-
Ho Etsa Kemiso ea PuoRua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
-
-
Ho Etsa Kemiso ea Puo
BA BANGATA ha ba abetsoe ho fana ka puo, ba ipha mosebetsi oa ho e ngola kaofela, ho qala ka kenyelletso ho ea fihla sephethong. Pele ba qeta ho lokisetsa puo eo, ba tla be ba e ngotse hangata. Mosebetsi oo o ka nka lihora.
Na le uena u lokisetsa lipuo tsa hao joalo? Na u lakatsa ho ithuta tsela e bonolonyana? Ha u ka ithuta ho hlophisa kemiso ea puo, u ke ke ua hlola u ngola ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Sena se tla u fa nako e eketsehileng ea ho itlhakisetsa ho fana ka puo. U ke ke ua nolofalloa feela ke ho fana ka lipuo tsa hao empa ho tla ba monate haholo ho li mamela ’me li tla susumetsa bamameli ba hao haholo.
Joalokaha u ka lebella, ho fanoa ka kemiso ea puo bakeng sa lipuo tsa phatlalatsa tse neheloang phuthehong. Leha ho le joalo, bakeng sa lipuo tse ling tse ngata ha ho etsoe joalo. U ka ’na ua abeloa taba kapa sehlooho feela. Kapa u ka ’na ua kōptjoa ho akaretsa boitsebiso bo tobileng bo hatisitsoeng. Ka linako tse ling u ka ’na ua fuoa litaelo tse seng kae feela. Bakeng sa likabelo tseo kaofela, u lokela ho iketsetsa kemiso ea hao.
Sampole e leqepheng la 41 e tla u bontša kamoo kemiso e khutšoanyane e ka hlophisoang kateng. Hlokomela hore ntlha ka ’ngoe e khōlō e qala ka lehlakoreng le letšehali la leqephe ’me e ngotsoe ka litlhaku tse khōlō. Ka tlas’a ntlha ka ’ngoe e khōlō ho thathamisitsoe likhopolo tse e tšehetsang. Lintlha tse eketsehileng tse tla sebelisoa ho hōlisa likhopolo tseo li thathamisitsoe ka tlas’a tsona ’me li keneletse hare hanyenyane ho tloha ka lehlakoreng le letšehali la leqephe. Hlahloba kemiso ena ka hloko. Hlokomela hore lintlha tseo tse peli tse khōlō li amana le sehlooho ka ho toba. Hape, hlokomela hore lintlha tse ka tlaasana ho tse khōlō hase feela boitsebiso bo thahasellisang. Ho e-na le hoo, ntlha ka ’ngoe e tšehetsa ntlha e khōlō eo e hlahang ka tlas’a eona.
Ha u lokisetsa kemiso ea puo, ho ka ’na ha etsahala hore e se ke ea tšoana hantle le sampole ena. Empa haeba u utloisisa melao-motheo e amehang, e tla u thusa ho hlophisa boitsebiso ba hao le ho lokisetsa puo e monate ka nako e batlang e le khutšoanyane. U lokela ho qala joang?
Hlahlobisisa, Khetha le ho Hlophisa
U lokela ho ba le sehlooho. Sehlooho sa hao hase taba feela e pharaletseng e ka ’nang ea emeloa ke lentsoe le le leng. Ke khopolo e ka sehloohong eo u batlang ho e fetisa ’me se bontša mokhoa oo u rerang ho tšohla taba ea hao ka oona. Haeba u abetsoe sehlooho, hlahloba lentsoe ka leng la sehlooho ka hloko. Haeba u il’o hōlisa sehlooho seo u se abetsoeng ka boitsebiso bo hatisitsoeng, ithute boitsebiso boo u hopotse sehlooho seo. Haeba u abetsoe taba feela, joale u tla ikhethela sehlooho. Leha ho le joalo, pele u etsa joalo, u tla fumana ho le molemo ho etsa lipatlisiso tse itseng. Ha u boloka kelello ea hao e bulehile, hangata u tla fumana likhopolo tse ncha.
Ha u ntse u sebelisa mehato ena, u ’ne u ipotse: ‘Ke hobane’ng ha boitsebiso boo bo le bohlokoa ho bamameli ba ka? Sepheo sa ka ke sefe?’ Ha ea lokela ho ba feela ho akaretsa boitsebiso kapa ho fana ka puo e monate, empa e lokela hore e be ho finyella ho hong ho tla tsoela bamameli ba hao molemo. Ha sepheo sa hao se qala ho hlaka, se ngole. U ’ne u ikhopotse sona ha u ntse u lokisetsa.
Ha u se u fumane hantle sepheo sa hao ’me u khethile sehlooho se lumellanang le sona (kapa u hlahlobisisitse kamoo sehlooho seo u se abetsoeng se lumellanang le sepheo seo kateng), u ka etsa lipatlisiso tse tobileng. Batla boitsebiso bo tla tsoela bamameli ba hao molemo ka ho khetheha. U se ke ua khotsofalla boitsebiso bo akaretsang feela, empa batla lintlha tse tobileng tse rutang le tse molemo e le kannete. Lekanyetsa boholo ba lipatlisiso tseo u li etsang. Maemong a mangata u tla ba le boitsebiso bo bongata haholo ho feta boo u ka bo sebelisang, kahoo u lokela hore u hloaee.
Qoolla lintlha tsa sehlooho tseo u lokelang ho li tšohla e le hore u hōlise sehlooho sa hao le ho finyella sepheo sa hao. Tsena e tla ba moralo oa hao, motheo oa kemiso ea hao. Ho lokela hore ho be le lintlha tse kae tsa sehlooho? Mohlomong tse peli li lekane bakeng sa puisano e khutšoanyane ’me ka tloaelo, tse hlano li lekane bakeng sa puo e nkang hora. Ha lintlha tsa sehlooho li le ’maloa, ho tla ba bonolo hore bamameli ba hao ba li hopole.
Hang ha u se u tseba sehlooho sa hao le lintlha tsa sehlooho, hlophisa boitsebiso boo u bo batlisisitseng. Khetha bo amanang ka ho toba le lintlha tsa hao tsa sehlooho. Khetha boitsebiso bo tla etsa hore nehelano ea hao e utloahale e le ncha. Ha u khetha mangolo bakeng sa ho tšehetsa lintlha tsa sehlooho, hlokomela likhopolo tse tla u thusa ho beha mabaka a utloahalang ka litemana tseo. Beha taba ka ’ngoe ka tlas’a ntlha ea eona ea sehlooho. Haeba boitsebiso bo bong bo sa tšoanele lintlha leha e le life tsa hao tsa sehlooho, bo lahle—esita leha bo thahasellisa haholo—kapa u bo kenye faeleng e le hore u bo sebelise ka nako e ’ngoe. Boloka feela boitsebiso bo molemohali. Haeba u leka ho akaretsa bo bongata haholo, u tla tlameha ho bua ka potlako haholo ’me boitsebiso ba hao e tla ba bo okōlang litaba ka holimo feela. Ho molemo ho bua lintlha tse seng kae tsa bohlokoa tse tla tsoela bamameli molemo le ho etsa joalo hantle. U se ke ua ja nako.
Mothating ona, haeba u sa etsa joalo pejana, hlophisa boitsebiso ba hao ka tatellano e hlophisehileng. Mongoli oa Kosepele, Luka, o ile a etsa joalo. Ha a se a bokeletse lintlha tse ngata tse amanang le taba ea hae, o ile a li beha “ka tatellano e hlophisehileng.” (Luka 1:3) U ka ’na ua hlophisa boitsebiso ba hao ka tatellano ea liketsahalo kapa ho ea ka lihlooho, mohlomong ho ea ka ketso le phello ea eona kapa bothata le tharollo, ho itšetlehile ka hore na ke hofe ho tla atleha bakeng sa hore u finyelle sepheo sa hao. Ha ua lokela ho tloha khopolong e ’ngoe ebe u hlahisa e ’ngoe lesumatha. U lokela ho tataisa bamameli ba hao hantle ho tloha khopolong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ho se likheo tseo ba thatafalloang ke ho li koala. Bopaki bo fanoang bo lokela ho lebisa bamameli sephethong se utloahalang. Ha u ntse u hlophisa lintlha tsa hao, nahana ka hore na nehelano e tla utloahala joang ho bamameli ba hao. Na ba tla utloa kapele hore na u re’ng? Na ba tla susumelletseha ho sebelisa seo ba se utloang, tumellanong le sepheo seo u se nahanneng?
Ho latelang, lokisetsa kenyelletso e tsosang thahasello tabeng ea hao le e bontšang bamameli ba hao hore seo u tla se bua se tla ba tsoela molemo haholo. Ho ka ’na ha e-ba molemo ho ngola lipolelo tsa hao tsa pele tse seng kae. Qetellong, lokisetsa sephetho se susumetsang se lumellanang le sepheo sa hao.
Ha u lokisetsa kemiso ea hao ea puo nako e sa le teng, u tla ba le nako ea ho e ntlafatsa pele u fana ka puo eo. Mohlomong u ka bona ho hlokahala ho tšehetsa lintlha tse itseng ka lipalo-palo tse seng kae, papiso kapa phihlelo. Ho sebelisa ketsahalo ea morao-rao kapa taba e itseng ea sebaka seo e thahasellisang ho ka thusa bamameli ba hao hore ba nolofalloe ho bona bohlokoa ba boitsebiso boo. Ha u ntse u pheta puo ea hao, u ka ’na ua hlokomela menyetla e eketsehileng ea ho fetola boitsebiso hore bo tšoanele bamameli ba hao. Mohato ona oa ho hlahlobisisa le ho ntlafatsa ke oa bohlokoa bakeng sa ho hlophisa boitsebiso bo molemo hore e be puo e atlehileng.
Libui tse ling li ka ’na tsa hloka lintlha tse ngata tse ngotsoeng ho feta tse ling. Empa haeba u hlophisa boitsebiso ba hao ka tlas’a lintlha tse seng kae feela tsa sehlooho, u tlosa boitsebiso bo sa li tšehetseng hantle ’me u beha likhopolo tsa hao ka tatellano e hlophisehileng, u tla hlokomela hore ha u ntse u tloaela, u ke ke ua hlola u ngola ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Seo se tla u bolokela nako hakaakang! ’Me boleng ba lipuo tsa hao bo tla ntlafala. Ho tla totobala hore ka sebele u rua molemo thutong ea hao ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.
-
-
Ho Lokisetsa Likabelo Tsa Seithuti Bakeng sa SekoloRua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
-
-
Ho Lokisetsa Likabelo Tsa Seithuti Bakeng sa Sekolo
KABELO e ’ngoe le e ’ngoe ea sekolo e fana ka monyetla oa ho hōla. Ikitlaetse ka hloko ’me butle-butle tsoelo-pele ea hao e tla bonahala ho uena le ho ba bang. (1 Tim. 4:15) Sekolo se tla u thusa ho ntlafatsa bokhoni ba hao haholo.
Na u ikutloa u sehoa ke letsoalo ha u nahana ka ho bua ka pel’a phutheho? Bona ke boikutlo bo tloaelehileng, esita leha u se u e-na le nako u ngolisitse sekolong. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ling tse ka u thusang ho kokobetsa letsoalo. Ha u le lapeng, itloaetse ho balla holimo khafetsa. Ha u le libokeng tsa phutheho, fana ka litlhaloso khafetsa ’me haeba u mohoeletsi, kopanela kamehla tšebeletsong ea tšimo. Sena se tla u neha phihlelo ea ho bua ka pel’a ba bang. Ho phaella moo, lokisetsa likabelo tsa hao tsa seithuti esale pele ’me u itlhakisetse ho nehelana ka tsona ka lentsoe le phahameng. Hopola hore u tla be u bua ka pel’a bamameli ba nang le botsoalle. Pele u fana ka puo leha e le efe, rapela Jehova. O thabela ho fana ka moea oa hae o halalelang ho bahlanka ba hae ba mo kōpang.—Luka 11:13; Bafil. 4:6, 7.
Bontša boinyenyefatso mabapi le seo u se lebeletseng. Ho nka nako ho ba le phihlelo ea ho ba sebui le ho ba tichere e atlehang. (Mik. 6:8) Haeba u sa tsoa ingolisa sekolong sena, u se ke ua lebella ho fana ka puo e phethahetseng hang-hang. Ho e-na le hoo, sebeletsa ntlheng e le ’ngoe ea keletso ea puo ka nako. Ithute likarolo tsa buka ena tse buang ka eona. Haeba ho khoneha, sebelisa boitlhakiso bo bontšitsoeng moo. Sena se tla u neha phihlelo litabeng tse amanang le ntlha eo ea keletso pele u nehelana ka kabelo ea hao phuthehong. Khatelo-pele e tla latela.
Mokhoa oa ho Lokisetsa Kabelo ea ’Malo
Ho lokisetsa ’malo oa phatlalatsa ho akarelletsa ho hongata ho feta feela ho khona ho bitsa mantsoe a leng boitsebisong boo u bo abetsoeng. Leka ho utloisisa ka ho hlaka seo boitsebiso boo bo se bolelang. Hang feela ha u amohela kabelo ea hao, e bale u hopotse pakane eo. Leka ho utloisisa ntlha e hatisoang polelong e ’ngoe le e ’ngoe le khopolo e hōlisoang serapeng se seng le se seng e le hore u khone ho fetisa mehopolo ka nepo le ka boikutlo bo loketseng. Botsa ba tsebang puo eo hantle mokhoa o nepahetseng oa ho bitsa mantsoe a sa tloaelehang. Tseba boitsebiso boo hantle. Ho ka ’na ha hlokahala hore batsoali ba thuse bana ba bona ho etsa sena.
Na u abetsoe ho bala karolo e itseng ea Bibele kapa mohlomong ho bala lirapa tsa sehlooho sa Molula-Qhooa? Haeba lik’hasete tsa boitsebiso boo li le teng ka puo ea hao, ho ka ba molemo haholo hore u li mamele ’me u hlokomele lintho tse kang ho bitsoa ha mantsoe, ho bōptjoa ha lipolelo, khatiso le ho fetola molumo oa lentsoe. Joale u leke ho akarelletsa litšoaneleho tsena ’malong oa hao.
Ha u qala ho lokisetsa kabelo ea hao, tiisa hore u bala ka hloko thuto e tšohlang tšoaneleho ea puo eo u e abetsoeng. Haeba ho ka khoneha, e hlahlobe hape ka mor’a hore u itlhakise ka makhetlo a ’maloa u balla holimo boitsebiso boo u bo abetsoeng. Leka ho sebelisa keletso e ngotsoeng ka hohle kamoo ho ka khonehang.
Koetliso ena e tla u thusa haholo tšebeletsong ea hao. Ha u ntse u kopanela tšebeletsong ea tšimo, u ba le menyetla e mengata ea ho balla ba bang. Kaha Lentsoe la Molimo le na le matla a ho fetola bophelo ba batho, ke habohlokoa hore u le bale hantle. (Baheb. 4:12) U se ke ua lebella hore u tla tseba lintlha kaofela tsa ’malo o atlehileng ka ho nehelana ka kabelo e le ’ngoe kapa tse peli. Moapostola Pauluse o ile a ngolla moholo oa Mokreste ea neng a e-na le phihlelo ea lilemo tse ngata, a re: “U tsoele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa.”—1 Tim. 4:13.
Ho Sebetsana le Sehlooho le Boemo ba Puo
Ha u amohela kabelo ea sekolo e akarelletsang ho nehelana ka puo boemong bo itseng, u lokela ho etsa joang?
Ho na le lintho tse tharo tsa bohlokoa tseo u lokelang ho li ela hloko: (1) sehlooho seo u se abetsoeng, (2) boemo ba puo ea hao le motho eo u tla beng u buisana le eena le (3) ntlha ea keletso eo u abetsoeng ho sebeletsa ho eona.
U lokela ho bokella boitsebiso bakeng sa sehlooho seo u se abetsoeng. Empa pele u tšoareha haholo ka hoo, nahana ka botebo ka boemo ba puo ea hao le ka motho eo u tla buisana le eena, kaha lintlha tsena li tla ama mofuta oa boitsebiso boo u tla bo tšohla le tsela eo u tla fana ka puo ea hao ka eona. U tla fana ka puo ea hao boemong bofe? Na u tla be u bontša mokhoa oa ho nehelana ka litaba tse molemo ho motho eo u mo tsebang? Kapa na u tla be u bontša se ka ’nang sa etsahala ha u kopana le motho ka lekhetlo la pele? Na motho eo o moholo kapa o monyenyane ho uena? Ke boikutlo bofe boo a ka ’nang a ba le bona ka taba eo u rerileng ho e tšohla le eena? Ho ka etsahala hore o se a tseba hakae ka taba eo? U lebeletse ho finyella pakane efe puisanong ea lōna? Likarabo tsa lipotso tseo li tla fana ka lintlha tsa bohlokoa tseo u ka li sebelisang.
Ke hokae moo u ka fumanang boitsebiso bo mabapi le taba eo u e abetsoeng? Leqepheng la 33 ho ea ho la 38 bukeng ena, ho tšohloa “Mokhoa oa ho Etsa Lipatlisiso.” Bo bale ’me ka mor’a moo u sebelise lithulusi tsa ho etsa lipatlisiso tseo u nang le tsona. Mabakeng a mangata, kapele-pele u tla fumana boitsebiso bo bongata ho feta boo u ka bo sebelisang. Bala bo lekaneng hore u hlokomele monyetla o leng teng. Leha ho le joalo, ha u ntse u etsa joalo, u hopole boemo ba puo boo u tla bo sebelisa nehelanong ea hao hammoho le motho eo u tla beng u bua le eena. Tšoaea lintlha tse loketseng tseo u ka li sebelisang.
Pele u hlophisa nehelano ea hao le ho khetha lintlha tsa ho qetela, iphe nako ea ho bala boitsebiso bo buang ka ntlha ea keletso eo u e abetsoeng. Ho sebelisa keletso eo ke le leng la mabaka a bohlokoa a kabelo ea hao.
Ka ho akaretsa boitsebiso ba hao ka nako eo u e behetsoeng, u tla khotsofalla ho fana ka sephetho sa hao, kaha u tla fuoa temoso ha nako ea hao e felile. Leha ho le joalo, tšebeletsong ea rōna ea tšimo, hase kamehla nako e amehang. Kahoo ha u ntse u lokisetsa, u nahanele boholo ba nako e leng teng, empa u lebise khatiso tabeng ea ho ruta ka mokhoa o atlehang.
Tlhahiso Mabapi le Maemo ao Puo e Fanoang Tlas’a ’Ona. Hlahloba litlhahiso tse boletsoeng leqepheng la 82 ’me u khethe e ka sebetsang tšebeletsong ea hao le e ka u lumellang ho sebelisa boitsebiso boo u bo abetsoeng ka tsela e utloahalang. Haeba u bile sekolong sena ka nako e teletsana, talima sena e le monyetla oa ho hahamalla pele le oa ho ntlafatsa bokhoni bo eketsehileng bakeng sa tšebeletso ea hao.
Haeba molebeli oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo a u abela ho fana ka puo boemong bo itseng, amohela phephetso eo. Hangata maemo ao lipuo li fanoang ho ’ona ke a ho fana ka bopaki. Haeba u e-s’o ka u paka tlas’a maemo a boletsoeng, fumana maikutlo a sa tšoaneng ka ho bua le bahoeletsi ba entseng joalo. Haeba ho ka khoneha, leka ho tšohla taba eo u e abetsoeng boemong bo tšoanang le boo u tla bo sebelisa sekolong. Sena se tla u thusa ho finyella sepheo sa bohlokoa sa koetliso ea hao.
Ha Nehelano e Lokela ho Fanoa e le Puo
Haeba u monna, u ka ’na ua abeloa ho fana ka puo e khutšoanyane phuthehong. Ha u lokisetsa lipuo tsena, lintlha tsa motheo tseo u lokelang ho li hlokomela li tšoana le tse seng li thathamisitsoe bakeng sa likabelo tsa seithuti tse fanoang e le lipontšo. Phapang e khōlō e teng ke bamameli le mokhoa oa nehelano.
Ka tloaelo, ho molemo ho lokisetsa boitsebiso ba hao ka tsela e tla ruisa bamameli bohle molemo. Bongata ba ba leng teng bo se bo tseba linnete tsa motheo tsa Bibele. Ho ka etsahala hore ebe ba tseba hantle taba eo u abetsoeng ho bua ka eona. Nahana ka seo ba seng ba se tseba ka taba ea hao. Leka ka matla ho etsa hore ba rue molemo o itseng nehelanong ea hao. Ipotse: ‘Nka sebelisa taba ea ka joang ho tebisa kananelo ea ka le ea bamameli bakeng sa Jehova joaloka motho? Boitsebiso boo bo fupere eng e tla re thusa ho lemoha thato ea Molimo? Boitsebiso boo bo ka re thusa joang hore re etse liqeto tse bohlale lefatšeng le busoang ke litakatso tsa nama?’ (Baef. 2:3) Hore u fumane likarabo tse khotsofatsang lipotsong tseo u lokela ho etsa lipatlisiso. Ha u sebelisa Bibele, leka hore u se ke ua khotsofalla ho bala litemana feela. Beha mabaka ka mangolo ao u a sebelisang ’me u bontše kamoo a fanang ka motheo oa ho etsa liqeto. (Lik. 17:2, 3) U se ke ua leka ho akaretsa boitsebiso bo bongata haholo. Nehelana ka boitsebiso ba hao ka tsela e tla etsa hore ho be bonolo ho bo hopola.
Hape tokisetso ea hao e lokela ho akarelletsa le ho lebisa tlhokomelo mokhoeng oa hao oa ho nehelana ka puo. U se ke ua nyenyefatsa bohlokoa ba sena. Itlhakisetse ho fana ka puo ea hao ka lentsoe le phahameng. Boiteko boo u bo etsang ha u ithuta le ha u sebelisa keletso e mabapi le litšoaneleho tse sa tšoaneng tsa puo bo tla tlatsetsa haholo tsoelo-peleng ea hao. Ho sa tsotellehe hore na u sebui se secha kapa se nang le phihlelo, lokisetsa hantle e le hore u khone ho bua ka sebete le ka boikutlo bo tšoanelang boitsebiso ba hao. Ha u ntse u phetha kabelo ka ’ngoe sekolong, u hopole pakane ea hao ea ho sebelisa mpho ea ho bua eo u e filoeng ke Molimo bakeng sa ho tlotlisa Jehova.—Pes. 150:6.
-
-
Ho Lokisetsa Lipuo Tse Tobisitsoeng PhuthehongRua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
-
-
Ho Lokisetsa Lipuo Tse Tobisitsoeng Phuthehong
LENANEO la Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le lokiselitsoe ho ruisa phutheho eohle molemo. Hape ho fanoa ka boitsebiso ba bohlokoa libokeng tse ling tsa phutheho hammoho le likopanong tse nyenyane le tse khōlō. Haeba u abetsoe puo ho le leng la mananeo ana, u filoe boikarabelo bo boholo. Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa molebeli oa Mokreste Timothea hore kamehla a ele hloko ho ruta ha hae. (1 Tim. 4:16) Ba bang teng lipokanong tsa Bokreste ba behetse nako ea bohlokoa ka thōko—’me ba bang ba entse boiteko bo boholo—hore ba be teng bakeng sa ho tla rutoa litaba tse amanang le kamano ea bona le Molimo. Ka sebele ke tokelo e khōlō ka ho fetisisa ho fana ka thupelo e joalo! U ka etsa joang hore u phethe tokelo eo hantle?
Lintlha Tse Khōlō Tsa ’Malo oa Bibele
Karolo ena ea sekolo e thehiloe ’malong oa Bibele o abetsoeng beke eo. Khatiso e lokela ho lebisoa tabeng ea hore na boitsebiso boo bo re ama joang kajeno. Joalokaha ho tlalehiloe ho Nehemia 8:8, Esdrase le metsoalle ea hae ba ile ba bala Lentsoe la Molimo phatlalatsa, ba le hlalosa, ‘ba kenya moelelo ho lona’ le ho etsa hore le utloisisoe. Ho fana ka lintlha tse khōlō tsa Bibele ho u neha monyetla oa hore le uena u etse se tšoanang.
U lokela ho lokisetsa kabelo eo joang? Haeba ho khoneha, bala karolo ea Bibele eo u e abetsoeng beke esale pele kapa ho feta. Joale nahana ka phutheho ea heno le litlhoko tsa eona. E rapelle. Ke keletso efe, ke mehlala efe, ke melao-motheo efe e leng karolong ee ea Lentsoe la Molimo e finyellang litlhoko tseo?
Ho etsa lipatlisiso ke habohlokoa. Na Watchtower Library e ho CD-ROM kapa index e hlahang ho Molula-Qhooa qetellong ea selemo li teng ka puo ea hao? Haeba li le teng, li sebelise hamolemo. Ha u etsa lipatlisiso ka se hatisitsoeng mabapi le litemana tseo u khethileng ho lebisa tlhokomelo ho tsona, u ka ’na ua fumana boitsebiso bo rutang bo tšehetsang taba, ho hlalosoa ha phethahatso ea boprofeta, ho hlahlobisisoa ha seo litemana tse itseng li se senolang ka Jehova kapa moo ho tšohloang melao-motheo e itseng. U se ke ua leka ho akaretsa lintlha tse ngata haholo. Lebisa tlhokomelo litemaneng tse seng kae feela tseo u li khethileng. Ho molemo hore u akaretse litemana tse seng kae ’me u etse hoo hantle.
Kabelo ea hao e boetse e ka hloka hore u kōpe bamameli ho hlalosa kamoo ba ruileng molemo kateng ’malong oa Bibele oa beke eo. Ba fumane eng e tla ba thusa thutong ea boinotšing le ea lelapa kapa tšebeletsong ea bona kapa tseleng ea bona ea bophelo? Ke litšoaneleho life tsa Jehova tse ileng tsa bonahala litšebelisanong tsa hae le batho le lichaba? Bamameli ba ithutile eng e matlafalitseng tumelo ea bona le ho hōlisa kananelo ea bona bakeng sa Jehova? U se ke ua lebisa tlhokomelo haholo lintlheng tse rarahaneng. Hatisa moelelo le molemo o sebetsang oa lintlha tseo u li khethileng.
Puo ea Taeo
E thehiloe boitsebisong bo hatisitsoeng, bo kang sehlooho sa Molula-Qhooa kapa Tsoha! kapa mohlomong karolong e itseng ea buka. Mabakeng a mangata ho ba le boitsebiso bo bongata haholo bakeng sa nako eo u e behetsoeng. U lokela ho fana ka puo ee joang? U lokela ho e fana joaloka mosuoe, eseng joaloka motho ea akaretsang boitsebiso feela. Molebeli e lokela ho ba “ea tšoanelehelang ho ruta.”—1 Tim. 3:2.
Qala ho lokisetsa ka ho ithuta boitsebiso boo u bo abetsoeng. Phetla mangolo. Thuisa. Leka ho etsa hoo pele ho letsatsi la puo ea hao. Hopola hore barab’abo rōna ba khothalletsoa hore ba bale esale pele boitsebiso bo hatisitsoeng boo puo eo e thehiloeng ho bona. Kabelo ea hao hase feela ho pheta boitsebiso boo kapa ho bo akaretsa empa ke ho bontša kamoo bo ka sebelisoang kateng. Sebelisa likarolo tse loketseng tsa boitsebiso boo ka tsela e tla ruisa phutheho molemo e le kannete.
Feela joalokaha ngoana e mong le e mong a e-na le botho ba hae, phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e na le litšobotsi tsa eona tse ikhethang. Motsoali ea tsebang ho ruta ha a phetele ngoana oa hae melao ea boitšoaro feela. O behelana mabaka le ngoana. O nahanela botho ba ngoana le mathata ao ngoana a loantšanang le ’ona. Ka tsela e tšoanang, mesuoe ka phuthehong e leka ho utloisisa litlhoko tsa sehlopha seo e buang le sona. Leha ho le joalo, mosuoe ea nang le temoho o tla qoba ho sebelisa mehlala e ka ’nang ea khopisa e mong ka har’a bamameli. O tla bontša melemo e seng e bile teng ka lebaka la ho tsamaea tseleng ea Jehova ’me o tla hatisa keletso ea Mangolo e tla thusa phutheho ho sebetsana ka katleho le mathata ao e tobanang le ’ona.
Ho ruta ho molemo ho ama lipelo tsa bamameli. Ha ho hloke feela ho bolela lintlha empa ho boetse ho hloka ho hōlisa kananelo bakeng sa se boleloang ke lintlha tsena. Ho hloka ho bontša kameho ea sebele ho ba rutoang. Balisa ba moea ba lokela ho tseba mohlape. Haeba ka lerato ba hopola mathata ao ba bang ba talimanang le ’ona, ba tla khona ho bua ka mokhoa o khothatsang, o bontšang kutloisiso, kutloelo-bohloko le qenehelo.
Joalokaha mesuoe e atlehang e tseba, sepheo sa puo se lokela ho hlaka hantle. Boitsebiso bo lokela ho fanoa ka mokhoa o tla etsa hore lintlha tse khōlō li totobale le ho hopoleha. Bamameli ba lokela ho hopola mehopolo e thusang e tla ama bophelo ba bona.
Seboka sa Tšebeletso
Ha u fana ka puo e thehiloeng sehloohong sa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, phephetso e ka ba e fapaneng ka tsela e itseng. Mona u tla fumana hore hangata u kōptjoa hore u fetisetse boitsebiso bohle bo fanoeng ho bamameli, eseng hore u ikhethele bo loketseng haholo. Thusa bamameli ho nahana ka mangolo a bōpang motheo oa keletso leha e le efe e fanoeng. (Tite 1:9) U abetsoe nako e lekanyelitsoeng, ’me mabakeng a mangata e ke ke ea u lumella ho kenyelletsa boitsebiso bo eketsehileng.
Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua abeloa ho nehelana ka boitsebiso bo sa hlaheng sehloohong sa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Ho ka ’na ha fanoa ka tšupiso ea sehlooho sa Molula-Qhooa, kapa kabelo e ka ’na ea akarelletsa lintlha tse seng kae tse khutšoanyane. Ho tla itsoela ho uena joaloka mosuoe hore u akaretse boitsebiso boo u bo abetsoeng u nahanne ka litlhoko tsa phutheho. Ho ka ’na ha hlokahala hore u sebelise papiso e khutšoanyane e tobileng, kapa u phete phihlelo e loketseng. Hopola hore kabelo ea hao hase ho bua feela ka taba e itseng empa ke ho e fana ka tsela e tla thusa phutheho ho etsa mosebetsi oo Lentsoe la Molimo le o behileng le ho thabela ho etsa joalo.—Lik. 20:20, 21.
Ha u ntse u lokisetsa kabelo ea hao, nahana ka maemo a ba leng ka phuthehong. Ba babatse ka seo ba ntseng ba se etsa. Ho sebelisa ha bona litlhahiso tse fanoeng boitsebisong bo abiloeng ho ka eketsa katleho ea bona le thabo ea bona tšebeletsong joang?
Na kabelo ea hao e hloka hore ho etsoe pontšo kapa ho be le puisano? Haeba ho joalo, e lokela ho lokisetsoa esale pele. Ho ka ’na ha bonahala ho ipiletsa hore u kōpe motho e mong feela hore a etse litokisetso tseo, empa hase kamehla hoo ho hlahisang liphello tse molemohali. Haeba ho khoneha, hlahloba pontšo eo kapa puisano pele ho letsatsi la seboka. Tiisa hore karolo ena ea puo ea hao e fanoa ka mokhoa oo ka sebele o etsang hore thuto e fanoang e ipiletse.
Likopano Tse Nyenyane le Tse Khōlō
Barab’abo rōna ba ntlafalitseng litšoaneleho tse ntle tsa moea le bao e bang libui tse atlehang tsa phatlalatsa le mesuoe ka mor’a nako e itseng ba ka kōptjoa hore ba be le karolo lenaneong la kopano e nyenyane kapa e khōlō. Ka sebele tsena ke linako tse khethehileng tsa thuto ea puso ea Molimo. Kabelo e joalo e ka ’na ea tla e le puo e baloang, kemiso ea puo, litaelo tsa tšoantšiso ea Bibele e sebetsang mehleng ea kajeno, kapa e le serapa feela se nang le litaelo. Haeba u filoe tokelo ea ho sebeletsa lenaneong le joalo, ithute boitsebiso boo u bo filoeng ka hloko. Sebetsana le bona ho fihlela u utloisisa bohlokoa ba bona.
Ba abetsoeng puo e baloang ba lokela ho bala boitsebiso boo lentsoe ka lentsoe. Ha ba fetole boitsebiso boo kapa ho bo beha ka tsela e ’ngoe. Ba ithuta bona hore ba hlalohanye hantle lintlha tsa bohlokoa le kamoo li hōlisitsoeng kateng. Ba itlhakisa ka ho bala ka lentsoe le phahameng ho fihlela ba khona ho nehelana ka puo eo ka ho hatisa mohopolo hantle, ka cheseho, ka mofuthu, ka boikutlo, ka khothalo le ka kholiseho, esita le ka molumo le matla a loketseng bamameli ba bangata.
Barab’abo rōna ba abetsoeng puo e thehiloeng kemisong ea puo ke bona ba ikarabellang bakeng sa ho hōlisa boitsebiso ba bona ka mokhoa o khomarelang kemiso eo ea puo haufi-ufi. Ho e-na le hore sebui se bale kemiso ea puo kapa ho e lokisetsa joaloka puo e baloang, se lokela ho fana ka boitsebiso boo se sa sheba pampiring, e be ho tsoa pelong. Ho bohlokoa hore se khomarele nako e behiloeng kemisong ea puo e le hore se nehelane ka ntlha ka ’ngoe e khōlō e bontšitsoeng ka mokhoa o hlakileng. Sebui se lokela ho sebelisa hamolemo mehopolo le mangolo a thathamisitsoeng tlas’a lintlha tse khōlō. Ha sea lokela ho kenyelletsa lintlha tsa sona tse eketsehileng ebe se siea se leng kemisong. Ho hlakile hore Lentsoe la Molimo ke lona motheo oa thuto. Boikarabelo ba baholo ba Bakreste ke ho ‘bolela lentsoe.’ (2 Tim. 4:1, 2) Kahoo sebui se lokela ho lebisa tlhokomelo e khethehileng mangolong a leng kemisong ea puo—se nahane ka ’ona le ho bontša kamoo a sebetsang kateng.
U se ke Ua Lieha ho Etsa Lintho
Na u sebeletsa phuthehong eo ho eona ho nang le menyetla e mengata ea ho fana ka lipuo? U ka tiisa joang hore u li neha tlhokomelo e lekaneng kaofela ha tsona? Qoba ho lokisetsa lipuo tsa hao ka motsotso oa ho qetela.
Lipuo tseo ka sebele li ruisang phutheho molemo li lokela ho nahanoa esale pele. Ka hona, itloaetse ho bala boitsebiso ba kabelo e ’ngoe le e ’ngoe hang feela ha u e fumana. Sena se tla u thusa ho thuisa ka bona ha u ntse u tsoela pele ka mesebetsi e meng. Matsatsi kapa libeke pele u fana ka puo ea hao, u ka ’na ua utloa litlhaloso tse u thusang ho bona kamoo u ka sebelisang boitsebiso boo ka tsela e molemohali kateng. Ho ka ’na ha hlaha maemo a bontšang ho ba nakong ha boitsebiso boo. Ho hloka nako hore u bale le ho nahana ka kabelo ea hao hang feela ha u e fumana, empa ena ke nako e sebelisitsoeng hamolemo. Qetellong ha u lula fatše ho etsa kemiso ea puo, u tla kotula melemo ea hore ebe u ile ua e nahana hantle esale pele. Ho sebetsana le likabelo ka tsela ena ho tla fokotsa khatello ea kelello haholo ’me ho tla u thusa ho fana ka boitsebiso ka mokhoa o utloahalang le o fihlang lipelong tsa ba leng ka phuthehong.
Ho ea bohōleng boo u ananelang mpho eo u e filoeng mabapi le lenaneo la Jehova la ho ruta batho ba hae, u tla mo tlotlisa ’me u tla fetoha tlhohonolofatso ho ba mo ratang.—Esa. 54:13; Bar. 12:6-8.
-
-
Ho Lokisetsa Lipuo Tsa PhatlalatsaRua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
-
-
Ho Lokisetsa Lipuo Tsa Phatlalatsa
BEKE le beke, liphutheho tse ngata tsa Lipaki tsa Jehova li lokisetsa hore ho be le puo ea phatlalatsa e thehiloeng tabeng e itseng ea Mangolo. Haeba u moholo kapa mohlanka ea sebeletsang, na u iponahatsa u le sebui sa phatlalatsa se atlehang, u le mosuoe? Haeba ho joalo, u ka ’na ua kōptjoa hore u fane ka puo ea phatlalatsa. Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se thusitse barab’abo rōna ba likete tse mashome ho tšoanelehela tokelo ena ea tšebeletso. Ha u abetsoe ho fana ka puo ea phatlalatsa, u lokela ho qala ka ho etsa’ng?
Ithute Kemiso ea Puo
Pele u etsa lipatlisiso leha e le life, bala kemiso ea puo ’me u thuise ka eona ho fihlela u e utloisisa. Tebisa moko-taba oa eona ka kelellong, e leng sehlooho sa puo. U il’o ruta bamameli ba hao eng? Sepheo sa hao ke sefe?
Tloaelana le lihlooho tse khōlō. Hlahlobisisa lintlha tseo tse khōlō. Ntlha ka ’ngoe e hokahana le sehlooho joang? Ka tlas’a ntlha ka ’ngoe e khōlō, ho thathamisitsoe lintlha tse nyenyane tse ngata. Lintlha tse tšehetsang lintlha tseo tse nyenyane li thathamisitsoe ka tlas’a tsona. Hlokomela kamoo karolo ka ’ngoe ea kemiso ea puo e tlatsetsang kateng ho e tlang pele ho eona, kamoo e u lebisang ho e latelang le ho thusa ho finyella sepheo sa puo kateng. Hang ha u utloisisa moko-taba, sepheo sa puo le kamoo lintlha tse khōlō li finyellang morero oo kateng, joale u se u loketse ho hōlisa boitsebiso boo.
Qalong u ka ’na ua fumana ho le molemo ho nahana ka puo ea hao e le lipuo tse khutšoanyane tse ’nè kapa tse hlano, puo ka ’ngoe e e-na le ntlha e khōlō. Li lokisetse ka bonngoe.
Kemiso e fanoeng ke thulusi ea ho lokisetsa. Ha ea etsetsoa hore u fane puo ea hao ka eona e le joalo. E joaloka masapo a ’mele. U lokela ho a kenya linama, ka tsela ea tšoantšetso, u a fe pelo ’me u a phelise.
Ho Sebelisa Mangolo
Jesu Kreste le barutuoa ba hae ba ile ba theha thuto ea bona Mangolong. (Luka 4:16-21; 24:27; Lik. 17:2, 3) Le uena u ka etsa joalo. Mangolo e lokela ho ba ’ona motheo oa puo ea hao. Ho e-na le ho hlalosa le ho sebelisa lipolelo tse boletsoeng kemisong e fanoeng, hlokomela kamoo Mangolo a tšehetsang lipolelo tseo kateng, ’me u rute ka ho sebelisa Mangolo.
Ha u ntse u lokisetsa puo ea hao, hlahloba temana ka ’ngoe e bontšitsoeng kemisong ea puo. Ela hloko litemana tse e potolohileng. Litemana tse ling li ka fana ka boitsebiso feela bo thusang. Ha ho hlokahale hore li baloe kapa li hlalosoe kaofela ha u fana ka puo ea hao. Khetha tse tšoanelang bamameli ba hao hantle. Ha u ka lebisa tlhokomelo mangolong a bontšitsoeng kemisong ea puo e hatisitsoeng, mohlomong ho ke ke ha hlokahala hore u sebelise Mangolo a eketsehileng.
Ho atleha ha puo ea hao ho itšetlehile ka boleng ba ho ruta, eseng ka bongata ba mangolo a sebelisitsoeng. Ha u kenyelletsa mangolo, bontša hore na ke hobane’ng ha a sebelisoa. Iphe nako ea ho hlalosa hore na a sebetsa joang. Ha u qeta ho bala lengolo, lula u phetlile Bibele ea hao ha u ntse u tšohla temana eo. Bamameli ba hao ba tla etsa se tšoanang. Ke joang u ka tsosang thahasello ea bamameli ba hao le ho ba thusa ho rua molemo ka botlalo Lentsoeng la Molimo? (Neh. 8:8, 12) U ka etsa sena ka ho hlalosa, ka papiso le ka tšebeliso ea taba.
Ho hlalosa. Ha u lokisetsa ho hlalosa temana ea bohlokoa, ipotse: ‘E bolela’ng? Ke hobane’ng ha ke e sebelisa puong ea ka? E tlameha ebe bamameli ba ipotsa’ng ka temana ee?’ Mohlomong ho tla hlokahala hore u hlahlobe litemana tse e potolohileng, semelo, boemo, sefutho sa mantsoe ao, morero oa mongoli eo ea bululetsoeng. Sena se hloka hore u etse lipatlisiso. U tla fumana boitsebiso bo bongata ba bohlokoa likhatisong tse lokiselitsoeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45-47) U se ke ua leka ho hlalosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka temana eo, empa hlalosa hore na ke hobane’ng ha u itse bamameli ba hao ba e bale mabapi le ntlha e ntseng e tšohloa.
Papiso. Morero oa lipapiso ke ho lebisa bamameli ba hao kutloisisong e tebileng kapa ho ba thusa ho hopola ntlha kapa molao-motheo oo u o boletseng. Lipapiso li thusa batho ho utloisisa seo u ba boleletseng sona le ho se amahanya le seo ba seng ba se tseba. Jesu le eena o ile a etsa joalo ha a ne a fana ka Thuto ea hae ea Thabeng e tsebahalang. “Linonyana tsa leholimo,” “likhahla tsa naha,” “heke e moqotetsane,” ‘ntlo e holim’a lefika,’ le lipolelo tse joalo tse ngata li ile tsa etsa hore thuto ea hae e be e matla, e hlakileng le e sa lebaleheng.—Mat., likhao. 5–7.
Tšebeliso ea taba. Ho hlalosa le ho etsa papiso ka lengolo ho tla fana ka tsebo, empa ho sebelisa tsebo eo ke hona ho tlisang litholoana. Ke ’nete hore ke boikarabelo ba batho ba u mametseng ho nka khato ka molaetsa oa Bibele, empa u ka ba thusa ho lemoha seo ba lokelang ho se etsa. Hang feela ha u kholisehile hore batho ba u mametseng ba utloisisa temana e ntseng e tšohloa le hore ba bona kamoo e amanang kateng le ntlha e boletsoeng, iphe nako ho ba bontša tšusumetso ea eona tumelong le boitšoarong. Totobatsa melemo ea ho tlohela mehopolo e fosahetseng kapa boitšoaro bo sa lumellaneng le ’nete e ntseng e tšohloa.
Ha u ntse u nahana kamoo u ka sebelisang mangolo kateng, u hopole hore batho ba u mametseng ba tsoa limelong tse sa tšoaneng ’me ba tobana le maemo a mangata a fapa-fapaneng. E ka ’na eaba ke batho ba sa tsoa thahasella, bacha, batho ba hōlileng kapa batho ba loantšanang le mathata a sa tšoaneng a botho. Etsa hore puo ea hao e be e sebetsang le ea sebele. Qoba ho fana ka keletso e utloahalang eka u nahanne ka batho ba seng bakae feela.
Liqeto Tsa Sebui
U se u etselitsoe liqeto tse itseng mabapi le puo ea hao. Lintlha tse khōlō li bontšitsoe ka ho hlaka, le nako eo u lokelang ho e sebelisa ha u tšohla sehlooho ka seng se seholo e bontšitsoe ka ho hlaka. Liqeto tse ling u lokela ho iketsetsa tsona. U ka ’na ua khetha ho sebelisa nako e ngata kapa e nyenyane lintlheng tse itseng tse nyenyane. U se ke ua nka hore u lokela ho akaretsa ntlha e ’ngoe le e ’ngoe e nyenyane ka tekanyo e tšoanang. Ho etsa joalo ho ka etsa hore u fane ka boitsebiso u potlakile ’me ho ferekanye bamameli ba hao. U ka tseba joang hore na ke bofe boo u ka bo hōlisang haholoanyane le hore na ke bofe boo u ka bo bolelang ka bokhutšoanyane, kapa hanyenyane feela? Ipotse: ‘Ke lintlha life tse ka nthusang ho fetisa mohopolo o ka sehloohong oa puo? Ke life tse bonahalang li e-na le monyetla o moholohali oa ho ruisa batho ba ’mametseng molemo? Na ho siea lengolo le itseng le bontšitsoeng le ntlha e amanang le lona ho ka senya tatellano ea bopaki bo fanoang?’
Ela hloko hore u qobe ho kenya khopolo-taba kapa maikutlo a hao. Esita le Mor’a Molimo, Jesu Kreste, o ile a qoba ho bua ‘ka ho iqalla.’ (Joh. 14:10) Utloisisa hore lebaka leo batho ba tlang libokeng tsa Lipaki tsa Jehova ka lona ke ho tla utloa ha ho tšohloa Bibele. Haeba u tsejoa u le sebui se hloahloa, mohlomong ke hobane u itloaelitse ho lebisa tlhokomelo Lentsoeng la Molimo, eseng ho uena. Lebaka lena ke lona le etsang hore ho thabeloe lipuo tsa hao.—Bafil. 1:10, 11.
Ha e le mona u se u entse hore kemiso e bonolo e fetohe tlaleho e matla ea Mangolo, joale u lokela ho itlhakisetsa puo ea hao. Ho molemo ho etsa joalo ka lentsoe le phahameng. Ntho ea bohlokoa ke ho tiisa hore u hopola lintlha kaofela hantle. U lokela ho fana ka puo ea hao ka kholiseho, u etse hore boitsebiso boo bo phele ’me u nehelane ka ’nete ka cheseho. Pele u fana ka puo ea hao, ipotse: ‘Ke rerile ho finyella eng? Na lintlha tse khōlō li totobetse? Na ka sebele ke entse hore Mangolo e be ’ona motheo oa puo ea ka? Na ntlha ka ’ngoe e khōlō e hokahana hantle le e latelang? Na puo e haha kananelo bakeng sa Jehova le litokisetso tsa hae? Na sephetho se amana ka ho toba le sehlooho, se bontša bamameli hore na ba etse’ng le ho ba susumelletsa ho etsa feela joalo?’ Haeba u ka khona ho arabela lipotso tsena ka e, joale u tla be u loketse ‘ho etsa se molemo ka tsebo,’ molemong oa phutheho le bakeng sa tlotliso ea Jehova!—Liprov. 15:2.
-