Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Lokisetsa Likabelo Tsa Seithuti Bakeng sa Sekolo
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
    • Ho Lokisetsa Likabelo Tsa Seithuti Bakeng sa Sekolo

      KABELO e ’ngoe le e ’ngoe ea sekolo e fana ka monyetla oa ho hōla. Ikitlaetse ka hloko ’me butle-butle tsoelo-pele ea hao e tla bonahala ho uena le ho ba bang. (1 Tim. 4:15) Sekolo se tla u thusa ho ntlafatsa bokhoni ba hao haholo.

      Na u ikutloa u sehoa ke letsoalo ha u nahana ka ho bua ka pel’a phutheho? Bona ke boikutlo bo tloaelehileng, esita leha u se u e-na le nako u ngolisitse sekolong. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ling tse ka u thusang ho kokobetsa letsoalo. Ha u le lapeng, itloaetse ho balla holimo khafetsa. Ha u le libokeng tsa phutheho, fana ka litlhaloso khafetsa ’me haeba u mohoeletsi, kopanela kamehla tšebeletsong ea tšimo. Sena se tla u neha phihlelo ea ho bua ka pel’a ba bang. Ho phaella moo, lokisetsa likabelo tsa hao tsa seithuti esale pele ’me u itlhakisetse ho nehelana ka tsona ka lentsoe le phahameng. Hopola hore u tla be u bua ka pel’a bamameli ba nang le botsoalle. Pele u fana ka puo leha e le efe, rapela Jehova. O thabela ho fana ka moea oa hae o halalelang ho bahlanka ba hae ba mo kōpang.—Luka 11:13; Bafil. 4:6, 7.

      Bontša boinyenyefatso mabapi le seo u se lebeletseng. Ho nka nako ho ba le phihlelo ea ho ba sebui le ho ba tichere e atlehang. (Mik. 6:8) Haeba u sa tsoa ingolisa sekolong sena, u se ke ua lebella ho fana ka puo e phethahetseng hang-hang. Ho e-na le hoo, sebeletsa ntlheng e le ’ngoe ea keletso ea puo ka nako. Ithute likarolo tsa buka ena tse buang ka eona. Haeba ho khoneha, sebelisa boitlhakiso bo bontšitsoeng moo. Sena se tla u neha phihlelo litabeng tse amanang le ntlha eo ea keletso pele u nehelana ka kabelo ea hao phuthehong. Khatelo-pele e tla latela.

      Mokhoa oa ho Lokisetsa Kabelo ea ’Malo

      Ho lokisetsa ’malo oa phatlalatsa ho akarelletsa ho hongata ho feta feela ho khona ho bitsa mantsoe a leng boitsebisong boo u bo abetsoeng. Leka ho utloisisa ka ho hlaka seo boitsebiso boo bo se bolelang. Hang feela ha u amohela kabelo ea hao, e bale u hopotse pakane eo. Leka ho utloisisa ntlha e hatisoang polelong e ’ngoe le e ’ngoe le khopolo e hōlisoang serapeng se seng le se seng e le hore u khone ho fetisa mehopolo ka nepo le ka boikutlo bo loketseng. Botsa ba tsebang puo eo hantle mokhoa o nepahetseng oa ho bitsa mantsoe a sa tloaelehang. Tseba boitsebiso boo hantle. Ho ka ’na ha hlokahala hore batsoali ba thuse bana ba bona ho etsa sena.

      Na u abetsoe ho bala karolo e itseng ea Bibele kapa mohlomong ho bala lirapa tsa sehlooho sa Molula-Qhooa? Haeba lik’hasete tsa boitsebiso boo li le teng ka puo ea hao, ho ka ba molemo haholo hore u li mamele ’me u hlokomele lintho tse kang ho bitsoa ha mantsoe, ho bōptjoa ha lipolelo, khatiso le ho fetola molumo oa lentsoe. Joale u leke ho akarelletsa litšoaneleho tsena ’malong oa hao.

      Ha u qala ho lokisetsa kabelo ea hao, tiisa hore u bala ka hloko thuto e tšohlang tšoaneleho ea puo eo u e abetsoeng. Haeba ho ka khoneha, e hlahlobe hape ka mor’a hore u itlhakise ka makhetlo a ’maloa u balla holimo boitsebiso boo u bo abetsoeng. Leka ho sebelisa keletso e ngotsoeng ka hohle kamoo ho ka khonehang.

      Koetliso ena e tla u thusa haholo tšebeletsong ea hao. Ha u ntse u kopanela tšebeletsong ea tšimo, u ba le menyetla e mengata ea ho balla ba bang. Kaha Lentsoe la Molimo le na le matla a ho fetola bophelo ba batho, ke habohlokoa hore u le bale hantle. (Baheb. 4:12) U se ke ua lebella hore u tla tseba lintlha kaofela tsa ’malo o atlehileng ka ho nehelana ka kabelo e le ’ngoe kapa tse peli. Moapostola Pauluse o ile a ngolla moholo oa Mokreste ea neng a e-na le phihlelo ea lilemo tse ngata, a re: “U tsoele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa.”—1 Tim. 4:13.

      Ho Sebetsana le Sehlooho le Boemo ba Puo

      Ha u amohela kabelo ea sekolo e akarelletsang ho nehelana ka puo boemong bo itseng, u lokela ho etsa joang?

      Ho na le lintho tse tharo tsa bohlokoa tseo u lokelang ho li ela hloko: (1) sehlooho seo u se abetsoeng, (2) boemo ba puo ea hao le motho eo u tla beng u buisana le eena le (3) ntlha ea keletso eo u abetsoeng ho sebeletsa ho eona.

      U lokela ho bokella boitsebiso bakeng sa sehlooho seo u se abetsoeng. Empa pele u tšoareha haholo ka hoo, nahana ka botebo ka boemo ba puo ea hao le ka motho eo u tla buisana le eena, kaha lintlha tsena li tla ama mofuta oa boitsebiso boo u tla bo tšohla le tsela eo u tla fana ka puo ea hao ka eona. U tla fana ka puo ea hao boemong bofe? Na u tla be u bontša mokhoa oa ho nehelana ka litaba tse molemo ho motho eo u mo tsebang? Kapa na u tla be u bontša se ka ’nang sa etsahala ha u kopana le motho ka lekhetlo la pele? Na motho eo o moholo kapa o monyenyane ho uena? Ke boikutlo bofe boo a ka ’nang a ba le bona ka taba eo u rerileng ho e tšohla le eena? Ho ka etsahala hore o se a tseba hakae ka taba eo? U lebeletse ho finyella pakane efe puisanong ea lōna? Likarabo tsa lipotso tseo li tla fana ka lintlha tsa bohlokoa tseo u ka li sebelisang.

      Ke hokae moo u ka fumanang boitsebiso bo mabapi le taba eo u e abetsoeng? Leqepheng la 33 ho ea ho la 38 bukeng ena, ho tšohloa “Mokhoa oa ho Etsa Lipatlisiso.” Bo bale ’me ka mor’a moo u sebelise lithulusi tsa ho etsa lipatlisiso tseo u nang le tsona. Mabakeng a mangata, kapele-pele u tla fumana boitsebiso bo bongata ho feta boo u ka bo sebelisang. Bala bo lekaneng hore u hlokomele monyetla o leng teng. Leha ho le joalo, ha u ntse u etsa joalo, u hopole boemo ba puo boo u tla bo sebelisa nehelanong ea hao hammoho le motho eo u tla beng u bua le eena. Tšoaea lintlha tse loketseng tseo u ka li sebelisang.

      Pele u hlophisa nehelano ea hao le ho khetha lintlha tsa ho qetela, iphe nako ea ho bala boitsebiso bo buang ka ntlha ea keletso eo u e abetsoeng. Ho sebelisa keletso eo ke le leng la mabaka a bohlokoa a kabelo ea hao.

      Ka ho akaretsa boitsebiso ba hao ka nako eo u e behetsoeng, u tla khotsofalla ho fana ka sephetho sa hao, kaha u tla fuoa temoso ha nako ea hao e felile. Leha ho le joalo, tšebeletsong ea rōna ea tšimo, hase kamehla nako e amehang. Kahoo ha u ntse u lokisetsa, u nahanele boholo ba nako e leng teng, empa u lebise khatiso tabeng ea ho ruta ka mokhoa o atlehang.

      Tlhahiso Mabapi le Maemo ao Puo e Fanoang Tlas’a ’Ona. Hlahloba litlhahiso tse boletsoeng leqepheng la 82 ’me u khethe e ka sebetsang tšebeletsong ea hao le e ka u lumellang ho sebelisa boitsebiso boo u bo abetsoeng ka tsela e utloahalang. Haeba u bile sekolong sena ka nako e teletsana, talima sena e le monyetla oa ho hahamalla pele le oa ho ntlafatsa bokhoni bo eketsehileng bakeng sa tšebeletso ea hao.

      Haeba molebeli oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo a u abela ho fana ka puo boemong bo itseng, amohela phephetso eo. Hangata maemo ao lipuo li fanoang ho ’ona ke a ho fana ka bopaki. Haeba u e-s’o ka u paka tlas’a maemo a boletsoeng, fumana maikutlo a sa tšoaneng ka ho bua le bahoeletsi ba entseng joalo. Haeba ho ka khoneha, leka ho tšohla taba eo u e abetsoeng boemong bo tšoanang le boo u tla bo sebelisa sekolong. Sena se tla u thusa ho finyella sepheo sa bohlokoa sa koetliso ea hao.

      Ha Nehelano e Lokela ho Fanoa e le Puo

      Haeba u monna, u ka ’na ua abeloa ho fana ka puo e khutšoanyane phuthehong. Ha u lokisetsa lipuo tsena, lintlha tsa motheo tseo u lokelang ho li hlokomela li tšoana le tse seng li thathamisitsoe bakeng sa likabelo tsa seithuti tse fanoang e le lipontšo. Phapang e khōlō e teng ke bamameli le mokhoa oa nehelano.

      Ka tloaelo, ho molemo ho lokisetsa boitsebiso ba hao ka tsela e tla ruisa bamameli bohle molemo. Bongata ba ba leng teng bo se bo tseba linnete tsa motheo tsa Bibele. Ho ka etsahala hore ebe ba tseba hantle taba eo u abetsoeng ho bua ka eona. Nahana ka seo ba seng ba se tseba ka taba ea hao. Leka ka matla ho etsa hore ba rue molemo o itseng nehelanong ea hao. Ipotse: ‘Nka sebelisa taba ea ka joang ho tebisa kananelo ea ka le ea bamameli bakeng sa Jehova joaloka motho? Boitsebiso boo bo fupere eng e tla re thusa ho lemoha thato ea Molimo? Boitsebiso boo bo ka re thusa joang hore re etse liqeto tse bohlale lefatšeng le busoang ke litakatso tsa nama?’ (Baef. 2:3) Hore u fumane likarabo tse khotsofatsang lipotsong tseo u lokela ho etsa lipatlisiso. Ha u sebelisa Bibele, leka hore u se ke ua khotsofalla ho bala litemana feela. Beha mabaka ka mangolo ao u a sebelisang ’me u bontše kamoo a fanang ka motheo oa ho etsa liqeto. (Lik. 17:2, 3) U se ke ua leka ho akaretsa boitsebiso bo bongata haholo. Nehelana ka boitsebiso ba hao ka tsela e tla etsa hore ho be bonolo ho bo hopola.

      Hape tokisetso ea hao e lokela ho akarelletsa le ho lebisa tlhokomelo mokhoeng oa hao oa ho nehelana ka puo. U se ke ua nyenyefatsa bohlokoa ba sena. Itlhakisetse ho fana ka puo ea hao ka lentsoe le phahameng. Boiteko boo u bo etsang ha u ithuta le ha u sebelisa keletso e mabapi le litšoaneleho tse sa tšoaneng tsa puo bo tla tlatsetsa haholo tsoelo-peleng ea hao. Ho sa tsotellehe hore na u sebui se secha kapa se nang le phihlelo, lokisetsa hantle e le hore u khone ho bua ka sebete le ka boikutlo bo tšoanelang boitsebiso ba hao. Ha u ntse u phetha kabelo ka ’ngoe sekolong, u hopole pakane ea hao ea ho sebelisa mpho ea ho bua eo u e filoeng ke Molimo bakeng sa ho tlotlisa Jehova.—Pes. 150:6.

  • Ho Lokisetsa Lipuo Tse Tobisitsoeng Phuthehong
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
    • Ho Lokisetsa Lipuo Tse Tobisitsoeng Phuthehong

      LENANEO la Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le lokiselitsoe ho ruisa phutheho eohle molemo. Hape ho fanoa ka boitsebiso ba bohlokoa libokeng tse ling tsa phutheho hammoho le likopanong tse nyenyane le tse khōlō. Haeba u abetsoe puo ho le leng la mananeo ana, u filoe boikarabelo bo boholo. Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa molebeli oa Mokreste Timothea hore kamehla a ele hloko ho ruta ha hae. (1 Tim. 4:16) Ba bang teng lipokanong tsa Bokreste ba behetse nako ea bohlokoa ka thōko—’me ba bang ba entse boiteko bo boholo—hore ba be teng bakeng sa ho tla rutoa litaba tse amanang le kamano ea bona le Molimo. Ka sebele ke tokelo e khōlō ka ho fetisisa ho fana ka thupelo e joalo! U ka etsa joang hore u phethe tokelo eo hantle?

      Lintlha Tse Khōlō Tsa ’Malo oa Bibele

      Karolo ena ea sekolo e thehiloe ’malong oa Bibele o abetsoeng beke eo. Khatiso e lokela ho lebisoa tabeng ea hore na boitsebiso boo bo re ama joang kajeno. Joalokaha ho tlalehiloe ho Nehemia 8:8, Esdrase le metsoalle ea hae ba ile ba bala Lentsoe la Molimo phatlalatsa, ba le hlalosa, ‘ba kenya moelelo ho lona’ le ho etsa hore le utloisisoe. Ho fana ka lintlha tse khōlō tsa Bibele ho u neha monyetla oa hore le uena u etse se tšoanang.

      U lokela ho lokisetsa kabelo eo joang? Haeba ho khoneha, bala karolo ea Bibele eo u e abetsoeng beke esale pele kapa ho feta. Joale nahana ka phutheho ea heno le litlhoko tsa eona. E rapelle. Ke keletso efe, ke mehlala efe, ke melao-motheo efe e leng karolong ee ea Lentsoe la Molimo e finyellang litlhoko tseo?

      Ho etsa lipatlisiso ke habohlokoa. Na Watchtower Library e ho CD-ROM kapa index e hlahang ho Molula-Qhooa qetellong ea selemo li teng ka puo ea hao? Haeba li le teng, li sebelise hamolemo. Ha u etsa lipatlisiso ka se hatisitsoeng mabapi le litemana tseo u khethileng ho lebisa tlhokomelo ho tsona, u ka ’na ua fumana boitsebiso bo rutang bo tšehetsang taba, ho hlalosoa ha phethahatso ea boprofeta, ho hlahlobisisoa ha seo litemana tse itseng li se senolang ka Jehova kapa moo ho tšohloang melao-motheo e itseng. U se ke ua leka ho akaretsa lintlha tse ngata haholo. Lebisa tlhokomelo litemaneng tse seng kae feela tseo u li khethileng. Ho molemo hore u akaretse litemana tse seng kae ’me u etse hoo hantle.

      Kabelo ea hao e boetse e ka hloka hore u kōpe bamameli ho hlalosa kamoo ba ruileng molemo kateng ’malong oa Bibele oa beke eo. Ba fumane eng e tla ba thusa thutong ea boinotšing le ea lelapa kapa tšebeletsong ea bona kapa tseleng ea bona ea bophelo? Ke litšoaneleho life tsa Jehova tse ileng tsa bonahala litšebelisanong tsa hae le batho le lichaba? Bamameli ba ithutile eng e matlafalitseng tumelo ea bona le ho hōlisa kananelo ea bona bakeng sa Jehova? U se ke ua lebisa tlhokomelo haholo lintlheng tse rarahaneng. Hatisa moelelo le molemo o sebetsang oa lintlha tseo u li khethileng.

      Puo ea Taeo

      E thehiloe boitsebisong bo hatisitsoeng, bo kang sehlooho sa Molula-Qhooa kapa Tsoha! kapa mohlomong karolong e itseng ea buka. Mabakeng a mangata ho ba le boitsebiso bo bongata haholo bakeng sa nako eo u e behetsoeng. U lokela ho fana ka puo ee joang? U lokela ho e fana joaloka mosuoe, eseng joaloka motho ea akaretsang boitsebiso feela. Molebeli e lokela ho ba “ea tšoanelehelang ho ruta.”—1 Tim. 3:2.

      Qala ho lokisetsa ka ho ithuta boitsebiso boo u bo abetsoeng. Phetla mangolo. Thuisa. Leka ho etsa hoo pele ho letsatsi la puo ea hao. Hopola hore barab’abo rōna ba khothalletsoa hore ba bale esale pele boitsebiso bo hatisitsoeng boo puo eo e thehiloeng ho bona. Kabelo ea hao hase feela ho pheta boitsebiso boo kapa ho bo akaretsa empa ke ho bontša kamoo bo ka sebelisoang kateng. Sebelisa likarolo tse loketseng tsa boitsebiso boo ka tsela e tla ruisa phutheho molemo e le kannete.

      Feela joalokaha ngoana e mong le e mong a e-na le botho ba hae, phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e na le litšobotsi tsa eona tse ikhethang. Motsoali ea tsebang ho ruta ha a phetele ngoana oa hae melao ea boitšoaro feela. O behelana mabaka le ngoana. O nahanela botho ba ngoana le mathata ao ngoana a loantšanang le ’ona. Ka tsela e tšoanang, mesuoe ka phuthehong e leka ho utloisisa litlhoko tsa sehlopha seo e buang le sona. Leha ho le joalo, mosuoe ea nang le temoho o tla qoba ho sebelisa mehlala e ka ’nang ea khopisa e mong ka har’a bamameli. O tla bontša melemo e seng e bile teng ka lebaka la ho tsamaea tseleng ea Jehova ’me o tla hatisa keletso ea Mangolo e tla thusa phutheho ho sebetsana ka katleho le mathata ao e tobanang le ’ona.

      Ho ruta ho molemo ho ama lipelo tsa bamameli. Ha ho hloke feela ho bolela lintlha empa ho boetse ho hloka ho hōlisa kananelo bakeng sa se boleloang ke lintlha tsena. Ho hloka ho bontša kameho ea sebele ho ba rutoang. Balisa ba moea ba lokela ho tseba mohlape. Haeba ka lerato ba hopola mathata ao ba bang ba talimanang le ’ona, ba tla khona ho bua ka mokhoa o khothatsang, o bontšang kutloisiso, kutloelo-bohloko le qenehelo.

      Joalokaha mesuoe e atlehang e tseba, sepheo sa puo se lokela ho hlaka hantle. Boitsebiso bo lokela ho fanoa ka mokhoa o tla etsa hore lintlha tse khōlō li totobale le ho hopoleha. Bamameli ba lokela ho hopola mehopolo e thusang e tla ama bophelo ba bona.

      Seboka sa Tšebeletso

      Ha u fana ka puo e thehiloeng sehloohong sa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, phephetso e ka ba e fapaneng ka tsela e itseng. Mona u tla fumana hore hangata u kōptjoa hore u fetisetse boitsebiso bohle bo fanoeng ho bamameli, eseng hore u ikhethele bo loketseng haholo. Thusa bamameli ho nahana ka mangolo a bōpang motheo oa keletso leha e le efe e fanoeng. (Tite 1:9) U abetsoe nako e lekanyelitsoeng, ’me mabakeng a mangata e ke ke ea u lumella ho kenyelletsa boitsebiso bo eketsehileng.

      Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua abeloa ho nehelana ka boitsebiso bo sa hlaheng sehloohong sa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Ho ka ’na ha fanoa ka tšupiso ea sehlooho sa Molula-Qhooa, kapa kabelo e ka ’na ea akarelletsa lintlha tse seng kae tse khutšoanyane. Ho tla itsoela ho uena joaloka mosuoe hore u akaretse boitsebiso boo u bo abetsoeng u nahanne ka litlhoko tsa phutheho. Ho ka ’na ha hlokahala hore u sebelise papiso e khutšoanyane e tobileng, kapa u phete phihlelo e loketseng. Hopola hore kabelo ea hao hase ho bua feela ka taba e itseng empa ke ho e fana ka tsela e tla thusa phutheho ho etsa mosebetsi oo Lentsoe la Molimo le o behileng le ho thabela ho etsa joalo.—Lik. 20:20, 21.

      Ha u ntse u lokisetsa kabelo ea hao, nahana ka maemo a ba leng ka phuthehong. Ba babatse ka seo ba ntseng ba se etsa. Ho sebelisa ha bona litlhahiso tse fanoeng boitsebisong bo abiloeng ho ka eketsa katleho ea bona le thabo ea bona tšebeletsong joang?

      Na kabelo ea hao e hloka hore ho etsoe pontšo kapa ho be le puisano? Haeba ho joalo, e lokela ho lokisetsoa esale pele. Ho ka ’na ha bonahala ho ipiletsa hore u kōpe motho e mong feela hore a etse litokisetso tseo, empa hase kamehla hoo ho hlahisang liphello tse molemohali. Haeba ho khoneha, hlahloba pontšo eo kapa puisano pele ho letsatsi la

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela