele ba lichaba tse ling. A ne a lutse “teroneng ea Jehova” e le baemeli ba Molimo. (1 Likronike 29:23) Kahoo Jerusalema e ne e tšoantšetsa bobusi ba Jehova.

      Joale bobusi ba Molimo bo ile ba qala ho “hatakeloa ke lichaba” neng hona joang? Sena se etsahetse ka 607 B.C.E. ha Bababylona ba hapa Jerusalema. Ha ho morena ea ileng a lula “teroneng ea Jehova,” ’me lesika la Davida la borena le ile la khaotsa. (2 Marena 25:1-26) Na ho “hatakeloa” hoo ho ne ho tla tsoela pele ka ho sa feleng? Che, kaha boprofeta ba Ezekiele bo ile ba re ka morena oa ho qetela oa Jerusalema, e leng Tsedekia: “Rōla tuku, u rōle moqhaka. . . . Ka sebele e ke ke ea e-ba oa motho e mong ho fihlela ho tla ea nang le tokelo ea molao, ’me ke tla mo fa eona.” (Ezekiele 21:26, 27) Kreste Jesu ke eena ea nang le “tokelo ea molao” ea ho roala moqhaka oa lesika la Davida. (Luka 1:32, 33) Kahoo ho “hatakeloa” hoo ho ne ho tla emisa ha Jesu e e-ba Morena.

      Ketsahalo eo ea bohlokoa e ne e tla etsahala neng? Jesu o ile a bontša hore Balichaba ba ne ba tla busa ka nako e itseng e boletsoeng. Tlaleho e ho Daniele khaolo ea 4 e fana ka leseli le re thusang ho tseba hore na nako eo e ne e tla ba telele hakae. E bua ka toro ea boprofeta eo Morena Nebukadnezare oa Babylona a ileng a e lora. O ile a bona sefate se seholohali se renngoeng. Kutu ea sona e ne e sitoa ho hōla hobane e ne e tlanngoe ka tšepe le koporo. Lengeloi le ile la phatlalatsa la re: “Linako tse supileng li fete holim’a eona.”—Daniele 4:10-16.

      Ka linako tse ling, lifate li sebelisetsoa ho emela bobusi ka Bibeleng. (Ezekiele 17:22-24; 31:2-5) Kahoo ho rengoa ha sefate seo sa tšoantšetso ho emela kamoo bobusi ba Molimo, bo neng bo emeloa ke marena a Jerusalema, bo neng bo tla khaotsa kateng. Leha ho le joalo, pono eo e ile ea bolela hore ho ‘hatakeloa hona ha Jerusalema’ e ne e tla ba ha nakoana—ho ne ho tla nka “linako tse supileng.” Linako tseo li telele hakae?

      Tšenolo 12:6, 14 e bontša hore linako tse tharo le halofo li lekana le “matsatsi a sekete le makholo a mabeli le mashome a tšeletseng.” Ka hona “linako tse supileng” li ne li tla mena matsatsi ao habeli, kapa e be matsatsi a 2 520. Empa lichaba tsa Balichaba ha lia ka tsa emisa ho ‘hatakela’ bobusi ba Molimo ka mor’a matsatsi a 2 520 feela Jerusalema e oele. Kahoo ho hlakile hore boprofeta bona bo ne bo akaretsa nako e telele ho feta eo. Ho latela Numere 14:34 le Ezekiele 4:6, tse buang ka “letsatsi bakeng sa selemo,” “linako tse supileng” e ne e tla ba lilemo tse 2 520.

      Lilemo tse 2 520 li ile tsa qala ka October 607 B.C.E., ha Bababylona ba hapa Jerusalema ’me morena oa lesika la Davida a tlosoa teroneng ea hae. Nako eo e ile ea fela ka October 1914. Ka nako eo, “linako tse behiloeng tsa lichaba” li ile tsa fela, ’me Jesu Kreste a behoa setulong e le Morena oa leholimo ea khethiloeng ke Molimo.a—Pesaleme ea 2:1-6; Daniele 7:13, 14.

      Feela joalokaha Jesu a ne a boletse esale pele, “ho ba teng” ha hae e le Morena oa leholimo ho ’nile ha tšoauoa ka liketsahalo tse tšosang tse etsahalang lefatšeng—lintoa, litlala, litšisinyeho tsa lefatše le mafu a seoa. (Matheu 24:3-8; Luka 21:11) Ho etsahala ha lintho tsena ho fana ka bopaki bo matla ba hore ha e le hantle 1914 e ne e tšoaea ho tsoaloa ha ’Muso oa Molimo oa leholimo le ho qaleha ha ‘matsatsi a ho qetela’ a tsamaiso ena e khopo ea lintho.—2 Timothea 3:1-5.

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Ho tloha ho October 607 B.C.E. ho ea ho October 1 B.C.E. ke lilemo tse 606. Kaha ha ho na selemo sa 0, ho tloha ho October 1 B.C.E. ho ea ho October 1914 C.E. ke lilemo tse 1 914. Ha re kopanya lilemo tse 606 le tse 1 914, re fumana lilemo tse 2 520. Ho fumana boitsebiso bo buang ka taba ea ho oa ha Jerusalema ka 607 B.C.E., bona sehlooho se reng “Chronology” ho Insight on the Scriptures, le se reng “Matsatsi” bukeng ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo, leqepheng la 283-86, ka bobeli li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

      [Setšoantšo se Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 216]

      (Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

      “LINAKO TSE SUPILENG”

      Lilemo tse 2 520

      Lilemo tse 606 1/4 Lilemo tse 1 913 3/4

      October 607 B.C.E. ho ea ho La 1 January, 1 C.E. ho ea ho

      La 31 December, 1 B.C.E. October 1914

      607 ◀ B.C.E. C.E. ▸ 1914

      “Jerusalema e tla “Ho tla ea nang le

      hatakeloa ke lichaba” tokelo ea molao”

  • Mikaele Lengeloi le ka Sehloohong ke Mang?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
    • Mikaele Lengeloi le ka Sehloohong ke Mang?

      BIBELE ha e bue hakaalo ka sebōpuoa sa moea se bitsoang Mikaele. Empa moo e buang ka eena, e bua ka eena a etsa ketso e itseng. Bukeng ea Daniele, Mikaele o loantša mangeloi a khopo; lengolong la Juda, o hanyetsa Satane; ’me ho Tšenolo, o loantša Diabolose le bademona ba hae. Mikaele o phelela seo lebitso la hae le se bolelang—e leng “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?”—ka ho sireletsa bobusi ba Jehova le ho loantša lira tsa Molimo. Empa Mikaele ke mang?

      Ka linako tse ling, batho ba bang ba tsejoa ka mabitso a ’maloa. Ka mohlala, mopatriareka Jakobo o boetse o tsejoa e le Iseraele, ’me moapostola Petrose o boetse o tsejoa e le Simone. (Genese 49:1, 2; Matheu 10:2) Ka ho tšoanang, Bibele e bontša hore Mikaele ke lebitso le leng la Jesu Kreste, pele a phela mona lefatšeng le ka mor’a hore a phele lefatšeng. A re hlahlobe mabaka a Mangolo a etsang hore re etse qeto ena.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela