-
Boitšisinyo le Ponahalo ea SefahlehoRua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
-
-
Thuto 12
Boitšisinyo le Ponahalo ea Sefahleho
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Sebelisa boitšisinyo ba matsoho, mahetla kapa ’mele oohle ho hlalosa likhopolo, lipolelo kapa maikutlo a itseng.
Sebelisa mahlo le molomo hammoho le ho tsamaisa hlooho ka tsela e itseng bakeng sa ho hatisa polelo le ho fetisa maikutlo.
Ke Hobane’ng ha e le Tsa Bohlokoa?
Boitšisinyo le ponahalo ea sefahleho li etsa hore ho be le khatiso e bonahalang le ea maikutlo puong ea hao. Li ka tsosa maikutlo a hao, kahoo tsa phelisa lentsoe la hao.
BATHO ba litso tse ling ba sebelisa boitšisinyo ka bolokolohi ho feta ba limelo tse ling. Leha ho le joalo, hoo e ka bang motho e mong le e mong o fetola ponahalo ea sefahleho kapa o etsa boitšisinyo bo itseng ha a bua. Sena se etsahala moqoqong kapa ha motho a bua phatlalatsa.
Boitšisinyo e ne e le ntho ea tlhaho ho Jesu le baapostola ba hae ba pele. Ka lekhetlo le leng, motho e mong o ile a tlalehela Jesu hore ’m’ae le barab’abo ba batla ho bua le eena. Jesu o ile a arabela ka ho re: “’Mè ke mang, ’me barab’eso ke bo-mang?” Joale Bibele e phaella ka ho re: “Ha a otlollela letsoho la hae ho barutuoa ba hae, a re: ‘Bonang! ’Mè le barab’eso!’” (Mat. 12:48, 49) Har’a litšupiso tse ling, ho Liketso 12:17 le 13:16 Bibele e bontša hore moapostola Petrose le moapostola Pauluse le bona ba ile ba sebelisa boitšisinyo ba tlhaho.
Likhopolo le maikutlo ha li fetisoe ka lentsoe feela empa li fetisoa le ka boitšisinyo le ponahalo ea sefahleho. Ho se sebelise lintho tsena hantle ho ka ’na ha fetisa maikutlo a hore motho ea buang ha a tsotelle. Empa ha mekhoa ena ea puisano e tsoakiloe hantle, e etsa hore puo e ntlafale haholo. Esita leha u bua thelefonong, haeba u sebelisa boitšisinyo bo loketseng le ponahalo ea sefahleho, ho tla ba bonolo hore lentsoe la hao le fetise bohlokoa ba molaetsa oa hao hammoho le maikutlo a hao ka seo u se buang. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na u bua u sa sheba pampiring kapa ua bala, ho sa tsotellehe hore na bamameli ba hao ba u shebile kapa ba shebile Libibeleng tsa bona, boitšisinyo le ponahalo ea sefahleho ke tsa bohlokoa.
Boitšisinyo ba hao le ponahalo ea hao ea sefahleho ha lia lokela ho baloa bukeng. Ha ho mohla u kileng ua ithuta ho tšeha kapa ho halefa. Boitšisinyo le bona bo lokela ho bontša maikutlo a hao a ka hare. Ha boitšisinyo ba hao e le ba tlhaho, seo se molemo haholo.
Boitšisinyo bo oela likarolong tse peli tse akaretsang: bo hlalosang le bo hatisang. Boitšisinyo bo hlalosang bo bontša ketso kapa boholo ba ntho le sebaka. Ha u sebeletsa ntlheng ea ho sebelisa boitšisinyo sekolong, u se ke ua khotsofalla ho etsa pontšo e le ’ngoe kapa tse peli feela tsa boitšisinyo. Puong eohle ea hao leka ho etsa boitšisinyo ka tsela ea tlhaho. Haeba u e-na le bothata ba ho etsa sena, mohlomong ho ka ba molemo hore u batle mantsoe a bontšang sebaka, bohōle, boholo, tulo, kapa maemo a amanang. Leha ho le joalo, maemong a mangata, ho hlokahala feela hore u ikakhele ka setotsoana puong ea hao, u se ke ua tšoenyeha ka hore na batho ba tla re’ng, empa u bue le ho etsa lintho kamoo u neng u ka li etsa kateng bophelong ba letsatsi le letsatsi. Ha motho a phutholohile, boitšisinyo bo itlela feela ka tsela ea tlhaho.
Boitšisinyo bo hatisang bo bontša boikutlo le kholiseho. Boa hatisa, bo kenya bophelo le ho toboketsa mehopolo. Boitšisinyo bo hatisang ke ba bohlokoa. Empa, hlokomela! Ho bonolo hore boitšisinyo bo hatisang bo fetohe mokhoanyana o itseng o se nang sepheo. Haeba u sebelisa boitšisinyo bo tšoanang khafetsa, sena se ka qala ho etsa hore tlhokomelo e lebisoe boitšisinyong boo ho e-na le ho ntlafatsa puo ea hao. Haeba molebeli oa hao oa sekolo a bontša hore u na le bothata bona, leka ho sebelisa boitšisinyo bo hlalosang feela ka nako e itseng. Ka mor’a nako e itseng, u qale hape ho sebelisa boitšisinyo bo hatisang.
Ha u lekanyetsa hore na u lokela ho sebelisa boitšisinyo bo hatisang ho isa bohōleng bofe le hore na ke boitšisinyo ba mofuta ofe bo loketseng, u nahanele maikutlo a batho bao u buang le bona. Ho supa bamameli ka monoana ho ka ’na ha etsa hore ba ikutloe ba sa phutholoha. Litsong tse ling haeba monna a ne a ka etsa boitšisinyo bo itseng, bo kang ho beha letsoho la hae molomong e le ha a bontša ho makala, sena se ne se ka talingoa e le ho iketsa mosali. Likarolong tse ling tsa lefatše, ho nkoa e le boikhohomoso ha basali ba akha matsoho ka bolokolohi. Kahoo libakeng tseo, baralib’abo rōna ka ho khetheha ba lokela ho sebelisa ponahalo ea sefahleho hamolemo. Ka pel’a sehlopha se senyenyane, boitšisinyo bo feteletseng bo ka ’na ba talingoa e le ntho e tšehisang hoo e ka bang karolong leha e le efe ea lefatše.
Ha u ntse u fumana phihlelo ’me u lokoloha haholoanyane ha u bua, boitšisinyo leha e le bofe bo hatisang boo u bo sebelisang bo tla bontša maikutlo a hao a ka hare ka tsela ea tlhaho, a bontšang kholiseho le hore u bua ho tsoa pelong. Sena se tla etsa hore puo ea hao e be le sepheo.
Ponahalo ea Hao ea Sefahleho. Hangata sefahleho sa hao ke sona se bontšang kamoo u hlileng u ikutloang kateng ho feta karolo leha e le efe e ’ngoe ea ’mele. Mahlo a hao, sebōpeho sa molomo oa hao, tsela eo u tsamaisang hlooho ka eona kaofela li phetha karolo e itseng. Ha u ithōletse feela tjee, sefahleho sa hao se ka fetisa boikutlo ba ho se tsotelle, ho teneha, ho tsieleha, ho makala kapa ho thaba. Ha liponahalo tse joalo tsa sefahleho li tsamaisana le mantsoe, li ba le phello e bonahalang le e bontšang maikutlo. ’Mōpi o entse hore sefahleho sa hao se be le mesifa e mengata—e 30 kaofela. Hoo e ka bang halofo ea eona ea sebetsa ha u bososela.
Ho sa tsotellehe hore na u sethaleng kapa u kopanetse tšebeletsong ea tšimo, u leka ho abela batho molaetsa o thabisang, o tla etsa hore lipelo tsa bona li nyakalle. Ho bososela ka mofuthu ho tiisa seo. Ka lehlakoreng le leng, haeba sefahleho sa hao se hlokofetse feela, sena se ka phahamisa lipotso mabapi le hore na u bua ho tsoa pelong na.
Ho feta moo, ho bososela ho bolella ba bang hore u na le boikutlo bo mosa ka bona. Sena ke sa bohlokoa haholo mehleng ena eo ho eona hangata batho ba tšabang batho bao ba sa ba tsebeng. Ho bososela ha hao ho ka thusa batho hore ba phutholohe ’me ba amohele haholoanyane seo u se buang.
-
-
Ho Talima BamameliRua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
-
-
Thuto 13
Ho Talima Bamameli
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Talima batho bao u buang le bona, u shebe motho mahlong ka metsotsoana e seng mekae haeba eo e le ntho e amohelehang sebakeng sa lōna. Etsa hore u bone motho ka mong, eseng e le sehlopha.
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
Litsong tse ngata, ho sheba motho mahlong ho talingoa e le pontšo ea hore u thahasella motho eo u buang le eena. Hape ho talingoa e le bopaki ba hore u kholisehile ka seo u se buang.
MAHLO a rōna a bonahatsa maikutlo. A ka ’na a bontša ho makala kapa tšabo. A ka ’na a bontša kutloelo-bohloko kapa lerato. Ka linako tse ling, a ka ’na a bonahatsa pelaelo kapa a fana ka bopaki ba ho sareloa. Ha monna e mong ea hōlileng a bua ka batho ba naha ea habo ba ileng ba utloisoa bohloko haholo, o ile a re: “Re bua ka mahlo a rōna.”
Batho ba bang ba ka ’na ba fihlela liqeto tse itseng ka rōna le ka seo re se buang motheong oa hore na mahlo a rōna a shebile hokae. Litsong tse ngata, batho ba ba le tšekamelo ea ho tšepa motho ea ba shebang mahlong ka botsoalle. Ka lehlakoreng le leng, ba ka ’na ba belaella botšepehi kapa ho tšoaneleha ha motho ea ntseng a halikisa mahlo kapa ea shebang ntho e itseng ho e-na le ho sheba motho eo a buang le eena. Litso tse ling li talima ho tonela motho mahlo e le ho se bontše mekhoa e metle, ho ba mabifi kapa ho phephetsa. Sena se etsahala haholo ha u bua le batho ba bong bo fapaneng kapa le morena kapa motho e mong ea hlomphehang. Libakeng tse ling, haeba ngoana a ne a ka sheba motho e moholo ka har’a lithaka tsa mahlo, sena se ne se ka talingoa e le ho hloka tlhompho.
Leha ho le joalo, moo ho etsa sena ho sa talingoeng e le ho hloka tlhompho, ho sheba motho mahlong ha u bua ntho ea bohlokoa ho ka etsa hore seo u se buang se be le matla. Ho ka talingoa e le bopaki ba hore sebui se kholisehile ka seo se se buang. Hlokomela kamoo Jesu a ileng a arabela kateng ha barutuoa ba hae ba ne ba maketse haholo ’me ba re: “Ka sebele ke mang ea ka pholohang?” Bibele ea tlaleha: “A ba shebile mahlong, Jesu a re ho bona: ‘Ho batho hona ho ke ke ha khoneha, empa lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.’” (Mat. 19:25, 26) Mangolo a boetse a bontša hore moapostola Pauluse o ile a talima ka hloko tsela eo bamameli ba hae ba neng ba itšoara ka eona. Ka lekhetlo le leng monna ea neng a tsoetsoe a holofetse o ne a le teng ha Pauluse a bua. Liketso 14:9, 10 e re: “Monna enoa o ne a mametse Pauluse ha a bua, eo, ha a mo talima ka hloko ’me a bona hore o ne a e-na le tumelo ea hore a ka folisoa, a ileng a re ka lentsoe le phahameng: ‘Ema ka maoto u otlolohile.’”
Litlhahiso Bakeng sa Tšebeletso ea Tšimo. Ha u kopanetse tšebeletsong ea tšimo, e-ba botsoalle ’me u be mofuthu ha u atamela batho. Ha ho loketse, sebelisa lipotso tse susumelletsang motho ho nahana ka ho teba bakeng sa ho qala moqoqo ka ntho eo mohlomong le e thahasellang le le babeli. Ha u ntse u etsa sena, leka ho sheba motho mahlong—kapa bonyane u shebe motho sefahlehong ka tsela e bontšang tlhompho le e mosa. Sefahleho sa motho ea bososelang ka mofuthu eo mahlo a hae a bontšang hore pelo ea hae e thabile se ipiletsa haholo. Pontšo e joalo e ka bolella motho eo ho hongata mabapi le hore na u motho oa mofuta ofe ’me ho mo thuse ho ikutloa a phutholohile haholoanyane ha le ntse le qoqa.
Ho hlokomela seo mahlo a motho a se bolelang, haeba ho loketse, ho ka u bontša hore na u lokela ho sebetsana joang le boemo bo itseng. Haeba motho a halefile kapa haeba a hlile a sa thahaselle, u ka khona ho bona hoo. Haeba a sa u utloisise, u ka lemoha hoo. Haeba a fela pelo, hangata u ka khona ho lemoha hoo. Haeba a hlile a thahasella, sena le sona se tla bonahala. Mahlo a hae a ka u hlokomelisa hore u lokela ho fetola lebelo leo u buang ka lona, ho etsa boiteko bo eketsehileng ba ho mo akarelletsa moqoqong, ho khaotsa puisano kapa mohlomong ho kenyelletsa pontšo ea kamoo ho ka ithutoang Bibele kateng.
Ho sa tsotellehe hore na u kopanetse tšebeletsong ea phatlalatsa kapa u khanna thuto ea lehae ea Bibele, leka ho sheba motho eo u buang le eena mahlong ka tsela e bontšang tlhompho. Leha ho le joalo, u se ke ua mo tonela mahlo, kaha seo se ka mo khopisa. (2 Mar. 8:11) Empa sheba motho eo sefahlehong khafetsa ka mokhoa oa tlhaho le o botsoalle. Linaheng tse ngata, sena se fetisa maikutlo a ho ba le thahasello ea sebele. Ho hlakile hore ha u bala Bibele kapa khatiso e itseng, mahlo a hao a tla khomarela taba e ngotsoeng. Empa bakeng sa ho hatisa ntlha, mohlomong u ka rata ho sheba motho ka ho toba, empa u etsa joalo hakhutšoanyane. Haeba u phahamisa mahlo nako le nako, sena le sona se tla u thusa ho hlokomela hore na o arabela joang ho se ntseng se baloa.
Qalong, haeba lihlong li u thatafalletsa ho sheba bamameli, u se ke ua tela. Ha u ntse u itlhakisa, ho talima bamameli ka tsela e loketseng ho tla itlisa ’me seo se ka etsa hore u atlehe tabeng ea ho buisana le ba bang.
-